Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Benin
Ho tloha Benin, Afrika Bophirimela, ba likete tse ngata ba ile ba rekisoa bokhobeng ho tloha lekholong la lilemo la bo17 ho ea ho la bo19. Empa ba neng ba setse ba ne ba tšoeroe mofuteng o khopo le ho feta oa bokhoba. Thibelo ea lilemo tse 14 e ile ea etsoa tšebetsong ea ba ikemiselitseng ho fana ka thuso ka ho ruta ’nete ea Bibele. Bala tlaleho ena ea ba boneng ka mahlo ea se etsahetseng ha ho ne ho etsoa thibelo le se ’nileng sa etsahala ho tloha haesale e tlosoa.
Brazil
Batho ba bangata ba Brazil ba ipitsa Mak’hatholike, ’me karolo e phahameng lekholong ea bana e boetse e sekametse tšebelisanong le balimo. Lilemong tse ka bang tse 50 tse fetileng, boholo ba bona ho ne ho se mohla bo kileng ba bona Bibele. Empa hona joale ho pholletsa le Brazil batho ba fuoa monyetla oa ho itlhahlobela seo Lentsoe la Molimo le se fupereng. ’Me tse ling tsa likopano tse khōlōhali tsa Lipaki tsa Jehova mehleng ea kajeno li ’nile tsa tšoareloa Brazil.
Micronesia
Na u kile ua lakatsa eka u ka etela Micronesia? Tsamaea le rōna ha re hahlaula lihlekehleke tsena. U tla fumana batho ba nang le botsoalle. Botle ba lihlekehleke tsa bona bo ka ’na ba etsa hore u nahane ka paradeise. Empa, ha u talimisisa, u tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha le mona batho ba hloka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Hape, u tla kopana le ba bang ba ba sebetsang ka thata ho ba bolella tsona.