SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 22
PINA EA 127 Ke Lokela ho ba Motho ea Joang?
Batho ba Ratanang ba ka Etsa Qeto e Nepahetseng Joang?
‘Le bontše botle ba lona ka seo le leng sona pelong hobane ke eona ntho ea bohlokoa.’—1 PET. 3:4.
NTLHA-KHOLO
Batho ba ratanang ba ka etsa qeto e nepahetseng joang, hona batho ba bang ka phuthehong ba ka ba tšehetsa joang?
1, 2. Batho ba bang ba ikutloa joang ka ho ratana?
HA BATHO ba babeli ba ratana eo ke nako e monate le e thabisang haholo. Haeba ho na le motho eo u ratanang le eena hona joale, ha ho pelaelo hore u batla ho thabela nako ena. Hangata batho ba ratanang ba thabela nako ena. Morali oa bo rona Tsiona ea lulang Ethiopia o re: “Nako e thabisang ka ho fetisisa eo nkileng ka ba le eona ke ha ’na le mohats’a ka re ntse re ratana. Re ne re bua ka lintho tsa bohlokoa ebile re qeta nako re tšeha. Ke ne ke thabile ha ke hlokomela hore ke fumane motho ea nthatang joalokaha le ’na ke mo rata.”
2 Mor’abo rona Alessio ea lulang Netherlands eena o re: “Ke ne ke thabela ho tseba mosali oa ka haholoanyane ha re ntse re ratana empa re ne re boetse re e-na le mathata.” Sehloohong sena re tl’o bua ka mathata a mang a ka hlahelang batho ba ratanang le melao-motheo e meng e tsoang ka Bibeleng e ka ba thusang hore ba atlehe. Re tla boela re bue ka hore na bara le barali ba bo rona ka phuthehong ba ka thusa batho ba ratanang joang.
MORERO OA HO RATANA KE OFE?
3. Morero oa ho ratana ke ofe? (Liproverbia 20:25)
3 Le hoja nako eo batho ba ratanang ka eona e le e monate, nako eo ke ea bohlokoa haholo hobane ba ka qetella ba nyalane. Ka letsatsi la lenyalo, monna le mosali ba ikana ho Jehova hore ba tla ratana le ho hlomphana hafeela ba ntse ba phela. Re lokela ho nahana ka hloko pele re etsa kano leha e le efe. (Bala Liproverbia 20:25.) Ka ho tšoanang, re lokela ho nahana ka hloko ha re nahana ka ho etsa kano ea lenyalo. Ha batho ba ntse ba ratana, ba tsebana haholoanyane ’me ba ka etsa qeto e nepahetseng. Ka linako tse ling ba ka etsa qeto ea ho nyalana empa ka linako tse ling ba ka etsa qeto ea hore ba arohane. Haeba ba arohana, sena ha se bolele hore ho na le ntho e phoso eo ba e entseng. Ho e-na le hoo, nako eo ba e qetileng ba tsebana e ba thusitse hore ba etse qeto e nepahetseng ea hore na ba tla nyalana kapa che.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho tseba hore na morero oa ho ratana ke ofe?
4 Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore batho ba batlang ho ratana ba tsebe hore na morero oa ho ratana ke ofe? Ha motho ea e-s’o nyale a tseba morero oa ho ratana, a ke ke a khetha ho ratana le motho eo a sa ikemisetsang ho mo nyala. Leha ho le joalo, batho ba sa nyalang ha se bona feela ba lokelang ho utloisisa hore na morero oa ho ratana ke ofe. Kaofela ha rona re lokela ho tseba hore na morero oa ho ratana ke ofe. Ka mohlala, batho ba bang ba nahana hore ha batho ba ratana joang kapa joang ba lokela ho nyalana. Taba ee e etsa hore Bakreste ba sa nyalang ba ikutloe joang? Morali oa bo rona Melissa ea lulang United States ea sa nyaloang o re: “Lipaki tse ling li lebeletse hore ha mora le morali oa bo rona ba ratana ba nyalane. Ka lebaka leo, batho ba bang ba ratanang ha ba batle ho arohana le hoja lintho li sa tsamaee hantle. Batho ba bang ba sa nyaloang bona ba qoba ho ratana ka ho feletseng. Taba ena e ka etsa hore ba tšoenyehe haholo.”
TSEBANANG HANTLE
5, 6. Ke lintho life tseo batho ba ratanang ba lokelang ho li bolellana? (1 Petrose 3:4)
5 Haeba ho na le motho eo u ratanang le eena, ke’ng e tla le thusa hore le etse qeto ea hore na le tla nyalana kapa che? Le ka thusoa ke ho tsebana hantle. E ka ’na eaba ho na le lintho tse ling tseo u ileng oa li tseba ka motho eo u ratanang le eena pele le qala ho ratana. Empa hona joale u na le monyetla oa hore u tsebe ‘seo a leng sona pelong.’ (Bala 1 Petrose 3:4.) Taba ena e akareletsa ho tseba hore na kamano ea hae le Jehova e matla hakae, o na le botho bo joang le hore o nahana joang. Ha nako e ntse e ea, u lokela ho tseba likarabo tsa lipotso tse kang: ‘Na motho eo e tla ba molekane ea ntoketseng?’ (Liprov. 31:26, 27, 30; Baef. 5:33; 1 Tim. 5:8) ‘Na rea ratana le ho hlokomelana? Na re khona ho hlokomoloha liphoso tseo re li etsang?’b (Bar. 3:23) Ha le ntse le tsebana, hopola hore ntho ea bohlokoa ha se hore na ke lintho life tseo le tšoanang ka tsona empa ke hore na le khona ho mamellana haeba ho e-na le lintho tseo le sa tšoaneng ka tsona.
6 Ke lintho life tse ling tseo u lokelang ho li tseba ka motho eo u ratanang le eena? Pele u ka mo rata haholo, u ka ’na oa batla hore le buisane ka lintho tsa bohlokoa tse kang hore na o batla ho finyella’ng bophelong. Empa ho na le lintho tse ling tseo u ka lokelang ho li tseba tse kang hore na oa kula, na o na le mathata a lichelete kapa na ho na le lintho tse bohloko tse mo etsahalletseng nakong e fetileng? Ha se hore le lokela ho buisana ka lintho tsohle ha le qala ho ratana. (Bapisa le Johanne 16:12.) Haeba u utloa eka ha u e-s’o lokele ho araba lipotso tse ling tseo motho eo u ratanang le eena a u botsang tsona, mo bolelle. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea u tla lokela ho mo bolella lintho tsena e le hore le ka khona ho etsa qeto e nepahetseng. Kahoo, ho na le nako eo le tla lokela ho buisana ka lintho tsena ka bolokolohi.
7. Batho ba ratanang ba ka etsa’ng e le hore ba tsebane hantle? (Sheba lebokose le reng “Ha u Ratana le Motho ea Lulang Hole le Uena.”) (Sheba litšoantšo.)
7 U ka etsa’ng e le hore u tsebe motho eo u ratanang le eena hantle? Ntho e ka le thusang ke hore le buisane ka bolokolohi, le botsane lipotso ’me le mamelane ka hloko. (Liprov. 20:5; Jak. 1:19) Le ka thusoa le ke ho etsa lintho tse tla le thusa hore ho be bonolo hore le qoqe, joaloka ho ja hammoho, ho otlolla maoto hammoho le ho etsa mosebetsi oa boboleli hammoho. Le ka boela la tsebana haholoanyane ha le qeta nako le e-na le metsoalle le ba lelapa. Hape le ka rera ho etsa lintho tse tla le thusa ho bona hore na le itšoara joang ha le e-na le batho ba sa tšoaneng le ha le le maemong a sa tšoaneng. Utloa hore na Mor’abo rona Aschwin ea lulang Netherlands o ile a leka ho etsa’ng. Ha a bua ka nako eo a neng a ratana le Morali oa bo rona Alicia ka eona, o re: “Re ne re etsa lintho tse tla re thusa hore re tsebane haholoanyane. Hangata re ne re etsa lintho tse bonolo tse kang ho pheha lijo hammoho kapa ho etsa mesebetsi e meng hammoho. Ha re etsa lintho tsena, re ne re khona ho bona hore na ke makhabane afe ao re nang le ’ona le hore na ke lintho life tseo re fokolang ho tsona.”
Haeba uena le motho eo u ratanang le eena le etsa lintho tse tla le thusa hore le qoqe, le tla khona ho tsebana haholoanyane (Sheba serapa sa 7 le 8)
8. Ke melemo efe eo batho ba ratanang ba ka e fumanang haeba ba ithuta hammoho?
8 Tsela e ’ngoe eo le ka tsebanang haholoanyane ka eona ke ka ho ithuta lihlooho tse thehiloeng Bibeleng hammoho. Haeba le nyalana, le tla lokela ho etsa borapeli ba lelapa e le hore Molimo e be karolo ea bohlokoa lenyalong la lona. (Moek. 4:12) Kahoo, mohlomong le ka etsa nako ea ho ithuta hammoho hona joale ha le ntse le ratana. Ke ’nete hore batho ba ratanang ha e-s’o be lelapa ’me mor’abo rona ha e-s’o be hlooho ea morali oa bo rona. Leha ho le joalo, ha le lula le ithuta hammoho u tla tseba hore na motho eo u ratanang le eena o rata Jehova hakae. Banyalani ba lulang United States e leng Mor’abo rona Max le Morali oa bo rona Laysa, ba ile ba hlokomela molemo o mong oa ho etsa sena. Mor’abo rona Max o re: “Ha re qala ho ratana, re ile ra qala ho bala lingoloa tse buang ka ho ratana, lenyalo le bophelo ba lelapa. Lingoloa tseo li ile tsa re thusa hore re khone ho buisana ka lintho tse ngata tsa bohlokoa tseo ho ka beng ho bile thata hore re buisane ka tsona.”
LINTHO TSE LING TSEO LE LOKELANG HO NAHANA KA TSONA
9. Ke lintho life tseo batho ba ratanang ba lokelang ho nahana ka tsona ha ba etsa qeto ea hore na ba tla bolella bo-mang hore baa ratana?
9 Le tla bolella mang hore lea ratana? Ke lona ba lokelang ho iketsetsa qeto. Ha le qala ho ratana le ka ’na la khetha ho bolella batho ba ’maloa feela. (Liprov. 17:27) Ha le etsa joalo, le ka qoba ho botsoa lipotso tse ngata le ho ba tlas’a khatello ea hore le etse qeto ea hore na le tla nyalana kapa che. Leha ho le joalo, haeba ho se na motho eo le mo bolellang le ka qetella le batla ho ba bang hobane le tšaba hore batho ba bang ba tla bona hore lea ratana. Ntho eo e ka ba kotsi. Kahoo, e ka ba bohlale hore le bolelle batho ba ka le fang likeletso tse nepahetseng le ba tla le thusa ka litsela tse ling. (Liprov. 15:22) Ka mohlala, le ka bolella ba malapa a lona, metsoalle e nang le boiphihlelo kapa baholo hore lea ratana.
10. Batho ba ratanang ba ka etsa’ng e le hore ba lule ba itšoere hantle? (Liproverbia 22:3)
10 Le ka etsa’ng e le hore le itšoare hantle ha le ntse le ratana? Ha le ntse le ratana, maikutlo a lerato a ba matla haholo. Ke’ng e tla le thusa hore le se ke la etsa lintho tse sa thabiseng Jehova? (1 Bakor. 6:18) Qobang ho bua ka thobalano, ho ba bang le ho noa haholo. (Baef. 5:3) Lintho tsena li ka etsa hore takatso ea lona ea ho etsa thobalano e be matla ’me ho be thata hore le etse se nepahetseng. Ho ka ba molemo hore le lule le buisana ka hore na le ka etsa’ng e le hore le lule le itšoere hantle ha le ntse le ratana. (Bala Liproverbia 22:3.) Hlokomela hore na banyalani ba lulang Ethiopia e leng Mor’abo rona Dawit le Morali oa bo rona Almaz ba ile ba thusoa ke eng. Ba re: “Re ne re qeta nako hammoho re le libakeng tseo ho nang le batho ba bangata kapa re e-na le metsoalle e meng ea rona. Ha ho mohla re kileng ra ba bang ka koloing kapa ka tlung. Kahoo, re ile ra qoba ho ipeha maemong a neng a ka etsa hore re etse boitšoaro bo bobe.”
11. Ke lintho life tseo batho ba ratanang ba lokelang ho nahana ka tsona ha ba etsa qeto ea hore na ba tla bontšana lerato joang?
11 Na batho ba ratanang ba lokela ho bontšana hore baa ratana? Ha le ntse le ratana haholoanyane, le ka khetha ho bontšana lerato ka tsela e loketseng. Leha ho joalo, haeba le e-ba le takatso e matla ea ho etsa thobalano ho tla ba thata hore le etse qeto e nepahetseng. (Sefela 1:2; 2:6) Hape ho bontšana lerato ho ka etsa hore le thatafalloe ke ho itšoara hantle ebe le etsa boitšoaro bo bobe. (Liprov. 6:27) Kahoo, ha le qala feela ho ratana le lokela ho buisana ka hore na ke lintho life tseo le tla li etsa le tseo le ke keng la li etsa e le hore le ka mamela melao-motheo ea Bibele.c (1 Bathes. 4:3-7) Le lokela ho ipotsa: ‘Batho ba moo re lulang teng ba tla ikutloa joang ha ba bona tsela eo re bontšanang lerato ka eona? Na tsela eo re bontšanang lerato ka eona e tla etsa hore re be le takatso ea ho etsa thobalano?’
12. Batho ba ratanang ba lokela ho nahana ka eng ha ba sa lumellane ka lintho?
12 Le lokela ho etsa’ng haeba le sa lumellane ka lintho tse itseng? Haeba ka linako tse ling le sa lumellane ka lintho tse itseng, na taba eo e bolela hore le lokela ho arohana? Ha ho joalo hobane batho ba ratanang kaofela ba na le ho se lumellane. Haeba banyalani ba hlomphana ba bile ba ikemiselitse ho mamellana, lenyalo la bona le tla tšoarella le hoja ho e-na le lintho tseo ba sa tšoaneng ka tsona. Kahoo, tsela eo le lokisang lintho ka eona ha le e-na le mathata hona joale e ka bontša hore na lenyalo la lona le tla atleha kapa che. Le lokela ho ipotsa lipotso tse latelang: ‘Na re khona ho buisana ka lintho ka tsela e bonolo le e bontšang tlhompho? Na re potlakela ho amohela ha re entse phoso le ho leka ho ntlafatsa? Na rea ikokobetsa, re kope tšoarelo le ho tšoarelana?’ (Baef. 4:31, 32) Leha ho le joalo, haeba le lula le sa lumellane ka lintho kapa le ngangisana ha le ntse le ratana, ho ka etsahala hore le ntse le tla etsa ntho e tšoanang ha le se le nyalane. Haeba u hlokomela hore motho eo u ratanang le eena ha se eena ea u loketseng, ho arohana e ka ba qeto e le tsoelang molemo le le babeli.d
13. Ke’ng e ka thusang batho ba ratanang ho etsa qeto ea hore na ba tla ratana nako e kae?
13 Le lokela ho ratana nako e kae? Hangata lintho ha li tsamaee hantle ha batho ba potlakela ho etsa qeto. (Liprov. 21:5) Kahoo, le lokela ho ratana nako e lekaneng e le hore le ka tsebana hantle. Leha ho le joalo, ha lea lokela ho ratana nako e telele ho sa hlokahale. Bibele e re: “Ha ntho eo motho a e lebeletseng e lieha ho phethahala, e kulisa pelo.” (Liprov. 13:12) Hape ha le ntse le ratana, ho ka ba thata hore le loantše takatso ea ho etsa thobalano. (1 Bakor. 7:9) Kahoo, ho e-na le ho nahana ka hore na ho se ho fetile nako e kae le ratana, u ka ’na oa ipotsa potso ena e reng, ‘Ke eng eo ke ntseng ke hloka ho e tseba ka motho eo ke ratanang le eena e le hore nka etsa qeto ea hore na re tla nyalana kapa che?’
BATHO BA BANG BA KA THUSA BATHO BA RATANANG KA LITSELA LIFE?
14. Batho ba bang ba ka thusa batho ba ratanang ka litsela life? (Sheba setšoantšo.)
14 Haeba ho e-na le batho ba ratanang bao re ba tsebang re ka ba thusa joang? Re ka ba memela lijong, ra etsa borapeli ba lelapa le bona kapa ra ithabisa le bona. (Bar. 12:13) Ka tsela eo ba ka khona ho tsebana le ho feta. Mohlomong u ka ba thusa ka hore u tsamaee le bona haeba ba batla ho intša, u be le bona ka koloing kapa u ba memele moo u lulang teng e le hore ba se ke ba e-ba bang. (Bagal. 6:10) Morali oa bo rona Alicia eo ho buuoeng ka eena qalong o re o hopola kamoo eena le Mor’abo rona Aschwin ba neng ba ananela thuso ea batho ba bang kateng. O re: “Re ne re thaba haholo ha bara le barali ba bo rona ba bang ba re re ka ba chakela haeba re hloka sebaka seo re ka qetang nako hammoho ho sona empa re sa ikarole ho batho ba bang.” Haeba batho ba ratanang ba u kopa hore u qete nako le bona, nka seo e le tsela ea bohlokoa eo u ka thusang metsoalle ea hao ka eona. Etsa bonnete ba hore ha u ba siee ba le bang feela empa u ba fe nako ea hore ba ke ba bue.—Bafil. 2:4.
Haeba ho na le batho ba ratanang bao re ba tsebang, re lokela ho batla litsela tseo re ka ba thusang ka tsona (Sheba serapa sa 14 le 15)
15. Re ka etsa’ng hape ho thusa batho ba ratanang? (Liproverbia 12:18)
15 Re ka boela ra bontša hore re tšehetsa batho ba ratanang ka lintho tseo re li buang le tseo re khethang hore re se ke ra li bua. Ka linako tse ling re ka khetha ho ithiba ’me re se ke ra bua lintho tse itseng. (Bala Liproverbia 12:18.) Ka mohlala, re ka ’na ra batla ho bolella batho ba bang hore mora le morali oa bo rona ea itseng baa ratana. Empa ho ka etsahala hore ba ne ba ka thabela hore e be bona ba bolellang batho ba bang hore baa ratana. Ha rea lokela ho seba ka batho ba ratanang kapa ho ba tšoaea liphoso ka lintho tse sa re ameng. (Liprov. 20:19; Bar. 14:10; 1 Bathes. 4:11) Hape, ha rea lokela ho bua lintho kapa ho botsa lipotso tse ka etsang hore batho ba ratanang ba ikutloe ba le tlas’a khatello ea hore ba nyalane. Morali oa bo rona Elise le monna oa hae ba re: “Re ne re soaba ha batho ba bang ba ne ba re botsa ka litlhophiso tsa lenyalo la rona le hoja re ne re e-s’o bue ka tsona.”
16. Re lokela ho etsa’ng haeba batho ba ratanang ba etsa qeto ea ho arohana?
16 Re lokela ho etsa’ng haeba batho ba ratanang ba etsa qeto ea ho arohana? Re lokela ho qoba ho kena-kenana le litaba tsa bona kapa ho beha e mong oa bona molato. (1 Pet. 4:15) Morali oa bo rona Lea o re: “Ke ile ka utloa hore ho na le batho ba neng ba iqapela mabaka a hore na ke hobane’ng ha ’na le mor’abo rona eo ke neng ke ratana le eena re arohane. Ke ne ke utloile bohloko haholo.” Lirapa tse fetileng li bontšitse hore ha batho ba ratanang ba khetha ho arohana, taba eo ha e bolele hore ba entse qeto e fosahetseng. Hangata taba eo e bolela hore nako eo ba e qetileng ba ratana e ba thusitse ho etsa qeto e nepahetseng. Leha ho le joalo, qeto eo e ka ’na eaba e ba utloisitse bohloko haholo ’me ba ikutloa ba jeoa ke bolutu. Kahoo, re ka batla litsela tsa ho ba thusa.—Liprov. 17:17.
17. Ke eng eo batho ba ratanang ba lokelang ho tsoela pele ba e etsa?
17 Re ithutile hore batho ba ratanang ba ka ba le nako e monate ebile ba ka ba le mathata. Morali oa bo rona Jessica o re: “Ho bua ’nete feela, re ile ra sebetsa ka thata ha re ne re ratana. Empa ke thabela hore re ile ra sebelisa nako le matla a rona e le hore re ka tsebana hantle.” Haeba ho e-na le motho eo u ratanang le eena, tsoelang pele le leka ho tsebana hantle. Haeba le etsa joalo le tla atleha ebile le tla khona ho etsa qeto e nepahetseng.
PINA EA 49 Re Thabise Jehova
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Sheba buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, leq. 39-40 e le hore u fumane lipotso tse ling tseo u ka ipotsang tsona.
c Ha batho ba babeli ba sa nyalanang ba tšoarana kapa ba phollana litho tsa botona le botšehali, ba etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano ’me baholo ba lokela ho theha komiti ea boahloli. Ho tšoara matsoele a motho e mong le ho qoqa ka thobalano ka melaetsa kapa fono ho ka etsa hore baholo ba thehe komiti ea boahloli ho itšetlehile ka maemo.
d E le hore u fumane lintlha tse ling, sheba sehlooho se reng “Lipotso Tse Tsoang Ho Babali” ho Molula-Qhooa oa August 15, 1999.