Ho Sireletseha ha Hao ho Itšetlehile ka Eng?
Motsaneng o mong o monyenyane oa Afrika Bophirimela, Josué e mocha o salisa ba lelapa le metsoalle hantle.a A ntan’o kena tseleng e lebang motseng o moholo oa toropo ho ea batla maemo a sireletsehileng a lichelete. Leha ho le joalo, nakoana feela a fihlile, a qala ho nyahama ha a hlokomela hore motse oo oa toropo ha oa aloa khauta litseleng.
JOSUÉ o ile a felloa ke tšepo ha a ntse a sokola ho tloaela bophelo ba motseng oa toropo. Motse o moholo oa toropo o ne o fapane hōle le seo a neng a se lebeletse. Ka nako ena eohle, tlaase botebong ba pelo, Josué o ne a lakatsa ho khutlela ho ba habo le ho metsoalle ea hae motsaneng oa habo oa maemo a tlaase oo a neng a o siile morao. Empa o ne a tšaba hore batho ba motsana oa habo ba tla mo soma. O ne a tšoenyehile, a re: ‘Ba tla re ke lekoala, kaha ke sitoa ho phela motseng oa toropo.’
Ho neng ho mo sithabetsa le ho feta ke masoabi a ka ’nang a aparela batsoali ba hae. Ba tšepile eena hore a ba thuse ka lichelete. Ha a ntse a leka ho kolokochana le boemo bona bo sithabetsang, Josué o sebetsa lihora tse ngata mosebetsing oa boemo bo tlaase o bileng o lefang chelete e nyenyane ho eo a neng a nahana hore o tla e fumana. O ne a khathala ke ho sebetsa ka thata. Nako e neng e salla mesebetsi ea Bokreste, eo a e nkang e le ea bohlokoa haholo, e ne e fokotseha beke le beke. A le hōle le mofuthu oa lelapa labo le metsoalle ea hae ea khale, o ile a sareloa le ho qetoa ke bolutu. O ile a hlokomela hore motse oa toropo ha oa mo fa tšireletseho eo a neng a e lakatsa hakana.
Le hoja mabitso le libaka li fapana, phihlelo ena e bohloko ea Josué e phetoa khafetsa. Hase hore Josué e ne e le moithati ha a batla ho falla—o ne a mpa a batla maemo a sireletsehileng. O ne a nahana ka tieo hore ha a le motseng oa toropo o tla ba le menyetla e molemonyana ho feta ha a le motsaneng oa habo o monyenyane. Ke ’nete hore ka linako tse ling motho a ka ’na a ntlafatsa boemo ba hae ba lintho tse bonahalang, empa seo hase bolele tšireletseho ea sebele. Ha hoa ka ha e-ba joalo ho Josué e bile ho ke ke ha e-ba joalo ho ba bang ba bangata ba lekang ho etsa se tšoanang. Sena se etsa hore re ipotse, ‘Tšireletseho ke eng?’
Tšireletseho e utloisisoa ka litsela tse sa tšoaneng ke batho ba sa tšoaneng. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e re tšireletseho ke “ho lokoloha kotsing” kapa “ho lokoloha tšabong kapa matšoenyehong.” Batho ba bangata baa hlokomela hore “ho lokoloha [ka ho feletseng] kotsing” ha ho etsahale kajeno. Ba khotsofalla feela ho ikutloa ba sireletsehile, ho sa tsotellehe maemo a sokelang ao e ka ’nang eaba a ba potolohile.
Ho thoe’ng ka uena? U batla tšireletseho hokae? Na e fumanoa motseng oa toropo ho fapana le motsaneng, joalokaha Josué a ne a nahana? Na e fumanoa cheleteng, ho sa tsotellehe hore na u e fumana hokae kapa joang? Kapa na mohlomong e fumanoa ka ho ba le maemo a phahameng sechabeng? Ho sa tsotellehe hore na u lumela hore ho sireletseha ha hao ho itšetlehile ka eng, ho tla tšoarella halelele hakae bakeng sa hao le lelapa la hao?
A re hlahlobeng litsela tse tharo tseo ba bangata ba batlang tšireletseho ka tsona—ho ba sebakeng se itseng; chelete; maemo, kapa ho hlahella. Hamorao re tla hlahloba seo tšireletseho ea sebele, e tšoarellang e itšetlehileng ka sona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso le fetotsoe.