Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w24 May maq. 20-25
  • U ka Fumana Molekane Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Fumana Molekane Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE’NG E KA U THUSANG HORE U FUMANE MOLEKANE OA LENYALO EA U LOKETSENG?
  • NKA NAKO HO MO TSEBA
  • HO QALA HO RATANA
  • RE KA TŠEHETSA BAKRESTE BA SENG LENYALONG JOANG?
  • Batho ba Ratanang ba ka Etsa Qeto e Nepahetseng Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lefereho le Atlehileng—Le Bohlokoa Hakae?
    Tsoha!—1989
  • Ho Itokiselletsa Lenyalo le Atlehileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Tšepahala ho Molekane oa Hao
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
w24 May maq. 20-25

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 21

PINA EA 107 E-bang Lerato Joaloka Jehova

U ka Fumana Molekane Joang?

“Ke mang ea ka fumanang mosali oa sebele? Mosali eo o bohlokoa haholo ho feta likorale.”—LIPROV. 31:10.

NTLHA-KHOLO

Hlahloba melao-motheo ea Bibele e ka thusang motho hore a fumane molekane ea mo loketseng le kamoo Bakreste ba bang ba ka thusang bara le barali ba bo rona ba batlang ho kena lenyalong.

1, 2. (a) Ke lintlha life tseo Bakreste ba seng lenyalong ba lokelang ho li hlahloba pele ba qala ho ratana? (b) Re bolela’ng ha re bua ka “ho ratana”? (Sheba “Tlhaloso.”)

NA U ka thabela ho kena lenyalong? Le hoja lenyalo e se lona feela le tlisang thabo bophelong, Bakreste ba bangata ba seng lenyalong ho sa tsotellehe hore ba bacha kapa ba holile ba ka thabela ho ba le molekane oa lenyalo. Leha ho le joalo, u lokela ho ba le kamano e matla le Jehova, u tsebe seo u se batlang ’me u be le bokhoni ba ho hlokomela lelapa la hao e le hore u ka kena lenyalong.a (1 Bakor. 7:36) Haeba ho le joalo u tla ba le lenyalo le atlehileng.

2 Leha ho le joalo, ha se kamehla ho leng bonolo ho fumana molekane ea u loketseng oa lenyalo. (Liprov. 31:10) Le haeba ho ka etsahala hore u fumane motho eo u ka ratang ho mo tseba haholoanyane, ho ka ’na ha se be bonolo hore u qale ho ratana le eena.b Sehloohong sena, re tl’o bua ka hore na Bakreste ba seng lenyalong ba ka fumana balekane ba ba loketseng joang le hore ba ka ba tseba hamolemo joang haeba ba batla ho ratana le bona. Re tla boela re ithute ka hore na ke joang Bakreste ba bang ka phuthehong ba ka tšehetsang Bakreste-’moho ba batlang ho kena lenyalong.

KE’NG E KA U THUSANG HORE U FUMANE MOLEKANE OA LENYALO EA U LOKETSENG?

3. Ke lintho life tseo Mokreste ea batlang ho nyala a lokelang ho nahana ka tsona?

3 Haeba u batla ho nyala, ho ka ba molemo hore u tsebe makhabane ao u batlang hore motho eo u ka nyalanang le eena a be le ’ona pele u qala ho ratana le eena.c Ha u sa etse joalo u ka ’na oa hlokomoloha motho eo e ka ’nang ea e-ba molekane oa lenyalo ea u loketseng kapa oa ratana le motho ea sa u lokelang. Ke ’nete hore u lokela ho khetha motho ea kolobelitsoeng hore e be molekane oa hao. (1 Bakor. 7:39) Leha ho le joalo, ha se motho e mong le e mong ea kolobelitsoeng eo e ka bang molekane oa lenyalo ea u loketseng. Kahoo, ipotse: ‘Ke lintho life tseo ke batlang ho li finyella bophelong? Ke makhabane afe ao ke nkang hore molekane oa lenyalo o lokela ho ba le ’ona? Na lintho tseo ke li lebeletseng ho eena lia utloahala?’

4. Batho ba bang ba kopa Jehova eng ha ba rapela?

4 Ha ho pelaelo hore u kile oa rapella ho fumana motho eo u batlang hore e be molekane oa hao haeba u batla ho kena lenyalong. (Bafil. 4:6) Ke ’nete hore Jehova ha a u tšepise ho u fa molekane oa lenyalo. Empa oa tseba hore na u hloka’ng le hore u ikutloa joang ’me a ka u thusa hore u fumane molekane. Kahoo, tsoela pele u mo bolella seo u se batlang le hore na u ikutloa joang. (Pes. 62:8) Kopa Jehova hore a u thuse hore u be le mamello ’me a u fe bohlale. (Jak. 1:5) Mor’abo rona Johnd ea e-s’o nyale ea lulang United States, o hlalosa hore na ke lintho life tseo a li rapellang, o re: “Ke bolella Jehova makhabane ao ke a batlang ho molekane. Ke rapella menyetla ea ho kopana le motho eo e ka bang molekane oa ka. Ke boetse ke kopa hore Jehova a nthuse hore ke be le makhabane a tla nthusa hore ke be monna ea molemo.” Morali oa bo rona Tanya ea lulang Sri Lanka o re: “Ha ke ntse ke batla molekane ea molemo ke kopa Jehova hore a nthuse hore ke lule ke tšepahala, ke e-na le boikutlo bo botle ebile ke thabile.” Le haeba u e-s’o fumane motho ea u loketseng hore u ka nyalana le eena, Jehova o tšepisa hore o tla lula a u hlokomela maikutlong le ka lintho tseo u li hlokang.—Pes. 55:22.

5. Ke menyetla efe eo Bakreste ba seng lenyalong ba bang le eona ea hore ba kopane le batho ba ratang Jehova? (1 Bakorinthe 15:58) (Sheba setšoantšo.)

5 Bibele e re khothaletsa hore ‘re lule re phathahane ka mosebetsi oa Morena.’ (Bala 1 Bakorinthe 15:58.) Ha u ntse u sebeletsa Jehova ’me u qeta nako le bara le barali ba bo rona ba sa tšoaneng, u ke ke oa thabela feela botsoalle boo le bang le bona empa u tla boela u be le menyetla ea hore u kopane le bara le barali ba bo rona ba e-s’o kene lenyalong joaloka uena ba phathahaneng ka ho sebeletsa Jehova. Hape ha u ntse u etsa sohle seo u ka se khonang, u tla fumana thabo ea sebele.

Litšoantšo: 1. Morali oa bo rona oa lesoha o qoqa le morali oa bo rona ea holileng ha ba le tšebeletsong ea tšimo. 2. Morali oa bo rona oa lesoha o thusa ho ngoathela lijo a le projekeng ea kaho. 3. Mor’abo rona oa lesoha o felehelitse moholo e mong ho ea lelapeng la banyalani ba bang ho e’o etsa leeto la bolisa. 4. Mor’abo rona oa lesoha o sebelisa sakha ea motlakase a le projekeng ea kaho.

Haeba u qeta nako u sebeletsa Jehova ’me u lula u e-na le Bakreste-’moho ba sa tšoaneng, ho ka etsahala hore u kopane le ba bang ba ntseng ba batla ho nyala (Sheba serapa sa 5)


6. Ke’ng seo Bakreste ba seng lenyalong ba lokelang ho nahana ka sona ha ba batla balekane?

6 U lokela ho ela hloko hore ho batla molekane oa lenyalo ha ea lokela ho ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao. (Bafil. 1:10) Thabo ea sebele ha ea itšetleha ka hore na u lenyalong kapa che empa e itšetlehile ka kamano ea hao le Jehova. (Mat. 5:3) Empa ha u ntse u e-s’o nyale, u ka ba le bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova haholoanyane. (1 Bakor. 7:​32, 33) Sebelisa nako ena hamolemo. Morali oa bo rona Jessica ea lulang United States, ea nyetsoeng a e-na le lilemo tse ka bang 40 o re: “Ke ne ke lula ke etsa mosebetsi oa boboleli, sena se ne se etsa hore ke khotsofale le hoja ke ne ke batla ho nyaloa.”

NKA NAKO HO MO TSEBA

7. Ke hobane’ng ha ho ka ba molemo hore u tsebe motho eo e ka bang molekane ea u loketseng oa lenyalo pele u ka mo bolella hore oa mo rata? (Liproverbia 13:16)

7 U ka etsa’ng haeba u nahana hore motho e mong e ka ba molekane ea u loketseng oa lenyalo? Na u ka potlakela ho mo bontša hore oa mo rata? Bibele e re ea bohlale o nahana ka mehato ea hae pele a etsa lintho. (Bala Liproverbia 13:16.) Kahoo, e ka ba bohlale ho tseba motho eo u mo ratang hantle pele u etsa qeto, u nke nako pele u ka mo bolella hore oa mo rata. Mor’abo rona Aschwin ea lulang Netherlands o re: “Maikutlo a lerato a ka ba matla kapele ebile a ka fela ka ho panya ha leihlo. Kahoo, haeba u ipha nako e lekaneng ea ho tseba motho, seo se tla u thusa hore u se ke oa mo fereha hobane feela u nkehile maikutlo.” Ho feta moo, ha u ntse u ithuta eena u ka ’na oa hlokomela hore motho eo ha se ea u loketseng.

8. Motho ea sa nyalang a ka etsa’ng ha a ntse a sheba motho eo a batlang hore e be molekane oa hae? (Sheba setšoantšo.)

8 U ka etsa’ng e le hore u shebe motho e mong ka bohlale? Ha le le libokeng kapa le le ’mokeng u ka ’na oa hlokomela hore na motho eo o na le kamano e ntle le Jehova, o na le botho bo joang le hore na boitšoaro ba hae bo joang. Metsoalle ea hae ke bo-mang, hona o qoqa ka eng? (Luka 6:45) Na o batla ho finyella lintho tseo le uena u batlang ho li finyella bophelong? U ka buisana le baholo ba phutheho ea habo kapa Bakreste ba bang ba holileng tsebong ba mo tsebang hantle. (Liprov. 20:18) U ka ’na oa botsa ka botumo le makhabane a motho eo. (Ruthe 2:11) Ha u ntse u shebile motho eo, etsa bonnete ba hore u qoba ho etsa hore a ikutloe a sa phutholoha. Hlompha maikutlo a hae ’me u se ke oa batla ho lula u le moo a leng teng le ho batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eena.

Litšoantšo: Mor’abo rona le morali oa bo rona ba masoha ba shebana ba sa bontše hore e mong o shebile e mong ba le libokeng. 1. Morali oa bo rona o shebile kamoo mor’abo rona a buisanang le banyalani ba holileng kateng. 2. Mor’abo rona o shebile ha morali oa bo rona a fana ka puo libokeng tsa har’a beke.

Nka nako u shebile motho eo u mo ratang hore na u etsa lintho joang pele u mo bontša hore oa mo rata (Sheba serapa sa 7 le 8)


9. Ke’ng eo u lokelang ho kholiseha ka eona pele u ka bolella motho e mong maikutlo a hao?

9 U lokela ho nka nako e kae u shebile motho e mong pele u ka mo bolella hore oa mo rata? Haeba u potlakela ho bolella motho maikutlo a hao, a ka ’na a nahana hore ha u nahane lintho ka hloko pele u etsa liqeto. (Liprov. 29:20) Ka lehlakoreng le leng, haeba a hlokomela hore oa mo rata empa u nka nako e telele pele u mo bolella, a ka ’na a nahana hore u motho ea liehang ho etsa liqeto. (Moek. 11:4) Hopola hore pele u bolella motho e mong maikutlo a hao, ha se hore u lokela ho kholiseha hore u tla mo nyala. Empa ntho eo u ka kholisehang ka eona ke hore uena u se u loketse ho nyala le hore motho eo e ka ’na ea e-ba molekane oa lenyalo ea u loketseng.

10. Ke’ng seo u lokelang ho se etsa ha u hlokomela hore ho na le motho ea u ratang empa uena u e-na le maikutlo a fapaneng?

10 U ka etsa’ng haeba u hlokomela hore ho na le motho ea u ratang? Haeba u e-na le maikutlo a fapaneng, ho ka ba molemo hore u mo bontše ka ho hlakileng ka liketso. E ka ba ho hloka mosa ho etsa hore a be le maikutlo a hore le ka ratana empa uena u e-na le maikutlo a fapaneng.—1 Bakor. 10:24; Baef. 4:25.

11. Linaheng tse ling moo batho ba bang ba khethelang batho hore na ba ka ratana le bo-mang kapa ba nyalana le bo-mang, ke lintlha life tseo ba lokelang ho nahana ka tsona?

11 Linaheng tse ling ho lebeletsoe hore batsoali kapa batho ba baholo e be bona ba khethelang bana ba bona balekane ba lenyalo. Athe linaheng tse ling, ba lelapa kapa metsoalle ba batlela motho ea sa nyalang motho eo e ka bang molekane oa lenyalo ’me hamorao ba etsa litokisetso tsa hore ba ka kopana e le ho bona hore na ba ka qala ho ratana. Haeba u koptjoa hore u lokisetse hore batho bao e ka bang balekane ba lenyalo ba kopane kapa hore u khethele motho e mong molekane oa lenyalo, nahana ka lintho tseo batho bana ba babeli ba li ratang le tseo ba li hlokang. Haeba u nahana hore motho e mong e ka ba molekane oa motsoalle oa hao kapa e mong oa lelapa, etsa bonnete ba hore u mo tseba hantle, u tsebe makhabane a hae ’me ka ho khetheha u tsebe hore na o na le kamano e ntle le Jehova kapa che. Ho ba le kamano e ntle le Jehova ho bohlokoa ho feta ho ba le chelete, ho ruteha haholo kapa ho ba le maemo sechabeng. Leha ho le joalo, hopola hore mor’abo rona le morali oa bo rona ba sa nyalang ba lokela ho etsa qeto ea hore ba tla nyalana kapa che.—Bagal. 6:5.

HO QALA HO RATANA

12. Haeba u rata motho e mong u ka mo tsebisa joang?

12 Haeba u batla ho ratana le motho e mong, u ka mo joetsa joang?e U ka etsa tokisetso ea hore le kopane sebakeng se itseng kapa le buisane ka fono. Mo bolelle ka ho hlakileng hore oa mo rata le hore u ka rata ho mo tseba haholoanyane. (1 Bakor. 14:9) Haeba ho hlokahala, u ka mo fa nako ea hore a nahane ka taba ena. (Liprov. 15:28) Haeba motho eo a se na maikutlo a hore le ka ratana, u lokela ho hlompha maikutlo a hae.

13. U ka etsa’ng haeba motho e mong a u bolella hore oa u rata? (Bakolose 4:6)

13 U ka etsa’ng haeba motho e mong a u bolella hore oa u rata? Hopola hore motho eo o ile a hloka hore a be sebete hore a tle ho uena. Kahoo, e-ba mosa ’me u mo hlomphe. (Bala Bakolose 4:6.) Haeba u hloka nako ea ho inahana ka hore na u batla ho qala ho ratana le eena, mo bolelle. Leha ho le joalo, leka ho mo bolella kapele kamoo ho ka khonehang kateng. (Liprov. 13:12) Haeba u sa batle ho ratana le eena, leka ho mo bolella seo ka tsela e mosa le e hlakileng. Hlokomela kamoo Mor’abo rona Hans ea lulang Austria a ileng a araba morali oa bo rona e mong kateng, o re: “Ke ile ka mo bolella maikutlo a ka ka tsela e bohlale le e hlakileng. Ke ile ka etsa joalo hang-hang hobane ke ne ke sa batle hore a be le maikutlo a fosahetseng. Ka lebaka leo, ke ile ka ela hloko tsela eo ke buisanang le eena ka eona ka mor’a moo.” Ka lehlakoreng le leng, haeba u ka thabela ho ratana le motho ea itseng, mo hlalosetse maikutlo a hao le seo u se lebeletseng haeba le tl’o ratana. Seo u se lebeletseng ho motho eo u batlang ho ratana le eena se ka fapana le seo eena a se lebeletseng, mohlomong ho itšetlehile ka hore na le holisitsoe joang kapa lintho tse ling.

RE KA TŠEHETSA BAKRESTE BA SENG LENYALONG JOANG?

14. Re lokela ho qoba ho etsa’ng e le ho bontša hore re tšehetsa Bakreste ba sa nyalang?

14 Kaofela ha rona re ka tšehetsa Bakreste ba batlang ho nyala joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho ba hlokolosi ka seo re se buang. (Baef. 4:29) Re ka ipotsa: ‘Na ke soma batho ba batlang ho nyala? Ha ke bona mor’abo rona ea sa nyalang le morali oa bo rona ea sa nyaloang ba bua, na ke nahana hore baa ratana?’ (1 Tim. 5:13) Le ka mohla ha rea lokela ho etsa hore Bakreste ba sa nyalang ba ikutloe eka ha se ba bohlokoa hobane ba sa nyala. Mor’abo rona Hans eo re buileng ka eena lirapeng tse fetileng o re: “Bara ba bo rona ba bang ba re, ‘Ke hobane’ng ha u sa nyale? Ha u sa le mocha.’ Lipuo tse joalo li etsa hore Bakreste ba sa nyalang ba ikutloe ba sa ananeloe ’me li etsa hore ba be le khatello ea hore ba ikutloe ba batla ho nyala.” Re lokela ho batla menyetla ea ho babatsa Bakreste ba sa nyalang.—1 Bathes. 5:11.

15. (a) Pele u ka thusa motho hore a fumane molekane oa lenyalo, ke’ng eo u lokelang ho e ela hloko? (Baroma 15:2) (Sheba setšoantšo.) (b) Ke lintlha life tsa bohlokoa tseo u li fumaneng videong?

15 Ke’ng seo re lokelang ho se etsa haeba re nahana hore mor’abo rona ea itseng le morali oa bo rona ea itseng ba ka tšoanelana? Bibele e re re lokela ho nahanela maikutlo a batho ba bang. (Bala Baroma 15:2.) Bara le barali ba bo rona ba bangata ba sa nyalang ha ba rate ha batho ba bang ba ba kopanya le batho bao e ka ’nang eaba ba ka tšoanelana le bona ’me re lokela ho hlompha maikutlo a bona. (2 Bathes. 3:11) Ba bang ba ka ananela ha re ba thusa empa ha rea lokela hore re etse joalo ntle le haeba ba re kopa.f (Liprov. 3:27) Ba bang ba bara le barali ba bo rona ba sa nyalang ba khetha hore ba se ke ba thusoa ka tsela ena. Morali oa bo rona Lydia ea sa nyaloang ea lulang Jeremane o re: “U ka mema mora kapa morali oa bo rona ’mokeng oo ho nang le batho ba bangata teng. U ka etsa hore ho be le monyetla oa hore mora le morali oa bo rona ba sa nyalang ba kopane ebe u tlohela lintho tsohle matsohong a bona.”

Mora le Morali oa bo rona ba masoha baa qoqa ba le ’mokeng.

Ho ba har’a batho ba bangata ho thusa Bakreste ba sa nyalang hore ba khone ho kopana (Sheba serapa sa 15)


16. Bakreste ba sa nyalang ba lokela ho hopola eng?

16 Kaofela ha rona ba nyetseng le ba sa nyalang re ka phela bophelo bo monate le bo khotsofatsang. (Pes. 128:1) Kahoo, haeba u batla ho nyala empa u e-s’o fumane motho eo u ka ratanang le eena, tsoela pele u phathahane ka ho sebeletsa Jehova. Morali oa bo rona Sin Yi ea lulang Macao o re: “Ha u bapisa nako eo u tla e qeta u e-na le molekane Paradeiseng le nako eo u e qetang u se na molekane hona joale, u tla hlokomela hore nako eo e khutšoanyane haholo. Nka nako eo e le ea bohlokoa ’me u e sebelise hamolemo.” Empa u lokela ho etsa’ng haeba u fumane motho eo e ka bang molekane oa hao ’me le se le qalile ho ratana? Sehloohong se latelang re tl’o bua kamoo batho ba ratanang ba ka etsang qeto e nepahetseng kateng.

U KA RE’NG?

  • Ke’ng eo u ka e etsa’ng haeba u batla molekane?

  • Ke hobane’ng ha ho ka ba molemo hore u tsebe motho eo u batlang hore e be molekane oa hao pele u ka ratana le eena?

  • Bara le barali ba bo rona ka phuthehong ba ka tšehetsa Bakreste ba batlang ho nyala joang?

PINA EA 137 Mohlala oa Basali ba Tšepahalang

a E le ho u thusa ho bona hore na u se u loketse ho nyala, sheba sehlooho se reng “Dating—Part 1: Am I Ready to Date?” ho jw.org.

b TLHALOSO: Sehloohong sena le se latelang, ha ho buuoa ka “ho ratana” ho buuoa ka nako eo moroetsana le mohlankana ba e qetang ba tsebana ho bona hore na baa tšoanelana e le hore ba ka nyalana. Linaheng tse ling, pele batho ba ratana ho thoe baa intša kapa baa tsebana. Ho ratana ho qala ha moroetsana le mohlankana ba hlakisa hore baa ratana ’me ba etsa qeto ea hore ba tla nyalana kapa ba tla arohana.

c Lirapeng tse latelang, re tl’o lebisa litaba ho bara ba bo rona ba batlang ho nyala empa lintlha tsena li ama le barali ba bo rona ba batlang ho nyaloa.

d Mabitso a mang a fetotsoe.

e Litsong tse ling ho tloaelehile hore mor’abo rona e be eena ea joetsang morali oa bo rona hore oa mo rata. Leha ho le joalo, ho ntse ho se na phoso haeba morali oa bo rona a joetsa mor’abo rona hore oa mo rata. (Ruthe 3:​1-13) E le hore u fumane lintlha tse ling, sheba sehlooho se reng “Bacha Baa Botsa . . . Nka mo Bolella Joang Hore na ke Ikutloa Joang?” ho Tsoha! ea November 8, 2004.

f Sheba video e nang le sehlooho se reng Batho ba Atlehang ho Loanela Tumelo—Bakreste ba Masoha ho jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela