Ho se Sireletsehe—Boloetse bo Aparetseng Lefatše Lohle
NA KA linako tse ling u ee u ikutloe eka bophelo ba hao le tsela eo u phelang ka eona li kotsing ea tlhaselo kapa ea ho se tsitse? Hase uena feela. Batho ba limilione ba ikutloa ka tsela eo. Ho se sireletsehe ho kekelang joaloka boloetse, ho amang batho ho tloha Moscow ho ea Manhattan, ho tlōla mekoallo ea bochaba, bolumeli le maemo a kahisano.
Ho ea ka buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe, ha bophelo ba rōna bo sa sireletseha, re “apareloa ke tšabo le ho tšoenyeha.” Ho tšoenyeha ke moroalo oa maikutlo o hlahisang khatello kelellong, o ka senyang bophelo ba rōna. Empa ke hobane’ng ha re ikutloa re tšoenyehile re bile re sa sireletseha?
Ho Tšoenyeha ho Europe
Linaheng tse Ipōpileng tsa Europe (European Union [EU]), motho a le mong ho ba tšeletseng o phela bofutsaneng, ba limilione tse 18 ha ba sebetse, ’me ba bang ba se nang palo ba phela tšabong ea ho lahleheloa ke mesebetsi ea bona. Linaheng tse ’maloa tsa EU, batsoali ba tšohile ke tšokelo eo batho ba kopanelang likamano tsa botona le botšehali le bana ba ka e tlisetsang bana ba bona. Naheng e ’ngoe ea EU, batho ba babeli ho ba bararo ba tšoenyehile ka lebaka la tšokelo ea tlōlo ea molao. Baahi ba bang ba linaha tsa EU ba phela tšabong e eketsehileng ka lebaka la tšenyo ea thepa, bokhukhuni le tšilafalo.
Bophelo le mokhoa oa ho iphelisa li kotsing eseng feela ka lebaka la ho fetoha ha maemo a kahisano empa hape le ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho. Ka mohlala, ka 1997 le 1998, lipula tse matla, likhohola le lifefo tse matla li ile tsa senya likarolo tse ling tsa United States. Ka 1997, meroallo e ile ea hohola Europe Bohareng ha linōka tsa Oder le Neisse li phatlola mabōpo a tsona. Ho ea ka Polityka ea Poland e tsoang beke le beke, libaka tse khōlō tsa temo li ile tsa qoela ka har’a metsi, hammoho le metse e 86 le metsana e 900. Malapa a ka bang 50 000 a ile a lahleheloa ke lijalo tsa ’ona, ’me batho ba ka bang 50 ba lahleheloa ke bophelo ba bona. ’Me mathoasong a 1998 likhohola li ile tsa bolaea batho ba bangata haholo Italy e ka boroa.
Taba ea Tšireletseho ea Batho
Empa na ha re na tiisetso ea hore bophelo bo batla bo sireletsehile ho feta kamoo bo neng bo le kateng lilemong tse leshome tse fetileng? Na ho fela ha Ntoa ea Mantsoe ha hoa ka ha bolela phokotseho ea mabotho a hlometseng? E, mohlomong tšireletseho ea bochaba e ntlafetse. Leha ho le joalo, tšireletseho ea batho e angoa ke se etsahalang lapeng le tikolohong. Haeba re lahleheloa ke mosebetsi kapa haeba re belaella hore motho ea kotsi kapa ea kopanelang likamano tsa botona le botšehali le bana o re laletse ka ntle, joale ho sa tsotellehe hore na ho senngoa libetsa tse ngata hakae, re ikutloa re tšoenyehile ’me re sa sireletseha.
Batho ba bang ba sebetsana ka katleho joang le ho se tsitse ha bophelo? Habohlokoa le ho feta, na ho na le tsela ea ho etsa hore bophelo ba motho e mong le e mong—ho akarelletsa le ba hao—bo sireletsehe ka ho sa feleng? Lintlha tsena li tla tšohloa lihloohong tse peli tse latelang.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
UN PHOTO 186705/J. Isaac
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
FAO photo/B. Imevbore