Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 11/8 leq. 18
  • Pholoso e Hapang Tlhokomelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pholoso e Hapang Tlhokomelo
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baa ba Pholosa
  • Ho Sireletseha ha Hao ho Itšetlehile ka Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Tšisinyeho ea Lefatše Haiti—Kamoo Tumelo le Lerato li Bontšitsoeng Kateng
    Tsoha!—2010
  • Litlhohonolofatso Tsa ho Eteletsa Molimo Pele
    Tsoha!—2009
  • Na Motho a ka Etsa Mesebetsi e Metle ka Sabatha?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 11/8 leq. 18

Pholoso e Hapang Tlhokomelo

Ka mongolli oa Tsoha! BENIN

“HORE ebe banna bao ba bararo baa phela, ke kahobane feela ba pholositsoe ke Lipaki tsa Jehova!” Tsena ke litaba tse ileng tsa phatlalla joaloka hlaha ho pholletsa le motse oa Calavi, naheng ea Afrika Bophirimela ea Benin, ka Laboraro la la 19 April, 2000. Banna bao ba bararo ke bo-mang, hona Lipaki tsa Jehova li ile tsa ba pholosa joang?

Hoo e ka bang ka 6:30 hoseng, Philippe Elegbe le Roger Kounougbe ba ne ba itokisetsa ho sebetsa mabaleng a holo ea kopano ea Lipaki tsa Jehova, e haufi le ofisi ea lekala ea Benin ea Mokhatlo oa Watch Tower. Mantsiboeeng ao ba makholo ba ne ba tla bokana teng bakeng sa Sehopotso sa selemo le selemo sa lefu la Jesu Kreste.a Ka tšohanyetso, ho ile ha utloahala molumo o thibang litsebe o ileng oa senya khutso e nang le khotso e neng e le teng hoseng hoo. Hang-hang Philippe le Roger ba ile ba lemoha hore ho bile le kotsi tseleng e khōlō.

Metsotsoana hamorao ba ile ba utloa motho a hoeletsa: “Basebetsi ba ka ba bararo ba ntseng ba ithuta mosebetsi ba oetsoe ke mekotla ea samente!” Philippe le Roger ba ile ba mathela tseleng e khōlō. Teng ba ile ba bona teraka ea lithane tse 20 e bothile ka lehlakore. Mekotla e mengata e tletseng samente e ne e tsoile ka terakeng.

Josué Didolanvi, eo le eena a sebetsang mabaleng a holo ea kopano, o ne a se a ntse a le moo kotsi e etsahetseng teng, a hula motho pakeng tsa hlooho ea teraka le mekotla ea samente. Mokhanni ea neng a intšitse ka terakeng, o ne a ferekane maikutlong. Empa o ile a ba le matla a ho hoeletsa: “Ho sa ntse ho e-na le batho ba babeli ka tlas’a mekotla ea samente!” Bashebelli ba bang ba ile ba qala ho tlosa mekotla, empa ba ile ba tlohela ka potlako ka lebaka la mocheso o matla. Samente eo e ne e qeta ho ntšoa ontong femeng!

Baa ba Pholosa

Philippe, Roger le Josué ba ile ba qala ho sebetsana le mekotla ena e mengata ea samente, ba tlosa o le mong ka nako. Matsoho a bona a ne a opa ka lebaka la mocheso le boima ba mekotla eo ea lik’hilograma tse 50 o le mong. Ntho e ileng ea mpefatsa litaba le ho feta ke hore samente e ne e tsoa mekotleng e tabohileng, e ba ntša machachetsi menoaneng ’me e ba sitisa ho hema. Hamorao Josué o ile a re: “Matsoho a ka a ne a choachoasela, haholo-holo menoana ea ka. Empa ke ne ke nahana hore ho ka ’na ha e-ba le monyetla oa ho pholosa mang kapa mang ea neng a le ka tlas’a mekotla eo.”

Ka mor’a ho tlosa mekotla e ka bang 40, banna bana ba bararo ba ile ba bona moseme oa joang. Ba ile ba makala ha ba fumana banna ba babeli moo—hona tlas’a moseme. Ba ne ba phela! Ha kotsi e etsahala, banna bana ba ne ba palame teraka ka morao ba robetse holim’a moseme o neng o koahetse mekotla ea samente. Ha ba oela terakeng, moseme o ile oa ba koahela, oa ba sireletsa mekotleng ea samente e chesang e neng e ba oetse holimo.

Nakong ea pholoso ena le ka mor’a eona, ho ile ha bokana sehlopha se seholo sa bashebelli. Bohle ba ne ba tsota Philippe, Roger le Josué ba ileng ba khona ho tlosa mekotla ea samente e boima ba lithane tse peli ka potlako e kaalo le hona e le tlas’a maemo a mabe hakaalo. Hape ba ne ba anngoe ke hore banna bana ba bararo ba ile bohōleng bona bakeng sa ho thusa batho bao le ho ba tseba ba neng ba sa ba tsebe. Ka potlako e mong le e mong Calavi ho ne ho bonahala a tseba ka boiteko ba bona bo sebete.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E le ho utloa taelo ea Jesu, Lipaki tsa Jehova li keteka mokete ona o halalelang oa sehopotso selemo le selemo.—Luka 22:19.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Roger o tšoere moseme ka mor’a pholoso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela