Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/13 leq. 3
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 2/13 leq. 3

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 25 February, 2013. Ho kenyelelitsoe letsatsi leo ntlha ka ’ngoe e ka tšohloang ka lona e le hore re ka etsa lipatlisiso ha re lokisetsa sekolo beke ka ’ngoe.

1. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re “ba siameng” ba tla thaba? (Mat. 5:4) [La 7 Jan., w09 2/15 leq. 6 ser. 6]

2. Thapelong ea mohlala eo Jesu a e rutileng barutuoa ba hae, o ne a bolela’ng ha a re: “U se ke ua re kenya molekong”? (Mat. 6:13) [La 7 Jan., w04 2/1 leq. 16 ser. 13]

3. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re barutuoa ba hae ba ne ba ke ke ba qeta ho potoloha tšimo ea bona ea lefatše ba bolela “ho fihlela Mor’a motho a fihla”? (Matt. 10:23) [Jan. 14, w10 9/15 leq. 10 par. 12; w87 8/1 p. 8 par. 6]

4. Papiso ea Jesu ea thollo ea mosetareta e totobatsa lintho life tse peli? (Mat. 13:31, 32) [La 21  Jan. w08 7/15 maq. 17-18 lir. 3-8]

5. Jesu o ne a ruta thuto efe ha a re: “Ntle le hore le sokolohe ’me le be joaloka bana ba banyenyane, ho hang le ke ke la kena ’musong oa maholimo”? (Mat. 18:3) [a 28 Jan., w07 2/1 maq. 9-10 lir. 3-4]

6. Mantsoe a Jesu a reng “ke uena ea boletseng joalo,” a bolela’ng? (Mat. 26:63, 64) [La 11 Feb., w11 6/1 leq. 18]

7. Ke hobane’ng ha Jesu a bitsoa “Morena esita le oa sabatha”? (Mar. 2:28) [La 18 Feb., w08 2/15 leq. 28 ser. 7]

8. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a araba ka tsela eo a arabileng ka eona ha a bolelloa ka ʼmè oa hae le barab’abo, ʼme see se re ruta eng? (Mar. 3:31-35) [La 18 Feb., w08 2/15 leq. 29 ser. 5]

9. Joalokaha ho tlalehiloe ho Mareka 8:22-25, ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Jesu o ile a tutubolla mahlo a monna ea foufetseng ka mekhahlelo e ʼmeli, hona see se re ruta eng? [La 25 Feb., w00 2/15 leq. 17 ser. 7]

10. Re ithuta eng ka tsela eo Jesu a ileng a itšoara ka eona ha Petrose a mo khalemela, joalokaha ho tlalehiloe ho Mareka 8:32-34? [La 25 Feb., w08 2/15 leq. 29 ser. 6]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela