Benin
E ne e le ka April 1976. Masole a nkileng lithunya tsa merathatha a ile a otla lemati la Lehae la Bethele. Ofisiri e laolang e ile ea laela: “Tsoang ’me le tl’o kopanela tšebeletsong ea ho phahamisa folakha!” Mokhopi oa batho ba halefileng o ne o bina mapetjo a lipolotiki.
Ka hare, baromuoa ba ile ba tsoela pele ka puisano ea bona ea temana ea Bibele ea letsatsi leo, joalokaha e ne e le tloaelo ea bona. “Matla a maholimo a tla sisinyeha” e ne e le temana ea Lengolo leo ho buisanoang ka lona. (Mat. 24:29) Eo e ile ea ipaka ho ba mohloli oa matla hakaakang ho baromuoa hoseng hoo! Ka ntle, masole a ile a phahamisa folakha mabaleng a ofisi ea lekala. A ne a hapile setša seo!
Kapele-pele masole a ile a laela baromuoa bohle hore ba tsoele ka ntle. Ba ile ba lumelloa hore ba nke lintho tsa bona feela tseo ba neng ba ka khona ho li nka ka lisutuk’heise tsa bona. Kantle ho tieho, baromuoa ba ile ba kenngoa ka veneng ea Mokhatlo, ba felehetsoa hore ba tsoele ka ntle ho naha.
Ha vene e tloha mabaleng a Bethele, mor’abo rōna e mong e monyenyane o ile a tla pel’a rōna ka baesekele. A botsa: “Ho etsahala’ng? Ba le isa kae?” Baromuoa ba ile ba mo leleka ka ho mo tsokela matsoho ka ho tšaba hore le eena a ka tšoaroa.
Ke eng e ileng ea etsa hore Lipaki tsa Jehova li thibeloe Benin? Lipaki tsa moo li ile tsa lula li le matla moeeng joang nakong e thata ea lilemo tse 14? Na baromuoa ba ile ba khutla? ’Me hang ha lithibelo li qetella li tlositsoe, Lipaki tsa Jehova Benin li ile tsa sebelisa bolokolohi ba tsona boo li bo fumaneng bocha joang?
Ena ke Benin
Naha e bōpehileng joaloka lesoba leo senotlolo se kenang ho lona, e pakeng tsa Togo le Nigeria lebōpong la Afrika Bophirimela—ena ke Benin. E ka ’na eaba u e tseba ka lebitso la eona la pele, Dahomey. Batho ba mona ba mofuthu ebile ba na le botsoalle, ’me boemo ba leholimo bo botle. Le hoja ho buuoa lipuo tse 50 tsa sebaka seo ke lihlopha tsa merabe tse 60, Sefora ke puo ea sechaba.
Benin ke sebaka sa matlo a kang liqhobosheane tse nyenyane le sa borena ba Afrika ba boholo-holo. Ka holim’a letša le letala ke Ganvié, motse o phaphametseng oo ba bang ba o bitsang Venice ea Afrika. Mono literata ke linōka ’me litekisi ke li-pirogue tse mebala-bala, kapa liketsoana tse entsoeng ka sefate. Lirapa tse peli tsa boikhathollo tsa sechaba, Pendjari le “W,” li fumanoa ka leboea ho naha, ’me mono litau, litlou, litšoene, likubu le liphoofolo tse ling li itsamaela ka bolokolohi masabasabeng a lithota. Ka boroa, lifate tsa lipalema li ekethehisoa ke ’mino oa moea oa leoatle.
Leha ho le joalo, ka linako tse ling bophelo bo ’nile ba e-ba thata haholo ho batho ba naha ena. Mathoasong a lekholo la bo17 la lilemo, Kpassè, ’musi oa ’muso oa Houéda, o ile a kena likamanong tsa khoebo le bahoebi ba makhoba ba Mafora, Manyesemane le Mapotoketsi. Morena enoa ea sehlōhō o ile a rekisa barab’abo hore a fumane mabenyane le lithunya. Bana ba ne ba kenngoa likepeng Gléhoué, e bitsoang Ouidah hona joale, ’me ba isoa Haiti, Netherlands Antilles le Amerika. Khoebo ea makhoba e ile ea tsoela pele ho tloha lekholong la bo17 la lilemo ho fihlela karolong e qalang ea lekholo la bo19 la lilemo. Joale, qetellong, e ile ea felisoa linaheng tse ngata.
Leha ho le joalo, e ne e le mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo moo batho ba Benin ba ileng ba qala ho ba le monyetla oa ho lokoloha mahlaahleleng a mofuta oa bokhoba o batlang e le oa bodiabolose haholoanyane—botlamuoa bolumeling ba bohata ka mefuta eohle ea bona e nyonyehang. Benin, hoo ho akarelletsa Voodoo.
Tšimoloho ea Voodoo
Tumelo ea hore moea o arohane le ’mele ke bolumeli ba neano, ’me har’a balumeli ba tumelo ena mona, molimo ea talingoang e le ea phahameng ka ho fetisisa ke Mahou. O emeloa ke palo e khōlō ea melimo e tlaasana, kapa bo-voodoo, ba etsetsoang mahlabelo matsatsing a itseng a mekete. Ka mohlala, Hébiosso ke molimo oa letolo, ’me molimo Zangbeto ho boleloa hore o sireletsa masimo a balemi bosiu. Ba ka tlaasana ho bo-voodoo bana ke melimo e tlaasana, eo hape ho lumeloang hore ke meea ea batho ba shoeleng. Kahoo, ho rapeloa balimo. Malapeng a mangata, u tla fumana asen, mofuta oa sekhele se senyenyane se entsoeng ka tšepe e kobiloeng, ea khabisoa ka litšoantšo tse hopotsang ka moratuoa ea shoeleng.
Ho sebelisana le melimo ena ho hloka mokena-lipakeng, moprista oa lithatho, ebang ke oa monna kapa oa mosali. Ka mor’a ho qeta lilemo tse tharo a le setsing sa tšebeliso ea lithatho, moprista o nkoa a tšoaneleha ho ka buisana le melimo kapa le meea e meng. Sehlopha sena se matla se busang sa bolumeli se na le tšusumetso e khōlō bophelong ba batho ba Benin ba se tšehetsang ka botšepehi.
Ba sebelisang mofuta ona oa borapeli ba lumela hore ka mor’a hore motho a shoe, a ka khutla a le sebōpehong sa moea ’me a bolaea litho tse ling tsa lelapa. Batho ba bangata ba ka rekisa thepa ea bona kapa ba ikhama ka likoloto e le hore ba lefelle mahlabelo a liphoofolo le mekete e majabajaba e le ho leka ho bōpa khotso le beng ka bona ba shoeleng. Ka lebaka leo, lelapa le ka ’na la sala le le bofutsaneng. Tšabo ea tumela-khoela e tsoaloang ke litumelo tsena, e boloka batho ba le litlamong.
Malumeli a bitsoang a Bokreste le ’ona aa emeloa mona ’me ka makhetlo a mangata a sebelisoa hammoho le tumelo ea hore moea o arohane le ’mele. Ho tsoakanya mefuta ena e ’meli ea borapeli hangata batho ha ba ho talime e le ntho e nyatsehang, empa ho khaotsa ho kopanela lineanong tsa tumelo ea hore moea o arohane le ’mele ho nkoa e le sebe se tebileng. Leha ho le joalo, ba bangata ba khaolitse ho etsa joalo.
Lilemo Tsa Pele
E bile ka 1929 ha ’nete ea Bibele, e ka lokollang batho e le kannete tšabong ea tumela-khoela, e ne e fihla Dahomey. Hoba a ithute ’nete eo ho Liithuti tsa Bibele (kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo) Ibadan, Nigeria, Mor’abo rōna Yanada oa morabe oa Gun o ile a khutlela ha habo ho ea ruta batho ba morabe oa habo. O ile a bokella sehlopha sa ba tšeletseng motseng oo a tsoaletsoeng ho oona, Porto-Novo, motse-moholo, ’me a qala ho ithuta Bibele le bona. Sehlopheng sena, Daniel Afeniyi, ea neng a e-tsoa Nigeria, o ile a tšoarella ka tieo ’neteng ’me a kolobetsoa ka 1935. Empa mahloriso a tsoang ho baruti ba sebaka seo a ile a qobella Mor’abo rōna Yanada hore a khutlele Nigeria, ’me Daniel Afeniyi ea neng a sa tsoa kolobetsoa o ile a qobelleha ho khutlela motseng oa habo, Daagbe. Ha Lipaki tse ling tse ’nè tsa Nigeria li qala ho bolela Porto-Novo, li ile tsa tšoaroa ’me tsa ntšoa ka hare ho naha hang-hang.
Ka 1938, barab’abo rōna ba 12 ba morabe oa Ibo Nigeria ba ile ba abeloa ho ea sebetsa Porto-Novo. Ho soabeng ha baruti ba Prostanta, batho ba bangata ba ile ba amohela seo Lipaki li neng li ba ruta sona se tsoang Bibeleng. Moïse Akinocho, mohoebi ea neng a e-tsoa morabeng oa Yoruba, e ne e le e mong oa bana. E ne e bile Momethodiste ea neng a boetse a rapela balimo. Ka lebaka la khatello ea baruti holim’a ba boholong sebakeng seo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa boela tsa qobelleha ho tloha Porto-Novo. Empa ha malakabe a mahloriso a totela bara bao babo rōna ba Ibo, Mor’abo rōna Akinocho o ile a ba tšehetsa ’me a re: “Haeba babusi ba tla bolaea Lipaki tsohle tsa Jehova, ke ho loketse.” O ile a tsoela pele a tiile tumelong ho fihlela lefung la hae ka 1950.
Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, Lipaki tsa Nigeria li ne li se li sa khone ho kena Benin. Leha ho le joalo, peō ea ’nete e ne e jetsoe, ’me hamorao, ka ho nosetsa hanyenyane le ho hlaolela, e ile ea mela kapele. Monyetla oo o ile oa hlaha hang ka mor’a ntoa. Nouru Akintoundé, e le letsoalloa la Benin, e ne e bile e mong oa Lipaki tsa Jehova ha a le Nigeria. Ka 1948 o ile a khutlela naheng ea habo e le pula-maliboho, a qeta karolo e khōlō ea nako ea hae a pakela ba bang ka Jehova Molimo le morero oa Hae joalokaha o senotsoe ka Bibeleng. Liphello li ile tsa feta sohle se neng se lebeletsoe.
Tlaleho ea tšebeletso ea tšimo ea May 1948 e ile ea bolela: “Ka sebele ke ho hlollang ho romela tlaleho bakeng sa naha e ncha. Kosepele e jalehile Dahomey [Benin] ea Fora le batho ba khahlehang ba phallela ‘folageng ea lichaba.’”—Esa. 11:12.
Hona khoeling eo, ho ile ha etsoa kōpo ho ’musisi oa Dahomey bakeng sa hore Mokhatlo o ngolisoe ka molao. Kōpo ena e ile ea isoa ho mokomishinara ea phahameng Dakar, Senegal. Leha ho le joalo, ka mor’a tieho e fetang selemo, kōpo eo e ile ea hanoa. Ho sa tsotellehe sena, mosebetsi o ile oa tsoela pele ho atoloha. Wilfred Gooch, molebeli oa lekala Nigeria ka nako eo, hamorao o ile a ngola: “Ho ne ho e-na le thahasello e khōlō e ipatileng hoo ka nako ea libeke tse tšeletseng ho ileng ha e-ba le batho ba 105 ba kopanelang le pula-maliboho [Mor’abo rōna Akintoundé] tšebeletsong ea tšimo. Nakong ea likhoeli tse seng kae tse latelang, pula-maliboho ena e ile ea tsoela pele ho hasa litaba tse molemo litoropong tse haufi, ’me keketseho e ntle e ile ea tsoela pele—tlhōrō ea bahoeletsi ba ’Muso ba 301 e ile ea fihleloa ka July 1948.”
Ho Boleloa ha Litaba Tse Molemo Hoa Saballa
Ho tloha Porto-Novo ho boleloa ha litaba tse molemo ho ile ha saballela litoropong le metseng e ka ntle. Mor’abo rōna Akintoundé o ile a nka ba bang ba sa tsoa thahasella ho ea paka le bona libakeng tse kang Lokogbo le Cotonou. Ba ne ba ee ba lule motseng matsatsi a ’maloa, ba amoheloa le ho bontšoa kamohelo e mofuthu ea baeti ke batho ba sa tsoa thahasella. Ka nako eo, batho ba thahasellang ba ne ba qala ho bolela le barab’abo rōna ba etileng kapele ka mor’a hore ba kopane le bona ka lekhetlo la pele.
Likhoeli tse ka tlaase ho tse ’nè ka mor’a hore Mor’abo rōna Akintoundé a khutlele Benin, ho ile ha tšoaroa kopano ea matsatsi a mararo Porto-Novo. Ho ne ho le teng W. R. (Bible) Brown, Anthony Attwood le Ernest Moreton ea neng a e-tsoa lekaleng la Nigeria. Ho ile ha kolobetsoa batho ba 30 ketsahalong eo, ’me hoo ha hoa ka ha thabisa baromuoa ba Prostanta ho hang. Ba ile ba etsa sohle seo ba neng ba ka se khona ho nyahamisa batho ba sa tsoa thahasella, empa bana ba ile ba ema ba tiile. E mong oa batho ba ileng ba kolobetsoa kopanong ena o ile a re: “Haeba u hlahlobile lintho tsohle ’me u fumane hore ho na le ho phoso—ho ho uena ho etsa qeto. Ha e le ’na, ke fumane hore sena se molemo haholo.” Ba bang hape ba bangata ba ile ba hlahloba seo Lipaki tsa Jehova li se rutang ’me ba fumana hore “se molemo haholo.” Ka January 1949, ho ne ho e-na le liphutheho tse tharo Benin—Porto-Novo, Lokogbo le Cotonou.
Monna ea Nyetseng Sethepu o Fumana ’Nete
Le hoja tšebetso ea Lipaki tsa Jehova e ne e sa ngolisoa ka molao naheng ena, ho ile ha fanoa ka tumello ea hore re ka tšoarela kopano Cotonou ka January 1949. Ho ile ha sebelisoa likoloi tsa libuela-hōle ho tsebahatsa lenaneo lena, ’me batho ba fetang 1000 ba ile ba e-ba teng puong ea phatlalatsa e reng “’Muso oa Khotso.”
E mong oa ba bileng teng kopanong ena e ne e le Sourou Houénou, eo e neng e le mohlapantši ebile e le moahloli hape e le hlooho ea Ba Khutlang Bafung, sehlopha se amanang le ho rapela balimo. O ne a e-na le basali ba bane. Na o ne a tla khona ho etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore a ka tsamaea mehatong ea Jesu Kreste? O ile a furalla ho rapela balimo, hammoho le litšebelisano tsa hona tsa meea. O entse sena tumellanong le phatlalatso ea Jesu: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela, ’me ke eena feela eo u lokelang ho mo etsetsa tšebeletso e halalelang.” (Luka 4:8) O ile a boela a lokisa litaba tsa hae tsa lenyalo tumellanong le litekanyetso tsa Bokreste. Le hoja a ne a e-na le mosebetsi o neng o nkoa e le oa bohlokoa tsamaisong ea hona joale, joalokaha ho entse Saule oa Tarsase pele e e-ba moapostola Pauluse, o ile a o nka kaofela “e le lithōle tse ngata” ’me a o furalla. (Bafil. 3:8) E le hore a itokolle ka lebaka la lithahasello tsa ’Muso, o ile a tlohela boemo ba hae e le mohlapantši le moahloli ’me a nka tšebeletso ea nako e tletseng.
Phutheho ea Cotonou e ne e kopanela kamehla ha Mor’abo rōna Houénou sebakeng sa Missebo motseng oo. Ketsahalong e ’ngoe, baeta-pele ba K’hatholike ba ile ba hlohlelletsa mokhopi oa bana hore o sitise seboka. Ha puo ea phatlalatsa e ntse e tsoela pele ka lebaleng le hahelelitsoeng ka lerako la ntlo ea Mor’abo rōna Houénou, mocha e mong o ile a hloa sefate ’me a qala ho betsa sebui ka majoe le ho se rohaka. Ho bonahala e ne e le motho ea sa tsebeng ho nepa, hobane ha ho lejoe la hae le ileng la ntša sebui kotsi. Ho e-na le hoo, le leng le ile la fosa moo le lebisitsoeng teng ’me la otla haholo e mong oa bacha sehlopheng sena se sitisang hoo a ileng a tlameha ho kena sepetlele! Bana bohle ba baleha ba tšohile, ba lumela hore ena ke kotlo e tsoang ho Molimo. Seboka se ile sa tsoela pele ho se letho le leng le etsahalang.
Voodoo Khahlanong le Jehova
Dogbo-Tindé Ogoudina o ne a shebelletse se etsahalang a le hōle. E ne e le mohoebi oa masela ea neng a e-na le lebenkele ka mose ho seterata malebana le lehae la Mor’abo rōna Houénou. E ne e boetse e le mongoli oa setsi sa basebetsi ba lithatho Porto-Novo. Leha ho le joalo, o ile a khahloa haholo ke boitšoaro ba Lipaki ha li tobane le khanyetso ena hoo a ileng a thahasella molaetsa oa ’Muso. Kapele eena ka boeena o ile a fetoha ea hanyetsoang haholo ke baprista ba lithatho. Moprista ea ka sehloohong oa lithatho o ile a phatlalatsa hore o ne a tla shoa ka mor’a matsatsi a supileng ka lebaka la ho ema ha hae ka lehlakoreng la Lipaki! O ile a sebelisa boloi ka boiteko ba ho netefatsa seo a se boletseng esale pele.
Le hoja ba bang ba ’nile ba bolaoa ke meea e khopo, Morali’abo rōna Ogoudina o ne a sa tšabe. O ile a re: “Haeba ke thatho e entseng Jehova, ke tla shoa; empa haeba Jehova ke Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, joale o tla hlōla thatho eo.” Bosiung ba letsatsi la botšelela, baprista ba lithatho ba ile ba etsa mahlabelo a lipōli le ho rokela thatho ea bona—Gbeloko. Ba ile ba rema semela sa banana, ba se tentša liaparo tse tšoeu ’me ba se hulanya fatše ho tšoantšetsa lefu la hae. Ka mor’a moo, ba ne ba kholisehile ka se tla etsahala hoo ba ileng ba bolela phatlalatsa hore Morali’abo rōna Ogoudina joale o shoele. Empa ho ile ha etsahala eng hoseng ha le latelang?
Morali’abo rōna Ogoudina o ne a ntse a le hona moo a bang teng hoseng ho hong le ho hong—a rekisa masela ’marakeng. O ne a sa shoa; o ne a phela hantle! Kapele-pele, ho ile ha romeloa moifo ho moprista ea ka sehloohong oa lithatho Porto-Novo ho ea mo tsebisa se etsahetseng kapa, ho e-na le hoo, se sa kang sa etsahala. O ile a halefa haholo hore ebe ho betsa ha hae ha hoa ba le phello ea letho. Ka ho tseba hore sena se ne se tla nyenyefatsa tšusumetso ea hae ho batho, o ile a tloha Porto-Novo ho ea Cotonou ka morero o le mong feela—ho fumana Morali’abo rōna Ogoudina ’me a mo bolaee. Barab’abo rōna sebakeng seo ba ile ba tseba hore khathatso e tla tsoha, kahoo ba mo thusa ho koala lebenkele la hae le lenyenyane ’me ba mo isa sebakeng se sireletsehileng.
Ka mor’a ho pata Morali’abo rōna Ogoudina beke, Mor’abo rōna Houénou o ile a hira koloi ’me a mo tsamaisa ho pholletsa le Porto-Novo e le hore e mong le e mong a ka bona hore oa phela. Likoloi li ne li sa ntse li sa tloaeleha Afrika ka 1949, kahoo li ne li ke ke tsa feta li sa hlokomeloe. Mor’abo rōna Houénou o ile a etsa bonnete ba hore o bonoa ke batho ba bangata kamoo ho ka khonehang; eaba ba qetella leeto la bona monyakong oa ntlo ea hae eo e kileng ea e-ba setsi sa basebetsi ba lithatho. O ile a tsoa koloing ’me a bolela phatlalatsa hore bohle ba utloe hore, le hoja moprista e moholo oa lithatho a ne a mo betsitse hore a shoe, Jehova, Molimo oa hae, ke eena ea hlōtseng! O ne a ipakile e le “qhobosheane e thata” ho eena. (Liprov. 18:10) Ho sa tsotellehe ho fokolloa ke bophelo, o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela qetellong ea matsatsi a hae. Ho ema ha hae a tiile ho ile ha thusa barapeli ba bang ba lithatho hore ba itokolle litlamong tsa tšebelisano le balimo.
Khanyetso ea Tota
Haufi le nako ea Sehopotso ka 1949, ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa puo e khethehileng Porto-Novo. Ho ile ha e-ba teng batho ba thahasellang ba fetang 1500. Leha ho le joalo, baruti ha baa ka ba amohela litaba tsena hantle. Ba ile ba boela ba susumelletsa ba boholong hore ba be khahlanong le barab’abo rōna, ’me ho ile ha tšoaroa ba leshome.
Hamorao, mor’abo rōna e mong o ile a tlaleha: “Barab’abo rōna ba ile ba e-ba litlamong matsatsi a se makae ’me ba lokolloa ka mor’a ho lemosoa ka thata hore ha baa lokela ‘ho ruta kapa ho bolela ka lebitso leo.’ Khanyetso eo e file barab’abo rōna monyetla oa ho paka ka pel’a ‘marena le babusi’ le ho fana ka tlaleho ea tšepo e ho bona.”—Bapisa le Liketso 4:17.
Selemong seo Sehopotso se ile sa tšoareloa sephiring, ho le teng ba 134, ho akarelletsa ba bahlano ba jang. Ha ho ne ho kolobetsoa, e ne e le bosiu, letšeng la Porto-Novo. Libaka tseo liboka li tšoareloang ho tsona li ne li lula li fetoloa, ’me kamehla ho ne ho e-na le mor’abo rōna ea lulang a lebetse. Pele ho seboka se seng le se seng, ho ne ho tekoa tafole ea lijo; haeba ho e-na le motho ea atamelang, barab’abo rōna ba ne ba lula litafoleng kapele ’me ba etse eka ba thabela lijo hammoho. ’Me ba ne ba hlile ba thabela lijo—lijo tsa moea tse monate!
Barab’abo rōna ba ne ba lokela ho ba seli ka linako tsohle—joalokaha Jesu a boletse, ‘ba be seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo ba hloke molato joaloka maeba.’ (Mat. 10:16) Ba boholong ba ne ba ntse ba tsoela pele ho batla Mor’abo rōna Akintoundé, eo ba neng ba nahana hore ke eena moeta-pele oa Lipaki. Ka letsatsi le leng ho ile ha rongoa lepolesa ho ea mo batla. E sa tsebe hore na Mor’abo rōna Akintoundé o lula kae, ofisiri eo e ile ea kōpa mohlomphehi e mong hore a e supise lapeng ha Monghali Akintoundé. Tumellanong le tloaelo ea batho ba Benin ea ho amohela baeti ka mofuthu, monna eo o ile a etsa joalo. Empa monna ea supisang tsela e ne e le Mor’abo rōna Akintoundé ka boeena! Lepolesa ha lea ka la mo tseba. Ha ba fihla lapeng, e ne e se ntho e makatsang hore ebe Mor’abo rōna Akintoundé o ne a le sieo lapeng! Leha ho le joalo, qetellong ka June 1949, ha mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibeloa ka molao, Mor’abo rōna Akintoundé o ile a khutlela Nigeria.
Ka August 1949 ’muso o ile oa phatlalatsa temoso ka lingoliloeng tsa Watch Tower, ka ho beha kotlo ea lilemo tse peli teronkong le tefo ea 500 000 F CFA (hoo e ka bang R1000) ho mang kapa mang ea fumanoang a aba lingoliloeng tse joalo ka puo leha e le efe. Makasine ea Molula-Qhooa le buka ea “’Nete e be ea Molimo” e ne e le tsona tse shebiloeng ka ho khetheha. Barab’abo rōna ha baa ka ba nyahamisoa ke liketsahalo tsena. Ba ne ba tseba hantle hore Jesu Kreste o ne a ile a re: “Lekhoba ha le leholo ho feta mong’a lona. Haeba ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa ka ho tšoanang.”—Joh. 15:20.
Nakong eo, Kpoyè Alandinkpovi, e mong oa ba pele ba ileng ba amohela ’nete naheng ena, o ile a sebelisa mose oa moetlo o tenoang ke banna ba Benin hamolemo ho mo thusa tšebeletsong. Seaparo se selelele sa ka holimo se matsoho a habuhabu seo ba se aparang, se bitsoang bubu, se na le lipokotho tse batlang li le khōlō ka hare. Ha Mor’abo rōna Alandinkpovi a ne a kholisehile hore o fumane motho ea thahasellang e le kannete, o ne a ee a kenye letsoho ka seaparong sa hae ebe o ntša buka kapa bukana e patiloeng ka pokothong eo e khōlō. Kamehla o ne a etsa eka ke ea ho qetela, empa kamehla ho ne ho bonahala ho e-na le e ’ngoe ha a fumana motho e mong ea neng a lapetse ’nete.
Ba Ile ba Hasana, Empa ba ’na ba Tsoela Pele ho Paka
“U bolele lentsoe, u be ho lona ka ho phehella ka potlako nakong e tšoanelang, nakong e likhathatso.” (2 Tim. 4:2) Keletso eo, e ngotsoeng ke moapostola Pauluse, Lipaki tsa Jehova Benin li ile tsa e nka ka ho teba, ’me mosebetsi oa bopaki o ile oa atleha esita le “nakong e likhathatso.” Nakong ea karolo e qetellang ea 1949, e mong oa bo-pula-maliboho ba sa tsoa khethoa ba Benin, Albert Yédénou Ligan, o ile a ea Zinvié, motsana o ka leboea ho Cotonou. Letsatsi la pele feela a le moo, o ile a kopana le Josué le Marie Mahoulikponto. Kapele ba ile ba hlokomela ’nete lithutong tsa Bibele tseo ba neng ba li utloa. Le hoja e ne e le Moprostanta, Josué o ne a rapela balimo, a e-na le basali ba babeli hape e ne e le moprista ea ka sehloohong oa lithatho oa molimo Zangbeto. Khoeling eona eo ba ileng ba kopana le ’nete ka eona, ba ile ba tlohela mekhoa eo eohle. Tumelo ea bona eo ba e fumaneng bocha ha ea ka ea amoheloa ke malapa abo bona, a ileng a ba hanyetsa haholo, a bileng a ba leleka lapeng ’me a senya le lijo masimong a bona.
Ba ha Mahoulikponto ba ile ba baleha motseng oo ho pholosa bophelo ba bona, ’me ba ea lula Dekin, o mong oa metse ea baahi ba letšeng. Ho falla hona ho ile ha sebeletsa ho hasa ’nete sebakeng se secha. Morena oa motse Dekin e bile eena oa pele oa ho amohela ’nete mono. Ka nako ea lilemo tse peli, batho ba 16 sebakeng seo ba ile ba amohela borapeli ba ’nete, le hoja ba boholong ba ile ba ba tšoara le ho ba otla, ’me lingoliloeng tsohle tsa bona, ho akarelletsa le Libibele tsa bona, li ile tsa senngoa.
Ha a ntse a paka motseng o mong ka 1950, pula-maliboho e mong o ile a kopana le monna ea ileng a mo bolella hore ho na le mohlomphehi e mong ea hōlileng ea neng a ruta lintho tse tsoang Bibeleng tse tšoanang le tse rutoang ke pula-maliboho. Mohlomphehi eo ea hōlileng e ne e le Mor’abo rōna Afeniyi, eo e neng e le e mong oa sehlopha sa pele se ileng sa ithuta ’nete naheng eo ’me a ile a kolobetsoa ka 1935. Le hoja a ne a bile thōko, Mor’abo rōna Afeniyi o ne a sa lebaloa ke Jehova, leha e le hore o ne a lebetse thabo eo a bileng le eona ha a lokolloa litumelong tseo e seng tsa Mangolo tsa bolumeli ba hae ba pele ba Prostanta. Mosali oa hae ha ho mohla a kileng a amohela ’nete, ’me voodoo e ne e metse ka metso motseng oo a neng a bolela ho oona, empa Mor’abo rōna Afeniyi ha aa ka a tela. Ka lilemo o ne a bonoa ka botšepehi a ruta ba bang Bibele. O shoele a le lilemo li 80, ka mor’a ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse fetang tse 42.
Mathoasong a 1950, leqhubu la mahloriso le ile la tsoela pele ho ba khahlanong le Lipaki. Kouti, ofisiri e ’ngoe ea sepolesa e ile ea fumana sehlopha sa barab’abo rōna se ithuta temana ea letsatsi. Ba bang ba ile ba tšoaroa, ba tlangoa ka liropo, ’me ba tlisoa ka pel’a ofisiri e khōlō, kapa ofisiri ea setereke. Hamorao ba ile ba lokolloa, ka ho lemosoa ka thata hore ba se ke ba hlola ba bolela kapa ba tšoara liboka. Leha ho le joalo, batho ba Jehova ba ne ba ananela bohlokoa ba ho tsoela pele ba bokana hammoho kamehla ho ithuta Lentsoe la Molimo, ba etsa joalo ka lekunutu ha ho hlokahala. E mong oa baholo ba sebaka seo o ile a ngola: “Joale monyetla feela oo barab’abo rōna ba nang le oona oa ho bokana ke ka ho tsoha hoseng haholo bakeng sa ho ithuta. Ba nang le libaesekele ba ea libakeng tse hōle ho ea paka . . . Esita le ho nka Libibele tsa bona ho kotsi. Ho sa tsotellehe mathata ana re tla tsoela pele ho bolela lentsoe ho fihlela qetellong.” Ka March 1950 ka botšepehi ba ile ba bokana bakeng sa Sehopotso sa lefu la Kreste. Ba ne ba sa ‘ikhule’ ka lebaka la tšabo. (Baheb. 10:38) Qalong ea 1951, ho ne ho e-na le liphutheho tse supileng tse tlalehang, ’me bahoeletsi ba 36 ho ba 247 ba ileng ba tlaleha ba ile ba ngolisoa e le bo-pula-maliboho.
O Ile a Khutlisa Lintho Tsa Bolumeli
Mathoasong a bo-1950, ba bangata ba barab’abo rōna ba ne ba sa tsebe ho bala hantle; empa ba ile ba etsa seo ba neng ba ka se khona hore ba pake, ’me Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona. Ka letsatsi le leng, barab’abo rōna ba babeli ba ne ba leka ho hlalosetsa motho oa boraro ’nete ea Bibele ha ho fihla Samuel Ogungbe. Hamorao o ile a tlaleha: “Ka nako eo ke ne ke sa tsebe hore banna bana e ne e le Lipaki tsa Jehova, ’me ba ne ba hanyetsana hobane ba ne ba sa khone ho ipalla Libibeleng tsa bona tsa puo ea Segun. Ke ile ka kena moqoqong ’me ka khona ho ba thusa kaha ke ne ke ithutile ho bala Bibele ea Segun.” Nakong ena, Samuel Ogungbe e ne e le ramatlotlo ebile e le setho sa lekhotla la Kereke ea Kerubime le Serafime. Litho tsa bolumeli bona li hlokomeleha habonolo; li apara liaparo tse telele tse tšoeu ka likepisi tse tšoeu hobane li lumela hore ke tsona monyaluoa oa Kreste. Empa ho sa tsotellehe bolumeli ba hae, Samuel Ogungbe o ile a fumana puisano le Lipaki tsena tsa Jehova e le e thahasellisang. Ho ile ha behoa nako ea ho ntšetsa moqoqo pele ka Moqebelo, matsatsi a mane feela hamorao. Leha ho le joalo, pele ho nako eo ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea mo tšosa.
O ile a hlalosa: “Kereke eo ke neng ke e kena e sebelisa ho laola le bonohe le mekhoa e meng ea matla a mehlolo. Ka mor’a letsatsi la pele ke kopane le Lipaki tsa Jehova, ke ile ka ea kerekeng kaha e ne e le tloaelo ea ka. Kapele-pele, litho tse ling tsa kereke tse neng li ’nile tsa iteanya le meea li ile tsa ntemosa hore ke lokela ho hlokomela metsamao ea ka ka mabaka a mabeli—la pele, le hoja ke ne ke e-na le boemo bo phahameng kerekeng, ke kotsing ea ‘ho koeneha,’ ’me la bobeli, kapelenyana ke ne ke tla ba le bothata bo tebileng ba mala a tla mpolaea ntle le haeba ke latela keletso e fanoeng ke meea. Li ile tsa re ke lokela ho reka likerese tse supileng hammoho le libano le myra bakeng sa mokete o khethehileng oa lithapelo tse etsoang ka lentsoe le phahameng le ho itima lijo ka matsatsi a supileng. Haeba ke sa mamele, hoo ho ne ho tla bolela lefu la ka.”
Hamorao o ile a lumela pepenene: “Ha ke e-ea hae Labone bosiu, ke ne ke tšohile. Labohlano hoseng ka qala ho rapela le ho itima lijo, ka ho tseba hore haufinyane ke ne ke tla tlameha ho etsa qeto ea hore na ke tla tsoela pele ka lipuisano tsa ka le Lipaki kapa che. Ke ile ka batla ke fosoa ke nako eo re e behelaneng le tsona, empa motsotsong oa ho qetela ke ile ka etsa qeto ea ho e boloka. Re ile ra buisana ka lintho tse ngata, ’me li ile tsa ’memela sebokeng sa tsona ka Sontaha.” Ho ile ha e-ba le liphetoho kapele. Litho tsa kereke eo Samuel Ogungbe a neng a e kena li ile tsa leka ho mo nyahamisa, empa o ne a kholisehile hore o ne a fumane ’nete. O ile a khutlisa lintho tsohle tsa hae tsa bolumeli ’me, hona khoeling eo, a qala ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng o ile a kolobetsoa a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova. Re hopole hore Mor’abo rōna Ogungbe ha aa ka a shoa ka lebaka la tumelo ea hae eo a e fumaneng bocha. O ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse fetang tse 40, ho fihlela a e-shoa ka 1996.
Ho Hatisoa Lihlopha Tsa ho Ithuta ho Bala le ho Ngola
Motho a ka khona ho paka a sa tsebe ho bala le ho ngola, empa ho bala Lentsoe la Molimo ho ka mo thusa ho fumana matla a ho mamella tlas’a maemo a thata. Ho tseba ho bala le hona ke ntlha ea bohlokoa hore motho a rute ka katleho. Leha ho le joalo, lilemong tse fetileng, batho ba bangata Benin, ho akarelletsa le barab’abo rōna, ba ne ba sa tsebe ho bala; kahoo Mokhatlo o ile oa khothalletsa barab’abo rōna ho hlophisa lihlopha tsa ho ithuta ho bala le ho ngola. Qalong, motho o ne a rutoa moo a leng mong. Joale, ka bo-1960, lihlopha tsa ho ithuta ho bala le ho ngola li ile tsa thehoa liphuthehong.
Ho tla fihlela kajeno, lihlopha tsa ho ithuta ho bala le ho ngola li tsoela pele ho tšoaroa liphuthehong tse ngata tsa Benin. Ho phaella moo, batho ba bang ba thusoa ka bomong. Empa ha likolo tsa sechaba tse molemo li ntse li e-ba teng, ho hlokahala ha thuso e joalo ho ntse ho fokotseha. Hang ha batho ba ithuta ho utloisisa se ngotsoeng, ka bobona ba khona ho se sebelisa ka botlalo haholoanyane bophelong ba bona ’me ba ka sebelisa Lentsoe la Molimo ka tsela e atlehileng ho thusa ba bang.—Baef. 6:14-17.
Baprista ba K’hatholike le ba Juju Baa Ikopanya
Ba sa khone ho hanyetsa ’nete e rutoang ke Lipaki tsa Jehova e tsoang Bibeleng, hangata baruti ba ne ba sebelisa ba boholong mebusong ka boiteko ba ho thibela mosebetsi oa batho ba Jehova. Ketsahalong e ’ngoe, moprista oa K’hatholike le moprista oa juju ba ile ba ikopanya hore ba tlose Lipaki tsa Jehova sebakeng sa Dekin. Ba ile ba isa qoso ho ba boholong, ba tsoaka linnete tse sa fellang le leshano le pepenene, ba bolela hore Lipaki li ne li thetsa batho hore ba fetohele ’muso, hore li profeta ntoa ea lefatše, hore li bolela ka bofelo ba lefatše le hore li hana ho lefa lekhetho! Moprista oa juju o ile a bolella mokomantanta oa setereke hore ka lebaka la Lipaki, meea e hana ho nesa pula le hore ka lebaka lena tlala e sokela naha eo! Moprista oa K’hatholike o ile a bolela hore Lipaki lia ikarabella bakeng sa hore ebe Molimo ha a utloe lithapelo tsa hae le ’Misa oa hae!
Batho ba tšepahalang ba ile ba utloisisa hore na litlhaselo tseo li hlile li bolela’ng—pontšo ea hore baeta-pele ba bolumeli ba tšohile. Ba ne ba tšohile hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o itsetsepela ka tieo har’a batho. Litlhaselo tse joalo li ile tsa sebeletsa feela ho matlafatsa ho tšepa Jehova ha barab’abo rōna. Tlaleho e ngotsoeng ka nako eo e ile ea re: “Ka sebele barab’abo rōna ‘ba eme ba tiile ba le moeeng o le mong, ka soule e le ’ngoe ba loanela tumelo ea litaba tse molemo,’ ’me Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba bona ka keketseho. (Bafil. 1:27) Re na le tumelo ea hore o tla tsoela pele a etsa joalo.”
Na Jehova o ile a tsoela pele ho hlohonolofatsa boiteko ba bona bo bontšang boikemisetso? Ka sebele o ho entse! Ho sa tsotellehe khanyetso e mabifi le mahloriso, palo e ileng ea kopanela ho faneng ka bopaki ka lebitso la hae le ’Muso oa hae e ile ea eketseha ho tloha ho ba 301 ka 1948 ho ea ho ba 1426 ka 1958! Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho paka hoo ho ne ho etsoa teronkong.
Ho Fana ka Bopaki bo Phethahetseng Teronkong
Ha David Denon oa Porto-Novo a ne a tšoaroa hobane a ne a sa khaotse ho sebeletsa Jehova, o ile a nka teronko e le tšimo ea hae. ’Me ka sebele o ile a ba le bamameli ba se nang boikhethelo! Empa ho bolela ha hae ho ile ha khopisa molebeli oa teronko, ea ileng a etsa hore a isoe teronkong e ’ngoe. Leha ho le joalo, mono o ile a tšoaroa hamolemo ’me o ile a khona ho bolella batšoaruoa-’moho le eena kantle ho tšitiso. Molebeli ea ka sehloohong ka boeena o ile a thahasella, ’me batšoaruoa ba bang ba babeli ba ile ba amohela ’nete ’me ba kopanela le Mor’abo rōna Denon ho boleleng tšimong ea bona—ka har’a marako a teronko.
Motšehare, Mor’abo rōna Denon, ea neng a tšeptjoa haholo, o ne a romeloa ka ntle ho teronko ho ea sebetsa e le ’metli oa mapolanka lapeng ha mookameli oa sepolesa. Monna enoa le eena o ile a ipaka a thahasella molaetsa oa Bibele, esita le ho lumella Mor’abo rōna Denon ho ea hae ho ea mo fumanela lingoliloeng—tsona lingoliloeng tseo Mor’abo rōna Denon a neng a kentsoe teronkong ka lebaka la ho ba le tsona!
Thuso e eketsehileng mabapi le ho akaretsa tšimo ena e sa tloaelehang e ile ea fihla kapele. Ka 1955, bahoeletsi ba eketsehileng ba Manigeria ba 50 ba ile ba tšelela Benin ho tla thusa ho isa litaba tse molemo likarolong tse thōko tsa naha. Sehlopha seo kaofela se ile sa bokelloa ’me sa isoa teronkong ea sebaka seo. Ka bomalimabe, e ne e le nyenyane hore e ka amohela e mong le e mong, kahoo baralib’abo rōna bohle le bara ba bang babo rōna ba ile ba romeloa hae. Barab’abo rōna ba 27, ba tšoeroeng ba qosoa ka ho aba “lingoliloeng tse thibetsoeng,” ba ile ba isoa teronkong e ka hare ho naha ho ea emela nyeoe ea bona moo. Ha ba le moo, ha baa ka ba senya nako. Ha ba fihla ba tsoa Nigeria, ba ne ba sa nahana ho tla akaretsa tšimo ea mofuta ona, empa le mona batho ba ne ba le teng ba neng ba hloka ho utloa litaba tse molemo. Ka lebaka la tšebetso ea bona, bonyane batho ba 18 ba ile ba bontša thahasello, ho akarelletsa le liofisiri tsa teronko le ngaka ea teronko.
Qetellong ea August, Lipaki tsena li ile tsa isoa khotla. Taba ena e ne e tletse hohle, ’me ho ne ho le teng batho ba fetang 1600. Baprista ba K’hatholike ba ile ba tla ba e-tsoa tikolohong e khōlō ’me ba ne ba boleletse ba bangata hore barab’abo rōna ba ne ba tla fumana e mong le e mong kahlolo ea lilemo tse 12—’me ba bolela seo le pele nyeoe ea lekhotla e qala!
Leha ho le joalo, moahloli e ne e le ea molemo ’me a lumella barab’abo rōna ho fana ka bopaki bo botle ka khotla. O ile a tšoantša Lipaki le Jesu Kreste, ea ileng a isoa khotla le hoja ho se mohla a kileng a etsa molato leha o le mong. Moahloli o ile a bolela hore o masoabi hore ebe o ahlolela barab’abo rōna ba bangata likhoeli tse tharo. Leha ho le joalo, likahlolo tseo li tla baloa ho tloha ha ba tšoaroa, ho neng ho etsahetse hoo e ka bang likhoeling tse tharo tse fetileng. Barab’abo rōna ba ile ba sebelisa nako ea bona e setseng teronkong hamolemo. Khoeling ea August, ba ile ba tlaleha lihora tse fetang 100 motho a le mong ho boleleng molaetsa oa ’Muso ka har’a marako a teronko! Ketsahalo ena kaofela e ile ea hlahisetsa tšebeletso ea Lipaki tsa Jehova pooaneng ka mokhoa o tsotehang.
Lingoliloeng Tsa Bibele ka Puo ea Segun
Ho ba le lingoliloeng ka puo ea batho ba tloaelehileng ke thuso e khōlō ho ba ruteng ’nete ea Bibele. Puo ea Segun e buuoa ho pharalla le naha ena. Barab’abo rōna ba ile ba thaba hakaakang ka 1955, ha ba fumana pampitšana e reng Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova Li se Lumelang? ka puo ea Segun. Ena e ile ea lateloa ke Tšebeletso ea ’Muso ka 1957, e ileng ea thusa barab’abo rōna ho hlophisa Liboka tsa bona tsa Tšebeletso le tšebetso ea bona ea tšebeletso ea tšimo ka tsela e atlehileng haholoanyane. Mokhatlo oa Bibele le oona o ile oa qala ho hatisa Bibele e feletseng hape ka puo ea Segun.
Ho latelang e bile bukana ea “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso.” Ha likopi tsa pele li fumaneha, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore e ithutoe Lithutong tsohle tsa Buka ea Phutheho. Mathoasong a selemo se latelang, ho ile ha etsoa hore e fumanehe hore e ka abeloa batho bohle. Phello e bile e tsotehang e le kannete. Batho ba ikokobelitseng naheng ena ka thabo ba ile ba amohela tlhaloso ea eona e hlakileng ea ’nete ea Bibele. Ka April 1958 ho ile ha fihleloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1426—karolo ea 84 lekholong ho feta karolelano ea selemo se ka pele.
Ho amoheloa ha lingoliloeng tsena ka bophara ka puo ea Segun e bile ho khothatsang hoo mosebetsi o ileng oa qala oa ho fetolela buka ea “’Nete e be ea Molimo.” Likopi tsa Molula-Qhooa tse entsoeng ka mochine oa listensele ka puo ea Segun le tsona ho ile ha etsoa hore li fumanehe, ho qala ka tokollo ea December 1, 1960. Lingoliloeng tsena kaofela li ile tsa thusa barab’abo rōna hore ba be le kananelo e eketsehileng bakeng sa ’nete le ho thusa ba bang ho itokolla bokhobeng ba bolumeli ba bohata.
Ba Bang ba Ipakile “E se ba Mofuta oa Rōna”
Ha motho a ithuta hore o ’nile a rutoa leshano, a ka ’na a potlakela ho lahla bolumeli ba hae ba pele ’me a qala ho rapela Jehova. Empa ho tsoela pele motho a sebelisa borapeli bo hloekileng ho hloka boikokobetso le lerato la ’nete ho Jehova, takatso ea ho tsoela pele ho fihla khōlong ea Bokreste le ho sebelisa Lentsoe la Molimo litšobotsing tsohle tsa bophelo. Hase bohle Benin bao ka cheseho ba ileng ba qala ho bolela ba neng ba phehella tsela eo. Ba bang ba ile ba ipaka “e se ba mofuta oa rōna.”—1 Joh. 2:19.
Ha molebeli e mong Phuthehong ea Gbougbouta a furalla ’nete, o ile a leka ho susumelletsa le Kouadinou Tovihoudji hore a etse se tšoanang. Ka bohlale Mor’abo rōna Tovihoudji o ile a mo hopotsa hore ha e ne e sa ntse e le mohlanka oa Jehova, o ne a ile a bolella ba bang hore lerato la ba bang bakeng sa ’nete le ne le tla fola. (Mat. 24:12) Mor’abo rōna Tovihoudji o ile a boela a phaella ka hore kaha lerato la molebeli enoa le se le folile, a ka bona joale hore seo Bibele e se buileng ke ’nete. Ka bohlale Mor’abo rōna Tovihoudji ha aa ka a mo latela empa o ile a lula a tšepahala ho Jehova.
Leha ho le joalo, hase barab’abo rōna bohle ba neng ba utloisisa ka ho hlakileng mokhoa oa ho sebetsana le bao ba sa hloleng ba rata ho latela melao-motheo e lokileng ea Molimo. Ba ne ba hloka thuso. Ka 1959, Theophilus Idowu, molebeli oa potoloho oa Nigeria, o ile a abeloa motseng oa Porto-Novo ho ea haha barab’abo rōna. Ba ile ba thabela ho mo bona, empa ba batla ba nyahama ha ba fumana hore ha a tsebe puo ea bona. Ho ne ho hlokahala bafetoleli bakeng sa lipuo tsa hae le bakeng sa lipuisano le baholo. Mor’abo rōna Idowu o ile a lemoha hore ho ne ho e-na le mathata a hlokang ho sebetsoa ka liphuthehong. Empa kaha o ne a sa khone ho bua puo eo, o ne a khinehile ho seo a ka se etsang. Hona ho ile ha mo tšoenya, kahoo o ile a qala ho ithuta puo ea Segun. O ile a tsoela pele ka potlako ’me kapele a khona ho thusa barab’abo rōna le ka maemo a boima le ho feta. Butle-butle, mathata a ile a rarolloa; ba ileng ba khetha tsela ea bophelo e litšila ea boitšoaro le ho e khomarela, ba ile ba tlosoa ka phuthehong.
Bofokoli bo bong bo ka sehloohong bo ile ba tsoela pele e le khaello ea kutloisiso ho ba bacha ba neng ba sa khone ho bala le ho ngola. Leha ho le joalo, ba neng ba utloisisa ’nete ka ho hlakileng ’me ba e tebisa lipelong tsa bona ba ile ba etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba bona. Germain Adomahou e ne e le e mong oa ba joalo.
Ea Nyetseng Sethepu o Fumana Tsela e Molemo
Ntate oa Germain Adomahou o ne a e-na le basali ba 12. Empa le pele Germain e e-ba Paki, o ile a etsa qeto ea ho nyala mosali a le mong. O ile a bona hore le hoja ho ba le basali ba bangata e ne e le letšoao la borui le ho ba le tšusumetso e itseng, ho ne ho e-na le likhang le mona har’a basali ba ntate oa hae. Empa, ka mor’a hore Germain a nyale, mosali oa hae ha aa ka a ba le bana, ’me sena ke sekhobo har’a Maafrika a mangata. Ho sa tsotellehe boikemisetso ba hae ba pele bo botle, kapele o ile a nyala basali ba bang hape ba babeli. Hamorao, o ile a boela a ba le ba bang ba babeli, kaofela ba e-ba bahlano. E bile ka mor’a nako e khutšoanyane feela ha ho qala litsekisano le mōna lapeng la hae. Boitekong ba hae ba ho lebala mathata ana, o ile a retelehela basaling ba bang bao e neng e se basali ba hae. Lelapa la hae le ne le tšoana le la ntate oa hae, leo a neng a le hloile haholo.
Le hoja e ne e le molumeli oa lithatho, o ile a batla matšeliso le keletso ho moprista oa K’hatholike ea ileng a mo bolella hore, hore a tle a ee leholimong o ne a tlameha hore a kolobetsoe. Ha ho letho le ileng la buuoa ka bolumeli ba hae ba lithatho, basali ba hae ba bahlano, kapa seo Bibele e se buang ka ho ba le likamano le basali bao monna a sa ba nyalang. Germain o ile a kolobetsoa ke kereke ’me a tsoela pele ka bolumeli ba hae ba lithatho le sethepu. Ha ho letho le neng le hlile le fetohile. Joale ka 1947 o ile a fumana kopi ea buka e reng “’Nete e Tla le Lokolla.” Ka mor’a hore a e bale, o ile a itokolla Kerekeng e K’hatholike le bolumeling ba hae ba lithatho. Leha ho le joalo, sethepu le tsela ea bophelo ea boitšoaro bo bobe li ne li ntse li mo kentse litlamong. O ile a hlokomela hore ho ba e mong oa batho ba Jehova, o ne a tla tlameha ho li tela. Joale ka letsatsi le leng lintho li ile tsa fetoha.
Ba bang ba tsoang Phuthehong ea Abomey ea Lipaki tsa Jehova ba ile ba tšoaroa ’me ba kenngoa teronkong. Litaba tsena li ile tsa hasana ho pholletsa le motse. Ha ho mohla Germain a neng a kile a bona batho ba malumeli a mang ba tšoaroa ka tsela eo. O ile a khahloa haholo ke boikemisetso ba Lipaki tsa Jehova ba ho mamella mahloriso e le hore li ka bolela molaetsa oa Bibele. O ne a kholisehile hore Lipaki tsa Jehova ke Bakreste ba ’nete. (2 Tim. 3:12) O ile a etsa qeto. O ile a tlohela mokhoa oa hae oa bophelo ba sethepu, a lumellana le lithuto tsa Bibele ’me a nehela bophelo ba hae ho Jehova Molimo.
Leha ho le joalo, tumelo ea hae eo a e fumaneng bocha e ne e ke ke ea mo lumella hore a lahle basali ba hae ba pele kherehloa feela. Le hoja a ne a se a sa hlole a lula le bona, o ile a hlokomela litlhoko tsa bona nameng le moeeng ho fihlela ba nyaloa hamorao. Ba babeli ho basali ba hae ba pele hamorao e ile ea e-ba bahlanka ba inehetseng ba Jehova; moqekoa o ile a nyaloa ke mosebeletsi oa nako e tletseng ’me qetellong a sebeletsa le monna oa hae mosebetsing oa potoloho. Ba bangata ba bana ba hlahileng lenyalong la hae la sethepu le bona ba ile ba ithuta ’nete.
Takatso ea Motho ea Shoang
Ba bang le bona ba ne ba nyoretsoe ’nete. Amos Djagun e ne e le moeta-pele oa kereke ea Methodiste Kilibo, motse o ka leboea ho Benin, ’me Silas Fagbohoun e ne e le e mong oa litho tsa eona tse ka sehloohong. Empa ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a ne a etetse ha Silas Fagbohoun, ka ho toba o ile a bolela hore eena le ba bang ba bangata ba ne ba sa khotsofala ke pherekano e teng kerekeng ea bona le hore ba ne ba tseba hore mekhoa e fosahetseng ea lumelloa har’a bona. Eena ka boeena o ne a e-na le basali ba babeli le linyatsi tse ngata, ho akarelletsa le mosali oa e mong oa baboleli ba ka sehloohong ba kereke ea hae.
Ka mor’a hore Lipaki li etele Amos Djagun, o ile a bokella hammoho litho tse ngata tsa kereke tseo a neng a tseba hore li lapetse ’nete. Molebeli oa potoloho, ea neng a etile ka nako eo, o ile a ba bontša mokhoa oa ho ithuta Bibele ka thuso ea buka ea “’Nete e be ea Molimo” le bukana ea “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso.” O ile a boela a ba bontša mokhoa oa ho sebelisa temana ea letsatsi le letsatsi hamolemo. Ba bangata ba bona, ho akarelletsa le Amos Djagun le Silas Fagbohoun, ba ile ba amohela lintho tseo ba ithutang tsona ka thabo e khōlō.
Ka ho hlakileng, Silas Fagbohoun o ne a labalabela hore mosali oa hae le bana ba hae ba amohele tumelo ea hae eo a e fumaneng bocha, empa ho ne ho bonahala ba arabela ka monyebe. Bosiung ba pele ho lefu la hae, ka June 1963, Silas o ile a bitsetsa mora oa hae oa letsibolo, Joseph, pel’a bethe ea hae ’me a re: “Ke masoabi hore ebe ho tla fihlela joale ha u e-s’o emele bolumeli ba ’nete ka tieo. Tseba hore seo u se hanang hona joale ke ’nete e isang bophelong bo sa feleng. Ke rapela hore Jehova a be le uena mosebetsing o thata oo ke u sielang oona; ka mor’a mona ua ikarabella bakeng sa baena ba hao kaofela. Ba hlokomele nameng empa haholo-holo moeeng.” Na takatso ea ho qetela ea Mor’abo rōna Fagbohoun e ne e tla phethahala?
Joseph o ne a bonahala a le leqe ho fetoha maikutlong a hae. Ka mor’a nako e itseng, o ile a ngolisa sekolong se bohareng sa Prostanta Cotonou. Ha a le moo, ka letsatsi le leng o ile a ba le puisano ea Mangolo le moruti ka pel’a sehlopha sa liithuti tse 80. Karabelo ea moruti lipotsong tse ngata e bile, “Hoo ho lula e le sephiri sa bomolimo.” Ka thuso ea buka ea “’Nete e be ea Molimo,” Joseph o ile a khona ho fana ka likarabelo tse khotsofatsang lipotsong tse ngata tsa Bibele. Mantsoe a ho qetela a ntate oa hae a ntse a luma ka litsebeng tsa hae, Joseph o ile a kōpa phatlalatsa, ka pel’a sehlopha sohle le ka pel’a moruti, hore lebitso la hae le hlakoloe lethathamong la ho ba setho sa Prostanta. O ne a lokolohile! O ile a kolobetsoa ka July 1964 ’me a nkela tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla ka 1969.
Le hoja e le motho ea mosa haholo ea pelo e ntle, mosali oa Mor’abo rōna Fagbohoun, Lydie, ha aa ka a bona ho hlokahala hore a fetole bolumeli ba hae. O ne a lumela hore a ka ba le bophelo bo sa feleng ’me a ’na a lula e le Moprostanta. Leha ho le joalo, o ile a buleha mahlo ha moruti ea hōlileng kerekeng ea hae a mo kōpa hore a be le likamano tsa botona le botšehali le eena e le ho mo “tšelisa” bohlolohaling ba hae! Ha ho mohla a kileng a beha leoto la hae kerekeng eo! Ka ho khothatsoa ke mora oa hae le ho thusoa ke pula-maliboho ea khethehileng, o ile a qala ho ithuta le Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a nako e itseng, hase feela hore o ile a kolobetsoa empa hoo e batlang e le bana ba hae kaofela ba ile ba etsa hore ’nete e be ea bona.
Baromuoa ba Koetlisitsoeng Gileade Baa Fihla
Barab’abo rōna ba ile ba thaba hakaakang ha baromuoa ba pele ba tsoang Sekolong sa Gileade ba fihla ka la 3 February, 1963! Keith le Carroll Robbins ba ne ba fetile sehlopheng sa bo37 sa Gileade. Ba ile ba fumana lehae ’me kapele ba ithuta puo ea Segun. Barab’abo rōna ba ile ba khothatsoa haholo ke boteng ba Lipaki tsena tse ling tseo e neng e le ba basoeu—bopaki ho bona ba bonngoe ba bara ba motho lefatšeng ka bophara. Ba tsamaea ka libaesekele, baromuoa ba ne ba sa etele liphutheho tse sekhoeng feela empa ba ile ba boela ba koetlisa ba bang ba neng ba abetsoe ho etsa joalo. Ha ba ho fumana ho hlokahala hore ba khutlele ha habo bona Canada ho ea hlokomela boikarabelo ba lelapa, barab’abo rōna ba sebakeng seo ba ile ba ikutloa ba lahlehetsoe haholo.
Likhoeling tse latelang, baromuoa ba bang hape ba babeli ba Macanada ba ile ba abeloa Benin—Louis le Eleanor Carbonneau. Ba ne ba tseba Sefora, kahoo phutheho ea puo ea Sefora e ile ea thehoa Cotonou kapele ka mor’a hore ba fihle. Taba ea hore ho ne ho e-na le lingoliloeng tse ngata tsa ho ithuta ka puo ea Sefora ho ile ha tlatsetsa khōlong e potlakileng ea moea sehlopheng seo.
Mor’abo rōna Carbonneau e ne e le molula-setulo oa Kopano ea Setereke ea “Tholoana ea Moea” Abomey ka November 1964. Sepolesa se ne se le teng, tumellanong le tloaelo ea sona libokeng tse khōlō. Ha sea ka sa fumana phoso; ha e le hantle, se ne se e-na le botsoalle haholo ho barab’abo rōna ’me sa thabela lipuo tsa Bibele. Hape se ile sa hlolloa ke ho bona batho ba 1442, ba bang ba tsoa ka leboea ’me ba bang ba tsoa ka boroa, kaofela ba tsoakane e le bara ba motho. Sena e ne e le se ikhethang hobane ho ne ho e-na le merusu ea ho qholotsana ka nako eo pakeng tsa ba leboea le ba boroa.
Baromuoa ba bang le bona ba ile ba sebeletsa Benin—ba bang e le feela ka nako e khutšoanyane; empa ba bang ba ile ba tla ka takatso ea ho e etsa lehae la bona. Ka mor’a ho lieha ka lebaka la meferefere ea lipolotiki Benin, Don le Virginia Ward le Carlos le Mary Prosser ba ile ba fihla mathoasong a 1966. Hang ka mor’a hore ba fihle, ka March 1966 ofisi ea lekala e ile ea thehoa Cotonou ho tsamaisa boboleli ba litaba tse molemo naheng ena.
Esale ho tloha ka 1948, Lipaki tsa Jehova li ne li ’nile tsa batla hore mosebetsi oa tsona oa thuto ea Bibele o ngolisoe ka molao Benin, empa sena se ne se ’nile sa hanoa. Ka hona, e bile thabo e kaakang ha li bona lebitso Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania koranteng ea ’muso ea Benin, le tsebiso ea hore Lipaki tsa Jehova li ka ruta Bibele ka ntlo le ntlo likarolong tsohle tsa naha le hore baromuoa ba ne ba tla lumelloa ho phetha litšebeletso tsa bona ntle ho tšitiso!
Nako ea ho Kena Lenyalong
Pele ho 1966, ho ne ho se na tokisetso e entsoeng ke ’muso bakeng sa ho ngolisa manyalo ka molao. Manyalo ’ohle a ne a ketekoa ka tsela ea tloaelo, empa barab’abo rōna ba ne ba boetse ba romela setatemente se saennoeng ofising ea lekala. Leha ho le joalo, ka 1966 ’muso o ile oa etsa tokisetso ea hore manyalo a ngolisoe ka molao, le hoja e ne e se ntho e tlamang. Baromuoa ba ile ba bontša Lipaki tsa sebaka seo hore ke habohlokoa hore manyalo a tsona a ngolisoe, tumellanong le tokisetso ena ea molao.
Hona ho ile ha hlahisetsa barab’abo rōna mathata a mefuta e sa tšoaneng. Ba pele, ho ne ho hloka chelete ho etsa joalo—chelete eo ho neng ho le thata haholo ho e fumana. Ba bobeli, ho ne ho tla tlameha hore ho tsejoe matsatsi a tsoalo a banyalani ba bacha. Hangata a ne a sa tsejoe, kaha e ne e le ka seoelo ho bolokoang litlaleho tse nepahetseng. Ho sa tsotellehe litšitiso tsena, batho ba Jehova ba ne ba ikemiselitse hore manyalo a bona a “hlomphehe” mahlong a Molimo.—Baheb. 13:4.
Lipaki tse Hetin, motse oo boholo ba oona matlo a teng a hahiloeng holim’a lithupa, li ile tsa etsa qeto ea hore ho ke ke ha hloka chelete e ngata ho lokisetsa hore mongolisi oa ’muso oa manyalo a tle ho tsona ho e-na le hore lipara tsa banyalani tse 25 li ee ho eena. Kaha li ne li le ngata haholo, mongolisi eo o ile a lumela. Ha a qetella a fihlile, o ile a fumana ho e-na le lipara tsa banyalani tse 60 tse emetseng hore manyalo a tsona a ngolisoe ka molao! Ho ne ho etsahetse’ng? Ha ho ntse ho etsoa litokisetso bakeng sa mokete ona o moholo oa lenyalo la batho ba bangata, ba metseng e meng ba ile ba utloela ka hona. Kaha baeta-pele ba bona ba likereke ba ne ba sa ba thuse ka letho hore manyalo a bona a ngolisoe, ba ile ba kōpa Lipaki hore na le bona ba ka sebelisa monyetla oo oa litšebeletso tsa mongolisi oa ’muso ha a e-tla. Ka nako ea likhoeli tse ka bang tse ’nè, boholo ba phutheho bo ile ba eketseha ka potlako ho tloha ho bahoeletsi ba 69 ho ea ho ba 90.
Ho Lokisetsa Mehaho e Loketseng ea Lekala
E le hore ofisi ea lekala e ka sebetsa ka nepo, ho ne ho hlokahala mehaho e loketseng. Don Ward e ne e bile sehahi pele a kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ka 1968 o ile a sebelisa phihlelo eo mabapi le kaho ea ofisi ea lekala e kopaneng le lehae la baromuoa Cotonou. Ka thuso ea bo-pula-maliboho ba 16 le Lipaki tse ngata tsa sebaka seo, kaho ka boeona e ile ea nka likhoeli tse robeli feela. Mokatong oa pele oa mehaho, ho ne ho e-na le Holo ea ’Muso e ntle, hape le sebaka sa ofisi, sebaka sa ho jela, le sebaka sa thomello bakeng sa lekala. Ka holimo, likamore tse tšeletseng li ne li shebile ka serapeng se seholo se tletseng lifate tsa lipalema. Letša le phatsimang le nang le liketsoana tse entsoeng ka sefate tsa batšoasi ba litlhapi li ne li ka bonoa li hasane ha u talima le ka holim’a lerako la serapa.
La 12 January, 1969, le tla lula le ntse le hopoleha e le letsatsi le khethehileng historing ea Benin ea puso ea Molimo. Letsatsing leo mehaho e mecha ea lekala le lehae la baromuoa e ile ea neheloa ho Jehova. Barab’abo rōna ba ile ba e-ba le boikutlo ba hore mohaho o motle joalo kannete e ne e le bopaki ba tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing oa bona. Leha ho le joalo, habohlokoa le ho feta mohaho oo, e ne e le botho ba Bokreste bo neng bo hahuoa ka litšoaneleho tsa bomolimo.
Botšepehi—Tsela e Nepahetseng
Daniel Aïnadou, ea neng a sebetsa ho e ’ngoe ea lihotele tsa boemo bo phahameng, tšoaneleho ea botho ba hae ba Bokreste e ile ea behoa tekong ka letsatsi le leng. Ha a nka borikhoe ba moeti e mong oa hotele ho bo isa ho bahlatsoi, o ile a fumana chelete e lekanang le R1135 ka pokothong e ’ngoe. Chelete ena e ne e lekana le moputso oa hae oa lilemo tse fetang tse peli. O ne a tla etsa joang? Nahana feela, o tšoere letlotlo ka letsohong la hae ’me ha ho ea mo bonang.
Mor’abo rōna o ne a sa tsoa kolobetsoa empa haufinyane o ne a sa tsoa ithuta ka botšepehi sehloohong sa Molula-Qhooa. O ne a ikemiselitse hore a se ke a khopisa Molimo ka ho amohela leruo le fumanoeng ka bolotsana. O ile a tlaleha chelete eo ho ea amohelang lithelefono le baeti. Empa ha eo a bona chelete eo kaofela, a nkela mor’abo rōna ka thōko ’me a re: “Ha re ipolokele chelete ena ’me re e etse lekunutu la rōna.” Mor’abo rōna a re: “Nke ke ka etsa hoo. Ke Mokreste ’me ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.” Tlelereke eo ea re: “Le ’na ke Mokreste. Ke ea kerekeng e K’hatholike kamehla. Ha ke bone phoso ea letho ka ho ipolokela chelete ena. Ho feta moo, monna eo o e lahlile, na ha ho joalo?” Ka sebete, mor’abo rōna a nka chelete eo a e isa ho mong’a hotele, ea ileng a e kenya ka seifing.
Hamorao, moeti eo o ile a khutlela kamoreng ea hae ’me ka lehlapha-hlapha a batla chelete ea hae—tlas’a bethe, ka polokelong ea liphahlo, ka mor’a litulo. Ho ne ho se na moo a e fumanang. A tšoenyehile haholo, a ea ho mong’a hotele, ea ileng a mo tiisetsa hore chelete ea hae ha ea lahleha empa e ka seifing ea hotele. Hoba a fumane hore e mong oa basebetsi ba hotele o e tlisitse, moeti eo o ile a kōpa ho kopana le motho enoa ea tšepahalang. A khahliloe haholo, moeti eo o ile a re: “Kea tseba hore Lipaki tsa Jehova ke batho ba molemo. Ha ke khutlela Fora ka sebele ke tla li batla hobane ke batla ho tseba ho eketsehileng ka tsona.” Esita le mookameli oa hotele, eo pele a neng a se na nako ea Lipaki tsa Jehova, joale o ile a bolela hore o thabile hore ebe lia mo sebeletsa.
Ketsahalo ena ha ea ka ea lebaleha kapele. Hamorao, ho tlalehoa moeti e mong a ile a lahleheloa ke chelete e nyenyane ’me a qosa Mor’abo rōna Aïnadou ka hore o e utsoitse. Ha mong’a hotele a utloa ka ketsahalo eo, o ile a potlakela ho sireletsa mor’abo rōna ’me a pheta phihlelo e ka holimo.
Lilemong tse latelang, ho ile ha tlalehoa keketseho e tsitsitseng palong ea Lipaki tse mafolofolo Benin. Ka 1971, baromuoa ba 22 ba ile ba sebeletsa tšimong ena le ofising ea lekala ea teng. Ka 1975, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 2381 ba mafolofolo tšebeletsong ea tšimo, ha ho bapisoa le tlhōrō ea ba 290 feela morao koo ka 1950. Ka sebele Jehova o ne a hlohonolofatsa ba pelo li tšepahalang ba neng ba itokolla litlamong tsa bolumeli ba bohata. Leha ho le joalo, hase bohle ba ileng ba thabisoa ke keketseho e joalo. Maru a matšo a mahloriso a ne a qala ho phethesela.
Liphetoho Pusong
“Pour la révolution?” (Na u loketse phetohelo ea puso?) “Prêt!” (Ke e loketse!) Tseo e ne e le litumeliso tse tloaelehileng literateng tsa Benin ha puso ea Marx le Lenin e laola naha mathoasong a 1975. Qetellong ea lengolo le leng le le leng le tsoang liofising tsa ’muso ho ne ho fumanoa mantsoe ana, “Na u loketse phetohelo ea puso, ntoa e tsoela pele!”
Batho ba Jehova ba tsebahala lefatšeng lohle e le batho ba sa jeleng paate litabeng tsa lipolotiki, le matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele a ne a sa ba lumelle ho pheta mapetjo a joalo. (Joh. 15:19; 18:36) Hona ho entse hore ba hlouoe haholo.
November 1975—Oa Tšoaroa
Pierre Worou o ne a tšoarehile tšebeletsong ka November 1975 ha a ne a kopana le monna e mong ea ileng a mo lumelisa ka lepetjo la lipolotiki. Ha Mor’abo rōna Worou a sa arabele ka tsela ea teng, kapele-pele o ile a isoa setsing sa sepolesa. Mapolesa a ile a leka ho etsa hore a phete mapetjo ao, empa a hana. O ile a qobelloa ho khasa ka mangole le ka litsoe lihora tse ’maloa. Mor’abo rōna Worou o ile a ema a tiile.
Qetellong ba bang ba barab’abo rōna ba ile ba buisana le liofisiri tsa sepolesa tse ikarabellang, ’me kaha e ne e le Sontaha, li ile tsa lumela ho mo lokolla qetellong ea letsatsi leo. Se etsahetseng se ile sa lemosa barab’abo rōna se larileng ka pele.
December 1975—Litemoso Tsa Seea-le-moea le Tsa Likoranta
Ka December seea-le-moea se laoloang ke ’muso, “The Voice of the Revolution [Lentsoe la Phetohelo ea Puso],” se ile sa hlasela bolumeli bo hlophisitsoeng ka kakaretso. Ho tlalehoa hore lihlopha tsa bacha li ile tsa tlatlapa likereke tse ling. Bahlohlelletsi ba bangata ba phetohelo ea puso ba ile ba lemosa Lipaki hore li khaotse ho bolela. Ka la 14 January, 1976, ho paka phatlalatsa ho ne ho sitisitsoe libakeng tse ngata ke ba boholong. Ho ne ho koetsoe Liholo tsa ’Muso libakeng tse tšeletseng, ’me liboka li ne li thibetsoe malapeng a mararo. Hetin, Holo ea ’Muso e ne e nkiloe ka mahahapa ’me e sebelisetsoa liboka tsa lipolotiki. Empa, libakeng tse ling tse khōloanyane tsa litoropo, bo-pula-maliboho le baromuoa ba ne ba ntse ba khona ho tsoela pele tšebeletsong ntle ho tšitiso e khōlō haholo.
March 1976—Lithibelo Lia Eketseha
Ka la 24 March, 1976, lekala la Benin le ile la tlalehela Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova: “Ba boholong likarolong tse sa tšoaneng tsa naha ba tsoela pele ho thibela mesebetsi ea bolumeli ka litsela tse sa tšoaneng. Mekete e mengata ea lithatho le mekete e meng ea bolumeli e thibetsoe likarolong tse ngata tsa naha. Ho bolela ka ntlo le ntlo kapa libakeng tse sa tšoaneng tsa litoropo le metseng le hona ho thibetsoe.”
Libeke tse peli hamorao, lekala le boetse la tlalehela Sehlopha se Busang: “Sebakeng se seng ka leboea (Gouka) phutheho eohle ea barab’abo rōna (empa e seng baralib’abo rōna) e ile ea tšoaroa ’me ea bolokoa lihora tse 72. E ne e le ho ba lemosa ka mosebetsi oa ho bolela le ho leka ho qobella barab’abo rōna ho pheta mapetjo a lipolotiki, ao ba ileng ba hana ho a pheta. . . . Barab’abo rōna ba ile ba bolelloa hore ba ka kopanela Holong ea bona ea ’Muso hafeela ba ka hloma folakha ka pel’a eona, hape pele le ka mor’a seboka se seng le se seng, ba ne ba tla tlameha ho hlophisa nako ea ho bina lipina tsa lipolotiki le mapetjo. Barab’abo rōna ba ne ba tseba hore ba ne ba ke ke ba etsa sena, ’me ba ile ba tlameha ho tsoela pele ba tšoarela liboka tsa bona malapeng a barab’abo bona.”
April 1976—Barab’abo Rōna ba Cotonou Baa Tšoaroa
Tsitsipano ea lipolotiki e ile ea tsoela pele ho eketseha ho pholletsa le naha. Mathoasong a April, libaka tse ngata tsa mosebetsi li ne li e-na le linako tsa thupelo beke le beke bakeng sa mapetjo a lipolotiki, mekete ea folakha, pina ea sechaba le lithupelo tsa “ho kenngoa moea.” Ba neng ba sa kopanele libokeng tsena ba ne ba lokela ho tlalehoa ho ba boholong. Ho ile ha bitsoa seboka se joalo sebakeng se seng Cotonou moo ho neng ho sebetsa barab’abo rōna ba bararo le morali’abo rōna. Barab’abo rōna ba ile ba hana ho ba teng sebokeng; morali’abo rōna o ile a ea empa a hana ho kopanela. Ha ba itlaleha mosebetsing ka Mantaha o latelang, pele e bile morali’abo rōna ’me hamorao ea e-ba barab’abo rōna, ba ile ba qobelloa ho matha seterateng ka pel’a koloi ea sepolesa ho ea ntlo-khōlō ea sepolesa—sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tseo e ka bang tse hlano. Ka nako eo morali’abo rōna e ne e le moimana oa likhoeli tse ’nè. Ha ba le setsing sa sepolesa, boemo ba bona ha boa ka ba fetoha; ba ile ba hana ho pheta mapetjo a lipolotiki. Le hoja ba ile ba otloa hampe, ba ile ba ema ba tiile—ho tetekoa ha hoa ka ha senya tumelo ea bona.
Carlos Prosser, a emetse Komiti ea Lekala ea Benin, o ile a ngolla Sehlopha se Busang ka la 7 April, 1976: “Ha ke ngola lengolo lena, morena oa setereke le balebeli ba hae le mongoli oa hae ba ne ba nketetse. O ile a botsa ka taba ea mapetjo, ho lumelisa folakha, joalo-joalo ’me ke ile ka khona ho buisana le eena ka tse ling tsa lintlha tsena. O ile a boela a bolela hore ba bang ba batho ba rōna ba tšoeroe ka lebaka la ho hana ho kopanela linthong tsena ’me a boela a bolela letoto la mabitso leo a ntseng a le lokisa. Ketelo ea hae e ne e batla e le ea botsoalle empa o ne a tiile lintlheng tse ling, ka mohlala, a bolela hore ha re sa lumelloa ho bolela malapeng a batho empa re lokela ho lula ‘tempeleng’ ea rōna. Ha re tsebe hore na banna bana ba boholong ba rera ho etsa eng, empa re kholisehile ka ntho e le ’ngoe: Lipaki tsa Jehova li tsebahala ho feta leha e le neng pele, ’me re rapella hore sena sohle se sebeletse ho ba bopaki. Baromuoa bohle ba qala ho ipotsa hore na re saletsoe ke nako e kae mona.”
Matla a Mahloriso a Hloa Mekoalaba
Ka la 16 April, 1976, khasong ea seea-le-moea sechabeng, letona la tsa ka hare le ile la nyatsa Lipaki tsa Jehova ka matla. Har’a lintho tse ling, le ile la bolela hore Lipaki tsa Jehova li hana ho kopanela lithupelong tsa ho kenngoa moea le hore li rutiloe hore li ke ke tsa pheta mapetjo a lipolotiki. Ka puo e matla, le ile la bolela hore haeba Lipaki tsa Jehova li sa fetole maikutlo a tsona bofelong ba khoeli eo, baemeli ba tsona kaofela bao e leng ‘baemeli ba nang le mangolo ba C.I.A.’—e leng ho neng ho emela hampe seo baromuoa ba se etsang—ba tla ntšoa ka hare ho naha!
Ho ile ha phatlalatsoa lipolelo tse joalo ka libeke tse ka bang tse peli likarolong tsohle tsa Benin. Ba bangata bao ho neng ho se mohla ba kileng ba utloela ka Lipaki tsa Jehova ba ile ba qala ho ipotsa, ‘Batho baa bao ho buuoang ka bona hakaale ke bo-mang?’ Khaso eo ea litaba e ile ea tsosa takatso e khōlō ea ho tseba, ’me lebitso la Jehova le ile la utluoa ho pholletsa le naha ka tekanyo eo Lipaki ka botsona li neng li sa khone ho e finyella ka tšebetso ea tsona ea phatlalatsa e neng e thibetsoe joale.
Moemeli e mong ea tsoang ofising ea morena oa setereke o ile a tla lekaleng ho tla fumana lebitso la e mong le e mong le makolopetso a mang. Ba ne ba batla mabitso a bohle ba ka sehloohong ka har’a naha. Ba ile ba fuoa mabitso a baromuoa ba phelang lekaleng le kopaneng le lehae la baromuoa. Ha ba tsamaea, litlaleho le lifaele tsohle tsa Mokhatlo li ile tsa tlosoa mehahong ’me tsa patoa ka hloko.
Letsatsing le hlahlamang, la 17 April, liofisiri tse peli li ile tsa khutla, li kōpa ho bona motho ea ikarabellang. Kaha ka bobeli li ne li tsuba, Mor’abo rōna Prosser o ile a li bolella hore li tla tlameha ho tima lisakerete tsa tsona pele li kena. Tsa lumellana le kōpo eo ’me ha thoe li kene ka ofising. Li ne li ntse li batla mabitso a barab’abo rōna bohle ba ikarabellang ho pholletsa le naha. Empa ka nako eo, lifaele tsa bohlokoa lekaleng li ne li le sieo, esita le haeba li ne li ka etsa qeto ea ho batlisisa.
Lihora Tsa ho Qetela Bakeng sa Baromuoa
Ka la 26 April, 1976, barab’abo rōna ba bang ba ile ba nahana hore e ne e tla ba bohlale ho ea bona morena oa setereke Akpakpa, Cotonou, ho ea hlalosa litaba ka ho hlakileng haholoanyane. Hoja lekala le ne le ile la tseba boikemisetso ba bona, bohato bo joalo bo ka be bo sa ka ba khothalletsoa. Le hoja baholo ba bang ba sebaka seo ba ile ba leka ho thibela moifo ona o nang le boikemisetso bo botle, o ile oa tsitlallela ho ea. Phello e bile e mpe haholo. Ka mor’a ho bua le oona ka nakoana, morena oa setereke o ile a hoeletsa mapetjo a mang a lipolotiki, ’me ha o sa arabele, a re o tšoaroe.
Ka nako ena, baromuoa ba 10 ho ba 13 ba ne ba ntse ba le ka hare ho naha. Mor’abo rōna le Morali’abo rōna Mahon ba ne ba lebeletse ngoana ’me ba ne ba ntse ba itokisetsa ho khutlela Engelane ka mor’a libeke tse seng kae. Ka lebaka la boemo bo sokelang, lekala le ne le ile la ba khothalletsa ho tsamaea kapele kamoo ho ka khonehang ho e-na le ho ema ho fihlela motsotso oa ho qetela. Ba ne ba entse joalo. Maryann Davies oa lehaeng la baromuoa Porto-Novo o ne a le Canada ka lebaka la ho kula ha ’mè oa hae.
Mantsiboeeng a la 26 April, baromuoa ba setseng ba ile ba fetoha “batšoaruoa” Lehaeng la Bethele—ba ne ba ke ke ba tsoa, leha e le hore ho na le ea neng a ka kena. Ho ne ho se na thelefono. Baromuoa ba qala ho phutha lintho tsa bona haeba ho ne ho ka etsahala hore ba ntšoe ka hare ho naha.
Ka la 27 April, 1976—Ho Nkoa Mohokahanyi oa Komiti ea Lekala
Hoseng ha le hlahlamang, lepolesa le hlometseng le ile la tla lata Mor’abo rōna Prosser. Le ile la mo bolella hore a kene veneng ea Mokhatlo ’me a khanne; nako ena kaofela lepolesa le ne le mo supile ka sethunya. Mor’abo rōna Prosser o ile a isoa setsing sa sepolesa Akpakpa ho ea botsoa lipotso. Ha aa ka a hlekefetsoa ’meleng, empa ba ile ba leka ho mo halefisa ka ho mo rohaka.
Lepolesa le ile la kharuma: “Re fe mabitso a batho ba lōna bohle ba ka sehloohong!” Mor’abo rōna Prosser o ile a arabela: “Nke ke ka le fa mabitso a barab’eso. Haeba le a batla, le ka tla Holong ea ’Muso ’me le ingolle ’ona.” Ba ile ba amohela karabelo ena. Leha ho le joalo, o ne a tseba hore ha ho na kotsi kaha e ne e le nakoana ho se ho se liboka tse tšoareloang Holong ea ’Muso. Liboka joale li ne li tšoareloa malapeng le lihlopha tsa Thuto ea Buka ea Phutheho.
“Ho thoe’ng ka Samuel Hans-Moévi? Na ha u mo tsebe? Na hase e mong oa batho ba lōna?” Potso ena e ile ea nyarosa Mor’abo rōna Prosser. Ba ne ba patile litlaleho tsa Mokhatlo ha Mor’abo rōna Hans-Moévi ka har’a lisutuk’heise tse peli tsa khale, tse sohlokehileng. Litlaleho tsena li ne li e-na le mabitso a barab’abo rōna ba bangata. Na sepolesa se ne se se se fumane litlaleho tseo? Mor’abo rōna Prosser o ile a khona ho etsa hore a bonahale a sa tšoha, ha botebong ba pelo ea hae a ne a rapella tataiso ea Jehova.
Qetellong lipotso li ile tsa fela. Ho ne ho sa fanoa ka mabitso, le Mor’abo rōna Prosser o ne a sa ntšoa kotsi ’meleng. Eaba oa lokolloa—a le mong! Lilemo hamorao, ha a nahana ka motsotso oo, Mor’abo rōna Prosser o ile a re: “Monahano oa ka oa pele e bile hore: ‘Nka etsa eng ho thusa barab’abo rōna?’ Eaba kea nahana: ‘U hlokomele! E ka ’na eaba ke leraba. Ba ka ’na ba rera ho ntatela ka tšepo ea hore ke tla ba isa ho barab’abo rōna.’”
Mor’abo rōna Prosser oa hopola: “Ho e-na le ho toba hae, ke ile ka tšela borokho ’me ka leba toropong ho ea sheba hore na ebe ho na le mangolo posong. Ke ne ke sa batle ho etsa ntho leha e le efe e neng e tla thatafalletsa barab’abo rōna. Empa ke ne ke chesehela ho ba bona hore ke ba tiisetse hore kaofela ha rōna re bolokehile le ho ba fa tataiso bakeng sa matsatsi a tlang.
“Ka kena tseleng ho leba hae, nako ena kaofela ke ntse ke ipotsa hore na nka kopana le barab’abo rōna joang. Ka tšohanyetso, ha hlaha moea o matla haholo, ’me ha qala ho na pula ea litloebelele. Ntle ho temoso, ke ile ka fetoa ke sethuthuthu se palangoeng ke batho ba babeli. Ka ipotsa hore na e ka ba bo-mang, kaha ho ne ho le kotsi ho feta borokhong bo bosesaane, haholo-holo puleng e tšolohang. Joale sethuthuthu se le ka pel’a ka, monna ea ka morao eaba oa hetla ’me o phahamisa helmete ea hae e le hore nka mo tseba. Ho makaleng ha ka, e ne e le setho sa Komiti ea Lekala! ’Me mokhanni e ne e le setho se seng! Ke ne ke qetile matsatsi ke sa ba bone kahobane re ne re thibeletsoe lehaeng la Bethele le kopaneng le la baromuoa.
“Pula e ile ea tsoela pele ho tšoloha ka matla a maholo, ’me batho ba bangata ba ile ba balehela moo ba ka itšireletsang teng. Ke ile ka tšela borokho, ka feta ka tsela e lebang ntlong ea rōna eaba ke ema ka thōko ho tsela . . . ke rapela . . . ke letile . . . ka tšepo ea hore ke tla bona barabeso, mohlomong ka lekhetlo la ho qetela.
“Ho ile ha bonahala eka ke nako e telele, empa qetellong sethuthuthu se palangoeng ke barab’abo rōna ba babeli sa ema pel’a ka. E ne e le nako e ntle ea ho bua, kaha ho ne ho se motho ea haufi ka lebaka la pula e tšolohang. Ke ile ka bolella barab’abo rōna hore hoa hlokahala hore ho tlosoe litlaleho tsa Mokhatlo li isoe sebakeng se seng, ka lebaka la seo mapolesa a se buileng nakong ea lipotso. Re ile ra boela ra buisana ka taba e amang bo-pula-maliboho ba khethehileng, litokisetso bakeng sa balebeli ba potoloho hore ba potlakele ho etela liphutheho tsohle ho li tsebisa ka se etsahalang, le merero ea ho tsoela pele ba kopana ka lihlotšoana tse nyenyane malapeng. Ho ne ho totobetse hore ho ne ho tla ba le thibelo haufinyane.”
Ho Phenya-phenngoa Lehae la Bethele le Kopaneng le la Baromuoa
Ka Labobeli thapama, la 27 April, masole a ile a lika-liketsa lehae la Bethele le kopaneng le la baromuoa. A ne a nkile lithunya tsa merathatha. Lesole le leng le ne le le keiting, le leng le le monyakong o ka morao, ’me a mang a le jareteng. Baromuoa bohle ba ile ba laeloa ho ea ka kamoreng ea ho jela ’me ba ne ba supiloe ka lithunya. Ka bonngoe ba ile ba isoa likamoreng tsa bona, moo ho phenya-phenya ho neng ho etsoa ke masole, a neng a kholisehile hore a tla fumana boitsebiso bo pakang hore baromuoa ke lihloela tsa Amerika kapa bahlohlelletsi ba phetohelo ba linaha lisele. Masole a ile a leba kamoreng ea Margarita Königer ’me a qala ho phenya-phenya. Aha! Joale a fumane litokomane tse pakang hore ba ka qosoa—kapa a ne a nahana joalo. A ile a nka kopi ea Morali’abo rōna Königer ea lengolo la thato ea mofu la ntate oa hae le neng le ngotsoe ka puo ea Sejeremane! A ne a kholisehile hore ke molaetsa oa mongolo oa lekunutu. Kamoreng ea Peter Pompl, a ile a fumana seo a neng a lumela hore ke litaelo tsa lekunutu, empa ha e le hantle e ne e mpa e le litaelo tse ngotsoeng ke ngaka tsa meriana bakeng sa setšoa sa lenala la monoana oa leoto.
Kamore ea Carlos le Mary Prosser e bile ea ho qetela e ileng ea phenya-phenngoa. Sutuk’heising e ’ngoe, masole a ile a fumana chelete e ngata haholo. E ne e ntšitsoe bankeng ea Mokhatlo matsatsi a mabeli pejana, kaha ho ne ho tšajoa hore mohlomong ba tla thibeloa ho ntša chelete bankeng. Kaha e ne e le nakoana baromuoa kaofela ba thibeletsoe ka tlung, ba ne ba sa khona ho ntša chelete eo ka tlung. Ka lebaka le itseng, ha masole a e fumana, a ne a batla a tšaba ho e thetsa ’me kapele-pele a e busetsa ka sutuk’heising. Hamorao chelete eo e ile ea isoa lekaleng Lagos, Nigeria, e ntse e le joalo.
Morali’abo rōna Prosser o hlalosa boemo: “Le leng la masole ao le ile la re ho ’na, ‘Le bile mona nako e telele, ka sebele u tlameha u tseba mabitso a ba bang ba ikarabellang phuthehong ea lōna.’ Ke ile ka arabela, ‘Ha e le hantle, ua tseba hore na ho joang mona, ha ho na motho ea hlileng a bitsoang ka lebitso la hae le feletseng. Re tseba e mong le e mong e le Ntate Emmanuel kapa ’Mè Eugenie, le a mang. Ha ke hlile ha ke tsebe lebitso la e mong le e mong la molao.’ Lesole le botsang lipotso le ile la tlameha ho tšeha ’me la re, ‘U hlile u bile mona nako e telele!’”
Morali’abo rōna Prosser o tsoela pele: “Re ile ra hlokomela hore e mong oa banna bao o ne a khaolitse ho phenya-phenya kamore ea rōna ’me o ne a lutse fatše. Ofisiri ea hae e laolang e ile ea hlokomela sena ’me ea mo bolella hore a tsoele pele ka mosebetsi. Karabelo ea hae e bile e amang maikutlo ha a sheba holimo ’me a re: ‘Ke tsebile Monghali le Mofumahali Prosser ka lilemo tse ngata, ’me ba ’nile ba buisana le ’na ka Bibele ha ka. Joale nka tla moo joang ho tla phenya-phenya kamore ea bona?’”
Masole a ile a qeta ho phenya-phenya kamore ea ba ha Prosser ’me a theohela mokatong o ka tlaase. A ne a sa fumana letho le pakang hore ba ka qosoa. Boholo ba baromuoa bo ne bo se bo qetile nako e ngata ea bosiu bo poma mabitso lifaeleng leha e le life tseo ho etsahetseng hore ebe li ntse li le lekaleng. Lipampirinyana tsena li ile tsa isoa le metsi a ntloana kapa tsa chesoa. Nakong ea ho phenya-phenya hona, e mong oa balebeli o ile a hlokomela totoma e kubellang jareteng ’me a botsa ka eona. Mor’abo rōna Prosser a arabela: “E, moo ke moo re chesetsang lithōle tsa rōna teng.” Ka bobeli molebeli le Mor’abo rōna Prosser ba ne ba tseba hore ho chesitsoe litokomane tsa bohlokoa.
Le leng la masole a ntseng a phenya-phenya sebakeng sa thomello le ile la hooa, “Tlong le tl’o bona!” Masole a ne a fumane lirolo tsa litheipi hammoho le taba e ngotsoeng ea tšoantšiso ea Bibele e tsoang kopanong ea setereke. A ne a kholisehile hore mabitso a batšoantšisi tšoantšisong eo e tlameha ebe ke a banna ba ka sehloohong mokhatlong. Ka thabo a bokella litheipi le likopi tsa taba eo e ngotsoeng e le bopaki.
Ho ea Sûreté Nationale
Masole a ile a laela baromuoa ho tlisa liphasepoto tsa bona, ’me ba ile ba isoa Sûreté Nationale, lekala la Litaba tsa ka Hare. Ba ile ba balloa lipampiri tsa ho ntšoa ha bona ka har’a naha—baromuoa ba ne ba lokela ho isoa meeling ’me ba lelekoe hona hoo, kantle le hore ba khutlele hae ho ea nka lintho tsa bona! Ka lehlohonolo, nako e ne e se e le ea ho koala, ’me boholo ba mapolesa bo ne bo se bo ile hae. Kaha ho ne ho se ea ka ba felehetsang ho ba isa meeling, baromuoa ba ile ba laeloa ho khutlela hae ’me ba be ba loketse ho tsamaea ka 7:00 hoseng.
Mor’abo rōna Prosser oa pheta: “Nakong eo re fihlang hae ka eona, e ne e se e le ka mor’a 8:00 bosiu. Re ne re tseba hore e ne e tla ba bosiu bo thata. Ba likete-kete ba bahlohlelletsi ba phetohelo ba ne ba pota-potile lehae la rōna ’me ba bina mapetjo a lipolotiki, ba ntšetsa metsi leboteng, ba bitsa baromuoa ka mabitso a nyefolang. Boitšoaro bo joalo bo ile ba tsoela pele bosiu kaofela. Ha ho ea ileng a robala haholo, haeba a bile teng, hobane re ne re sa tsebe hore na mokhopi ona o halefileng ka ntle o tla etsa eng. Ba bang ba ile ba ipotsa ba thōtse hore na ba ne ba tla ntšoa kotsi bosiung boo kapa hore na ba tla be ba ntse ba phela letsatsing le hlahlamang. Baralib’abo rōna ha baa ka ba ameha maikutlo ’me ba lla empa ba ile ba tšoareha ka ho paka thoto le ho khothatsana. Ka thuso ea Jehova, bahlohlelletsi ba phetohelo ha baa ka ba kena ka lehaeng, leha e le hore ho na le ea ileng a tsoa kotsi ’meleng. Leha ho le joalo, khatello ea maikutlo le ho tšoenyeha kelellong e ne e le teko eo baromuoa ba ileng ba khona ho e mamella ka tšehetso ea Jehova feela ka thapelo le ka ho khothatsana.” E ne e tla ba ho khothatsang hakaakang ho thusana le ho itšetleha ka Jehova lihoreng tse tlang!
Letsatsi la ho Qetela Benin
Mahlaseli a pele a letsatsi la hoseng a ile a hlaha ka har’a maru hoo e ka bang ka 6:00 hoseng, a tsebisa ho qala ha letsatsi le lecha. E ne e le ka la 28 April—letsatsi le neng le sa tl’o lebaleha habonolo. Joalokaha e ne e le tloaelo ea bona, baromuoa ba ile ba bokana tafoleng ea lijo tsa hoseng ka 7:00 hoseng ho tla tšohla temana ea Bibele ea hoseng hoo. Ka sebele kajeno e ne e se letsatsi la ho hlokomoloha ho ithuta Lentsoe la Molimo! Baromuoa kaofela ba ne ba tseba hore ba ne ba tla hloka matla a eketsehileng hore ba fete letsatsi leo.
Theophilus Idowu, Monigeria ea neng a ithutile puo ea Segun lilemo pejana, o ne a sebeletsa e le mofetoleli lekaleng, le hoja a ne a sa lule teng. O ne a ntse a shebeletse boemo boo kaofela a le ka ntle. Kaha ho ne ho se ea ka kenang kapa a tsoa, ho ne ho se na bohobe bakeng sa lijo tsa hoseng. Mor’abo rōna Idowu o ne a ho tseba hoo, kahoo a ea lebakeng, ’me a reka bohobe ’me a itlhahisa ho lesole le keiting ea Bethele e le monna oa bohobe. O ne a apere liaparo tsa khale tse tabohileng a khohlelitse katiba ka mahlong e le hore ho se be le ea mo tsebang har’a letšoele le ntseng le pota-pota ka ntle. Molebeli o ile a mo lumella ho kena. Baromuoa ba ile ba thaba hakaakang ha ba bona Mor’abo bona ea ratehang Idowu ka sefahleho se bososelang hape! Ketso ena e bonolo e ile ea fana ka moelelo o mocha thapelong, “Re fe kajeno bohobe ba rōna bakeng sa letsatsi lena.” (Mat. 6:11) E, baromuoa ba ile ba bona letsoho la Jehova litabeng ’me ba fumana matla ho lona.
“Kou! kou! kou!” Ho na le motho ea neng a toula keiti e khōlō. Ha puisano ea temana ea letsatsi e qala, ho ne ho utloahala morusu o moholo ka ntle. Morena oa setereke le bahlohlelletsi ba bang ba phetohelo ba ne ba hlomme palo ea folakha ka ntle ho setša sa lekala, pontšo ea hore joale mohaho e ne e le oa “sechaba.” Baromuoa ba ile ba laeloa hore ba tsoele ka ntle ho tla kopanela tšebeletsong ea ho phahamisa folakha. Ba ne ba sa tsebe hore na ba tla nkoa ka khang, empa kaofela ba ne ba ikemiselitse ho se kopanele ho eona. E mong oa baromuoa, Paul Byron, o ile a bolela: “Ba tla tlameha ho tla nkhula ka likhoka.” Tlhaloso ea hae e ile ea sebeletsa ho matlafatsa boikemisetso ba baromuoa ba bang. Ka lebaka le leng—mohlomong e le ho kenella ha Jehova—masole ha aa ka a etsa hore baromuoa ba tsoele ka ntle. Hona ho ile ha ba fa metsotsonyana e eketsehileng hore ba qetele temana ea letsatsi.
Ka mor’a tšebeletso ea ho phahamisa folakha, liofisiri tsa sesole li ile tsa laela baromuoa hore ba tlise liphahlo tsa bona mokatong o ka tlaase. Li ile tsa phenya-phenngoa haholo. Ba ile ba lumelloa ho nka feela se ka lisutuk’heising tsa bona. Lintho tse ling tsohle li ile tsa siuoa. Masole a ile a nka Mor’abo rōna Prosser a mo isa likamoreng tsa Bethele hore a notlele mamati ’me a laela hore a a fe linotlolo. Lekala le ne le nkiloe ka likhoka! Barab’abo rōna ba sebakeng seo ba ne ba shebeletse ka lipelo tse bohloko ketsahalo eo kaofela ba le hojana ka ntle ho marako a Bethele ha baromuoa ba bona ba ratehang ba ntšoa lehaeng la bona ’me ba felehetsoa joalokaha eka ke linokoane ba lebetsoe ke molebeli ea hlometseng.
Ho Ntšoa ka Hare ho Naha!
Baromuoa ba ile ba boela ba isoa Sûreté Nationale, ’me ba fuoa e mong le e mong lipampiri tsa ho ntšoa ka har’a naha. Kaofela ntle le Margarita Königer le Gisela Hoffmann ba ile ba isoa veneng ea Mokhatlo hore ba tle ba isoe moeling oa Nigeria. Hamorao Morali’abo rōna Königer le Morali’abo rōna Hoffmann ba ile ba isoa moeling oa Togo.
Molebeli ea hlometseng ea neng a palame koloing le boholo ba baromuoa, o ne a tšohile haholo. O ne a kholisehile hore o felehetsa linokoane tse kotsi ho li isa moeling. O ile a lumella koloi ho ema ha e tšela peterole feela. Mosebeletsi e monyenyane oa karacheng, ea ileng a tseba koloi ea Mokhatlo, o ile a botsa hore na ke morusu oa eng. Moromuoa e mong o ile a arabela a khathetse matla: “Re baromuoa ba ntšoang ka hare ho naha ka lebaka la ho bolela ka Bibele.” A arabela: “Le se ke la khathatseha, le tla khutla ka letsatsi le leng.” Mantsoe a mohlankana eo a ile a ipaka e le ’nete, empa eseng hang-hang.
Tlas’a Thibelo
Koranta ea Benin Ehuzu ea la 30 April, 1976, e ne e e-na le sehlooho se reng “LEQULOANA LA ‘LIPAKI TSA JEHOVA’ LE THIBETSOE PEOPLE’S REPUBLIC OF BENIN.” Mahloriso e ne e se ntho e ncha ho batho ba Jehova naheng ena. Ho tloha mehleng ea pele, Satane o ’nile a sebetsa ka thata ho thibela metsi a ’nete hore a phallele qhobosheaneng ena ea bolumeli ba bohata.
Ka mor’a matsatsi, libeke le likhoeli baromuoa ba lelekiloe, barab’abo rōna ba bangata—ba fetang 600—ba ile ba baleha naheng eo ba e-na le lintho tse fokolang haholo tse bonahalang empa moeeng ba e-na le tse ngata. Ba bangata ba ileng ba sala, ba banyenyane le ba baholo, ba ile ba otloa ntle ho mohau. Ha ba bang ba ile ba lahleheloa ke lintho tsohle tsa bona le mesebetsi ea bona.
Barab’abo rōna ba neng ba e-na le maemo a bohlokoa mesebetsing ke bona ba ileng ba ameha haholo, kaha ba ne ba lebeletsoe ho qetella lengolo le leng le le leng, ho arabela thelefono le ho lumelisa batho ka mapetjo a lipolotiki a kang “Na u loketse phetohelo ea puso?” le “Ntoa e tsoela pele!” Apollinaire Amoussou-Guenou o ne a hlokomela tleliniki ea bongaka sebakeng sa Cotonou. O ile a hana ho kopanela mesebetsing e joalo hobane o ne a tšehetsa ’Muso oa Molimo feela. Litho tsa lelapa li ile tsa mo kōpa ka tieo hore a phete mapetjo ao, a mpe a fapanye molomo le pefo feela. Mochana oa hae e monyenyane o ile a mo hopotsa: “Nahana ka bana ba hao.” Ha mahloriso a ntse a e-hloa mekoalaba khahlanong le batho ba Jehova, o ile a etsa qeto ea ho tloha Benin ho ea Nigeria.
Ha a le Nigeria o ile a ngola: “Ka nakoana feela, ke lahlehetsoe ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe linthong tse bonahalang—ntlo, koloi le mosebetsi. Hona joale ke lula ntlong e ntseng e hahuoa mona Nigeria. Ha ho na lifensetere kapa mamati leha e le samente fatše. Ke na le bana ba ka ba robong, ’me ka lehlohonolo ba baholo ba babeli ba fumane mesebetsi. Re loantša libōkō, menoang, pula le serame. Mor’eso e mong o re file bethe e nyenyane eo re e sebelisang e le ea lesea la rōna le likhoeli li tharo. Re khotsofaletse seo re nang le sona ha re tsoela pele re behile tšepo ea rōna ho Molimo oa rōna ea lerato, Jehova, eo haufinyane a tlang ho hlakola meokho eohle mahlong a rōna.” Ka mor’a hore thibelo e behoe, mahlomola a barab’abo rōna ba bangata a ne a tšoana le ana.
‘Ho ba Seli Joaloka Linoha’
Maemo a joalo a ne a ke ke a thibela bolumeli ba ’nete. Ho ne ho ntse ho e-na le batho ba nkang ho lokoloha litlamong tsa bolumeli e le ntho ea bohlokoa haholo. Balebeli ba potoloho ba ile ba tsoela pele ba etela liphutheho empa hangata e le ka nako ea matsatsi a mabeli kapa a mararo feela lekhetlo ka leng. Joale barab’abo rōna ba ne ba tlameha ho ba seli le ho bonela pele ho qoba ho tšoaroa. Boholo ba balebeli ba potoloho ba ne ba apara liphahlo tsa khale tse litšila ha ba kena toropong, hangata pele mafube a hlaha kapa ka mor’a shoalane, e le hore ho se ke ha e-ba le ea hlokomelang ho fihla ha bona. Haeba ho ka etsahala hore ho be le ea belaelang hore na ke bo-mang, kamehla ba ne ba loketse ho chencha kapele ba apara tse ling. Zacharie Elegbe, eo hona joale e leng setho sa Komiti ea Lekala ea Benin, o hopola a etela liphutheho e le molebeli oa potoloho nakong eo. O ile a re: “Ke hopola ka lekhetlo le leng ke qeta letsatsi lohle ke le ka molikong oa poone ha ba boholong ba ntse ba mpatla. Ke ne ke utloa mantsoe a bona, empa ha baa ka ba nahana ho ncheba ka molikong. Ke ile ka khona ho tsoela pele ka leeto la ka qetellong ea letsatsi.”
Hore ho tšoaroe seboka sefe kapa sefe se seholo ka nako eo, ho ne ho lokela ho fumanoa tumello e fanoang ke holo ea sebaka seo ea motse. Leha ho le joalo, bahlanka ba Jehova ba ile ba ipaka ba “le seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo [e] le ba hlokang molato joaloka maeba.” (Mat. 10:16) Ha ho ne ho tsebahala hore ho na le ba batlang ho nyalana, ho ne ho kōptjoa tumello ea ho etsa mokete ho ba boholong sebakeng seo. Hangata e ne e fanoa ka ntle ho mathata a letho. Molula-setulo o ne a ee a qale lenaneo ka ho hlalosa kamoo “mokete oa matsatsi a mabeli” o neng o tla tšoaroa kateng. Mokete oa matsatsi a mabeli? E. Ha e le hantle mokete ona e ne e hlile e le kopano ea setereke e nyenyane! Banyalani ba bacha ba ne ba ee ba lule moleng o ka pele ka pel’a libui, ’me lipuo tse thehiloeng Bibeleng li ne li fanoa molemong oa banyalani ba bacha le bamameli ba thabileng. Ketsahalong e ’ngoe e joalo motseng oa Hetin, ba fetang 600 ba ile ba ba teng “moketeng” oo ’me ba 13 ba kolobetsoa. Batho ba bangata ba motse ba ne ba ee ba bolele hore Lipaki tsa Jehova li na le mekete e sa tloaelehang ea machato—haholo-holo ha ba utloa ka kolobetso! Mapato le ’ona a ne a fana ka menyetla ea ho tšoara likopano.
Lingoliloeng tsa Bibele li ne li tlisoa ka har’a naha ka litsela tse sa tšoaneng—ka liketsoana tsa masokoana, ka libaesekele, mekotlana e jaroang mahetleng, ka litsela tsa merung kapa ka mokhoa leha e le ofe o neng o bonahala o loketse ka nako eo. Hase bohle ba boholong ba neng ba hanyetsa mosebetsi oa rōna ka mabifi. Ke kahoo, ka 1984, ha barab’abo rōna ba babeli ba banyenyane ba ne ba tšela nōka ka seketsoana sa masokoana ka moroalo oa lingoliloeng tse tsoang Nigeria, ba ileng ba tšohanyetsoa ke liofisiri tse peli tsa lekhetho la thepa e kenang le e tsoang ka lehlakoreng la Benin. Na lingoliloeng tseo li ne li tla nkuoa ka mahahapa, kapa na barab’abo rōna ba ne ba tla otloa ’me ba kenngoe teronkong? E ngoe ea liofisiri tsa lekhetho la thepa e kenang le e tsoang e ile ea batla ho tseba, “Ke eng se ka mekotlaneng?” Barab’abo rōna ba arabela: “Lingoliloeng tsa Bibele.” “E reng re boneng.” Barab’abo rōna ba ile ba ba fa e mong le e mong kopi ea bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, eo ba ileng ba e amohela habonolo. “Le sa ntse le tlisetsa Lipaki tsa Jehova lingoliloeng?” Barab’abo rōna ba hatsela, ba sa tsebe hore na joale ba re’ng. Ofisiri ea lekhetho la thepa e kenang le e tsoang ea re: “Tsamaeang.” Bara bao babo rōna ba babeli ba leboha Jehova ba khutsitse. Mehlala e joalo e ile ea matlafatsa tšepo ea barab’abo rōna ea hore Jehova o ne a hlohonolofatsa boiteko ba ho isa lijo tsa moea ho barab’abo rōna “ka nako e tšoanetseng.”—Mat. 24:45.
“Lentsoe la Molimo ha Lea Tlangoa”
Lipaki tse ntseng li le Benin li ne li ke ke tsa thōla ho bua ka linnete tsa bohlokoa tse lipelong tsa tsona. Ke kahoo phetoho e bileng teng bophelong ba Maurice Kodo. E ne e le tichere ea sekolo Calavi, motse o bohōle ba lik’hilomithara tse 20 ho tloha Cotonou. O ne a nahana hore haeba e ne e le motho ea molemo, o ne a tla ea leholimong. Leha ho le joalo, ha a kopana le Lipaki tsa Jehova, o ile a ithuta Bibeleng hore ho ne ho hlokahala ho eketsehileng haeba a batla ho amoheloa ke Molimo. Motsoala oa Maurice o ile a mo tsebisa moahelani oa hae oa Paki, ’me Paki eo, ha e bona hore Maurice o thahasella Bibele, kapele-pele ea etsa tlhahiso ea thuto ea Bibele e sa lefelloeng. Maurice le mosali oa hae ba ile ba qala ho ithuta Bibele ’me ba tsoela pele ka potlako. Kapelenyana o ile a batla ho kopanela mosebetsing oa ho bolela, kaha o ne a kholisehile hore o fumane ’nete. Ka ho hlakileng, barab’abo rōna ba ne ba tlameha ho etsa bonnete ba hore o tiile. Ba bang ba ne ba e-na le thahasello ea boikhakanyo, e le hore ba ba eke feela. Leha ho le joalo, ho ne ho se joalo ka Maurice Kodo. O ile a sebelisa monyetla o mong le o mong hore a bue ka ’nete le beng ka eena, metsoalle le bao a sebetsang le bona.
Kahoo ka la 11 February, 1982, Mora le Morali oabo rōna Kodo ba ile ba tšoaroa. Ba ile ba kenngoa teronkong hammoho le mor’abo rōna eo pele a neng a ithuta Bibele le bona le motho ea sa tsoa thahasella eo Mor’abo rōna Kodo a neng a ithuta le eena. Hobane’ng? E ka ’na eaba e ne e le Lipaki tsa Jehova ’me ba ne ba bua le baahelani ba bona ka ’Muso oa Molimo kapa ba ne ba bontša thahasello ho seo Lipaki li se rutang. Ho latela tlaleho e neng e entsoe ke ba boholong, motse oa Calavi o ne o fetoha “setsi sa tšebetso” ho Lipaki tsa Jehova. Seo se ile sa halefisa ba boholong haholo.
Ba bane ba neng ba tšoeroe, ho akarelletsa le mosali oa Mor’abo rōna Kodo, ba ile ba kenngoa ka seleng hammoho le likebekoa tse mpe ka ho fetisisa le hona e le maemong a sehlōhō ka ho fetisisa. Ba ile ba bolelloa hore ba ne ba ka lokolloa haeba ba ne ba ka etsa ntho e le ’ngoe feela e bonolo—ho saena lengolo le bolelang hore ha e sa le Lipaki tsa Jehova. Barab’abo rōna ba ile ba hana ho etsa sena kantle ho tikatiko. Ba ne ba ke ke ba latola Molimo oa bona, Jehova. Boinehelo ba bona ho eena e ne e le bo sa lekanyetsoang le bo ke keng ba sekisetsoa. Boemo bona bo ile ba halefisa liofisiri, ’me lingoliloeng leha e le life tsa Bibele tseo barab’abo rōna ba neng ba e-na le tsona ka seleng ea bona ba ile ba li amohuoa.
Bana ba babeli ba Mora le Morali oabo rōna Kodo, Nadine le Jimmy (ba lilemo li tšeletseng le tse tharo ka ho latellana), ba ile ba kula. Morali’abo rōna Kodo o ile a kōpa hore na a ka khutlela hae ho ea hlokomela bana ba hae ba kulang. Ho ile ha hanoa, empa o ile a fuoa tumello ea ho ba hlokomella hona teronkong. Joale ba ne ba tšeletse ka teronkong, ho akarelletsa le bana!
Ba ne ba tla keteka Sehopotso se tlang joang? Barab’abo rōna sebakeng seo ba ile ba khona ho ba kenyetsa bohobe bo sa lomosoang le veine ka sekhukhu bakeng sa mokete. Mor’abo rōna Kodo oa hopola: “E ne e le ntho e sa tloaelehang. Ha re ntse re keteka Sehopotso, ho bile le khutso e itseng e ileng ea e-ba teng teronkong eo, hoo mokete oa rōna oa Sehopotso o sa kang oa sitisoa.”
Qetellong, ofisiri ea sebaka seo e neng e ikarabella bakeng sa ho kenngoa ha bona teronkong e ile ea isoa karolong e ’ngoe ea naha. Monna ea ileng a e nkela sebaka o ne a batla a le molemonyana; kahoo ka la 26 May, likhoeli tse tharo le halofo ka mor’a hore ba kenngoe teronkong, ba ile ba lokolloa.
Lilemo tse ’nè hamorao Mor’abo rōna Kodo o ile a iphumana a le ka mor’a litšepe tsa teronko hape—lekhetlong lena ka lebaka la ho hana ho pheta mapetjo a lipolotiki. Hamorao o ile a bolela kamoo a ileng a sebelisa nako ea hae ka bohlale kateng: “Ke ile ka sebeletsa joaloka pula-maliboho ea thusang ha ke le teronkong. Lekhetlong lena, ke ile ka khona ho lula ke e-na le lingoliloeng tse ngata bakeng sa ho li sebelisa ‘tšimong ea ka ea botho.’ Ke ile ka bolella ba bang bao ke leng teronkong le bona, balebeli, le mapolesa, ’me ka khanna lithuto tse ngata tsa Bibele.” Le hoja a ne a le teronkong, ‘lentsoe la Molimo le ne le sa tlangoa.’—2 Tim. 2:9.
Ha ba hetla morao, barab’abo rōna baa lumela hore motse oa Calavi o hlile oa fetoha “setsi sa tšebetso” bakeng sa batho ba Jehova. Ho tloha ho bahoeletsi ba 4 ka 1982, palo ea bona e hōlile, hoo hona joale ho nang le liphutheho tse peli tse hōlang mono, tse nang le bahoeletsi ba fetang 160. Ho tloha ha a kolobetsoa, Mor’abo rōna Kodo o bile le tokelo ea ho thusa batho ba fetang 30 ho fumana bolokolohi, eseng litlamong tsa teronko, empa ho Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata.
Bofelong ba bo-1980, liphetoho li ile tsa qala ho ba teng pusong. Ho ne ho se ea tsebang hore na phello e tla ba efe. Empa maqhubu a chesang a mahloriso holim’a batho ba Jehova a ile a qala ho kokobela. Libakeng tse ling ba ne ba bile ba khona le ho tšoaroa liboka phatlalatsa, empa eseng hohle.
“Ke Mpa ke le Selelekela Feela”
Nakong ena ho ne ho etsahala phihlelo e bontšang hore ho ne ho sa ntse ho e-na le ba bangata Benin ba neng ba tla thabela ho amohela linnete tse lokollang tsa Lentsoe la Molimo. Pierre Awhanto o ne a nyahamisitsoe ke ho bona boikaketsi ba bolumeli, lerato la chelete le boitšoaro bo bobe Eglise du Christianisme Céleste (Kerekeng ea Bokreste ea Leholimo), eo e neng e le setho sa eona. Le hoja kereke eo e ne e sebelisa ho phekola ka tumelo, sena ha sea ka sa khona ho pholosa ngoana oa hae lefung. Moruti o ile a mo bolella hore: ‘Molimo o bitselitse mora oa hao leholimong.’ A sa khotsofatsoa ke tlhaloso eo ’me a tšoentsoe le ke mekhoa e lumelloang ka kerekeng, o ile a e tsoa ka 1973, ka sepheo sa ho iqalla bolumeli ba hae. O ne a batla bolumeli bo lokolohileng boikaketsing le mekhoeng e khopo eo a neng a e bone libakeng tse ling.
Kahoo e ile ea e-ba moqapi ea ipehileng le moruti oa Kereke ea Ayi-Wiwé (Pelo e Halalelang). Ka 1964 o ne a ile a kopana le Lipaki tsa Jehova. O ne a li tsota. O ne a kholisehile hore haeba a iqalla kereke ea hae, le eena o ne a ka ba le bolumeli bo lokolohileng meharong le boitšoarong bo bobe joaloka ba Lipaki tsa Jehova. Ka nako e khutšoanyane, kereke ea hae e ile ea hōla ea ba le balateli ba fetang 2700 liphuthehong tse 21. O ile a thabela ho ba le tšusumetso e matla le leruo.
Ka letsatsi le leng ho ile ha tla monna e mong hore a tl’o mo phekola. O ne a e-na le boloetse ba letlalo bo neng bo pheheletse ka nako e telele. Pierre Awhanto o ile a mo folisa. Monna eo o ile a thaba hoo a ileng a mo fa ntlo e le moputso!
Leha ho le joalo, boitšoaro bo bobe le meharo, eona mekhoa e ileng ea susumetsa Pierre Awhanto hore a thehe bolumeli ba hae, joale e ne e kena ka kerekeng ea hae. O ile a qala ho hlokomela hore haeba a batla borapeli bo hloekileng, o ne a ke ke a etsisa batho ba Jehova—o ne a tla lokela ho ba e mong oa bona. O ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Butle-butle, o ne a ruta a le sefalaneng seo a ithutileng sona thutong ea hae ea Bibele le Lipaki. Hangata o ne a qetella thuto ea hae ka polelo e sa tloaelehang: “Ke mpa ke le selelekela feela. Bajari ba sebele ba ’nete ba tla tla hamorao.” Ba bangata ba neng ba mo utloa ba ne ba ipotsa hore na sena se bolela’ng.
Ka mor’a hore a eketse makhetlo a ho ithuta ha hae le Lipaki hore e be habeli ka beke, o ile a hlokomela hore o tla tlameha ho etsa qeto. O ile a bitsetsa baruti bohle ba hae hammoho sebokeng. Ba ne ba le 28 kaofela ha bona. A sebelisa Mangolo, o ile a hlalosa phapang pakeng tsa bolumeli ba ’nete le ba bohata. Sebokeng seo ho ile ha etsoa qeto ea hore litšoantšo tsohle tse likerekeng tsa bona li tla tlosoa le hore baruti ba ke ke ba hlola ba apara liaparo tse khethehileng tse telele. Joale baruti ba ile ba laeloa hore ba kopane le Lipaki sebakeng sa habo bona bakeng sa thuto ea lehae ea Bibele. Likerekeng tse ngata baruti ba ile ba qala ho etsa seo Pierre Awhanto a se entseng. Ka bo-Laboraro baeta-pele ba kereke ba ne ba ee ba ithute Bibele, ’me ka Lisontaha ba ne ba ee ba thehe thuto ea bona holim’a seo ba ithutileng sona. Hamorao, tokisetso ea Laboraro e ile ea fetoha Thuto ea Buka ea Phutheho, ’me thuto ea Sontaha ea fetoha puo ea phatlalatsa.
Ka 1989, Pierre Awhanto o ile a bitsa seboka sa balateli bohle ba hae. Ba fetang 1000 ba ile ba e-ba teng sebokeng seo Porto-Novo. Ketsahalong eo o ile a ba bolella: “Lea hopola hore ke ne ke tloaetse ho qetella thuto ea ka ka ho re, ‘Ke mpa ke le selelekela feela. Bajari ba sebele ba ’nete ba tla tla hamorao’? Ba qeteletse ba fihlile—ke Lipaki tsa Jehova!” Tsebiso eo e ile ea hlahisa karolo ea lipotso le likarabo e ileng ea nka lihora tse ka bang tse supileng! Hase bohle ba ileng ba talima sena e le litaba tse molemo. Ba bang ba ne ba rata tsela ea bona ea bophelo, e neng e akarelletsa ho ba le basali ba bangata. Leha ho le joalo, ho tla fihlela kajeno, Benin feela, ba ka holimo ho 75 bao e kileng ea e-ba litho tsa Kereke ea Ayi-Wiwé ba kolobelitsoe ’me ba bang ba ka bang 200 baa ithuta ’me ba tsoela pele ho ea fihla pakaneng e tšoanang. Ba bangata ba sehlopha seo ba boetse ba ithuta ho bala le ho ngola.
Ha e le ka Pierre Awhanto, o ile a kolobetsoa ka June 1991. O ile a khaola maqhama ’ohle ka molao le bolumeli ba hae ba pele. Tse robeli ho likereke tsa hae tsa pele li fetotsoe Liholo tsa ’Muso. Empa ho thoe’ng ka ntlo eo a ileng a e fumana e le mpho e tsoa ho monna eo a ileng a mo phekola? Mor’abo rōna Awhanto o ile a e khutlisetsa ho eena. Ka ho utloahalang, monna eo o ile a makala haholo. Empa mor’abo rōna o ile a hlalosa hore kaha joale o fumane ’nete, o ne a tseba hore pheko leha e le efe eo a ileng a khona ho e etsa e ne e le ka lebaka la matla a tsoang ho bademona eseng ho Molimo.
Ke ho khothatsang hakaakang ho bona batho—e, esita le palo e khōlō ea bona—ba lokolloa phosong ea bolumeli ’me ba fihla “tsebong e nepahetseng ea ’nete”! (1 Tim. 2:4) ’Me nako e ne e fihlile ea ha ba ne ba tla kopana ka bolokolohi hore ba rutoe ka Lentsoe la Molimo.
Letsatsi le sa Tl’o Lebaloa le ka Mohla
Ka la 24 January, 1990, barab’abo rōna ba babeli ba tsoang Benin ba ile ba leba Lagos, Nigeria, ba nkile tokomane ea bohlokoa. Ba ne ba batla ho tsebisa lekala la Nigeria, le neng le hlokomela mosebetsi Benin nakong ea lilemo tseo tse thata, hore Molao-taelo No. 004, oa la 23 January, 1990, o ne o phatlalatsa hore molao-taelo oa pele (No. 111 oa la 27 April, 1976) o neng o thibela mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Rephabliking ea Benin ho tloha nakong eo ha o sa sebetsa ebile ha o na matla! Qetellong Lipaki tsa Jehova li ne li lokolohile ka molao ho bolela phatlalatsa le ho tšoara liboka tsa Bokreste! Lipaki tsa sebaka seo li ne li tla tsebisoa joang?
Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho ba le seboka Cotonou. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba se hlophisang ha baa ka ba tsebahatsa lebaka la seboka sena esale pele. Lipaki tsa sebaka seo li ne li ntse li ipotsa hore na ke hobane’ng ha li ne li memeloa holong ea sechaba bohareng ba Cotonou. Ha li fihla, li ile tsa makala hakaakang ha li bona letšoao le leholo le amohelang Lipaki tsa Jehova! Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba ipotsa, ‘See se ka etsoa joang? Re thibetsoe.’ Ba bang ba ile ba ipotsa, ‘Na see ke leraba?’
Seboka se ne se lokela ho qala ka 10:00 hoseng, empa ka 9:00 hoseng litulo tsohle li ne li tletse. Ka har’a holo ho ne ho e-na le matšoao a mabeli a maholo. Le leng le ne le ngotsoe mantsoe a Tšenolo 4:11: “Ua tšoaneleha, Jehova, uena Molimo oa rōna, ho amohela khanya le tlhompho.” Le leng le ne le e-na le Pesaleme ea 144:15: “Ho lehlohonolo sechaba seo Jehova e leng Molimo oa sona!”
Ha seboka se qala, molula-setulo o ile a etsa tsebiso ea hore ho latela tokomane eo a e tšoereng letsohong la hae, “’muso o tlositse thibelo mosebetsing oa rōna!” Mor’abo rōna Olih, setho sa Komiti ea Lekala ea Nigeria ea neng a le teng, oa pheta: “Mehoo ea thabo le mahofi tse ileng tsa ananela tsebiso ena e ne e le tseo hoja mohaho oo o ne o sa hahuoa hantle, o ka beng o ile oa oa ka lebaka la ho bokellana ho hoholo ha molumo o kang oa letolo. Litlatse li ile tsa khaotsa hang ka nako e le ’ngoe, joaloka hoja ba teng ba ne ba batla ho hopola se builoeng. Eaba li qala hape, ’me hona ho ile ha tsoela pele metsotso e seng mekae. Molula-setulo o ile a bolela Pesaleme ea 126 empa a sitoa ho e bala ka lebaka la ho opa liatla. Ba ’maloa ba rōna, ho akarelletsa le molula-setulo, re ne re sekile meokho. Ho ne ho tšoana le ho bona pono ea tsoho, ha barab’abo rōna ba reteleha ho shebana le ho tšoarana ka matsoho ka ho leboha le ka thabo.”
Lipuong tse ileng tsa latela, barab’abo rōna ba ile ba babaletsoa mamello ea bona nakong ea thibelo ea lilemo tse 14. Ena e ne e se nako ea meokho ea ho hlonama empa e ne e le nako ea ho haha, ho sebelisa ka bohlale bolokolohi ba bona boo ba bo fumaneng bocha ka ho nka tšebeletso ea bopula-maliboho haeba boemo ba bona bo ba lumella, kapa ho hahamalla litokelo tse ling tsa tšebeletso ka liphuthehong. E ne e tla ba habohlokoa ho tsoela pele ho itšetleha ka Jehova, eo joale a neng a file batho ba hae tlhōlo! Seboka se ile sa tsoela pele ka lihora tse ’nè ho se khefutso, empa ho ba neng ba le teng ho ile ha bonahala eka ke metsotso e seng mekae feela.
Sebui sa ho qetela se ile sa bolela hore matsatsing a seng makae feela pejana, ha barab’abo rōna ba ne ba kopana seterateng, ba ne ba le hlokolosi hore ba se ke ba ekana. Empa ketsahalong ena ba ile ba bolelloa hore ba ka qala ho pheteletsa nako eo e fetileng ka ho lumelisa barab’abo bona ka bolokolohi. Hoo e ka bang lihora tse peli ka mor’a thapelo ea ho qetela e tlohang botebong ba pelo, Lipaki tse ngata li ne li ntse li le ka pel’a mohaho li kopana ka matsoho le ho akana le ho nchafatsa setsoalle sa tsona. Tokoloho ea bolumeli e ne e e-na le botle ba eona. Empa joale barab’abo rōna ba ne ba tla sebelisa tokoloho ee joang?
Ho Thabela ho Khona ho Kopana Bakeng sa Borapeli
Liholo tsa ’Muso ho ne ho hlokahala hore li hloekisoe, li pentoe le ho lokisoa e le hore li khutlisetsoe boemong ba hore li ka sebelisoa. Barab’abo rōna ba ile ba fana ka nako ea bona le matlotlo a bona ka bolokolohi hore ho etsoe mosebetsi. Mokhatlo o ile oa boela oa etsa litokisetso tsa hore balebeli ba potoloho ba etele liphutheho tsohle ka potlako, ba qeta matsatsi a mabeli kapa a mararo ho e ’ngoe le e ’ngoe. Tlhophiso e ncha e ne e tsoela pele.
Ke thabo e kaakang ho bona malapa a boetse a khobokana Liholong tsa ’ona tsa ’Muso! Hangata palo ea ba bang teng libokeng e mena ea bahoeletsi ka makhetlo a mabeli kapa a mararo. Ba bangata ba fihla ka libaesekele; ba bang ka lithuthuthu kapa ka liketsoana tse entsoeng ka sefate. Ba bang ba tsamaea ka maoto, ’me ho tsamaea ha bona lik’hilomithara tse ’maloa ha ho ba sitise ka letho. ’Mè o pepa lesea ka lesela. Bana ba baholo ba thusa ba banyenyane. Hangata ntate o nka libuka tsa bohlokoa tse hlokahalang bakeng sa seboka—ke tsa bohlokoa hobane ka tsona, Jehova o fana ka taeo, hape ke tsa bohlokoa hobane e ’ngoe le e ’ngoe ea libuka tse khōlō e ka lekana le moputso oa letsatsi kaofela.
Ka nako ea teng, Liholo tsohle tsa ’Muso ho pholletsa le naha, lehae la baromuoa Porto-Novo le mehaho ea lekala Cotonou, tse ileng tsa nkoa ka mahahapa nakong ea thibelo, li ile tsa khutlisetsoa ho beng ba tsona ba nepahetseng. Ho nchafatsoa ha mohaho ho hlokahalang lekaleng le lehaeng la Porto-Novo ho ile ha etsoa ka potlako, ’me ka August 1990, nako e ka tlaase ho khoeli ka mor’a hore setša sa lekala se khutlisoe, ho ile ha tšoareloa kopano hona moo setšeng sa Mokhatlo, ho le teng ba ka bang 2000. E mong le e mong o ile a hlokomela hore Lipaki tsa Jehova li ne li boetse li sebelisa setša sena mabapi le mosebetsi oa tsona oa thuto ea Bibele.
Lekala la Benin le ile la qala ho sebetsa hape ka September 1991, kahoo le etsa hore ho be bonolo ho kopana le barab’abo rōna haufi-ufi le ho ba thusa haholoanyane mabapi le ho sebetsana le litlhoko tsa bona tsa moea.
Ho Chesehela ho Pakela ’Nete
Lipaki tsa Jehova Benin li ne li batla ho bolela litaba tse molemo ka tsela eo barab’abo tsona linaheng tse ling ba neng ba li bolela ka eona. Nakong ea thibelo ea lilemo tse 14, ho paka ho hoholo ho ne ho etsoa ka tsela e sa reroang. Esita le baholo ba bang ha ho mohla ba neng ba kile ba paka ka ntlo le ntlo. Empa ka khothatso e itseng le taeo, ba ile ba qala.
Ho paka ha ho thata Benin. Batho ka kakaretso ba rata Bibele. Hangata ba fa Paki e etileng setulo ’me ba mamela ka hloko. Ha Lipaki li ntse li e-ea ka ntlo le ntlo, ho tloaelehile hore motho ea palameng baesekele a li hoeletse, a kōpa litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
Hangata, ho na le ba bangata ba tsoang lelapeng le le leng ba lulang matlong a nang le lebala le le leng. Ka lebaka la tlhompho, Paki e kōpa ho bua le hlooho ea lelapa pele. Ka morao ho moo, ho eteloa bara ba hae ba baholo le malapa a bona bao matlo a bona a shebileng ka lebaleng le le leng.
E le ho bontša kananelo bakeng sa sohle seo Jehova a ba etselitseng sona, ba makholo ba ile ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ka mor’a hore thibelo e tlosoe. Bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba kamehla le ba thusang ba ne ba le 162 ka 1989; ka 1996, ba ne ba le 610.
Ba fumane karabelo ea mofuta ofe? Banyalani ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba abeloa ho ea toropong eo ho se nang Lipaki ho eona. Ka likhoeli tse seng kae feela, nako e ile ea fihla ea ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste. Batho ba thahasellang toropong eo ba ile ba utloa hore ka tloaelo re ketekela Sehopotso Holong ea ’Muso, empa moo e ne e le sieo. E mong oa batho bana ba thahasellang o ile a atamela monna e mong ea nang le setša se seholo ’me a mo kōpa hore na ba ka hloekisa karolo e ’ngoe ea sona hore ba hahe Holo ea ’Muso. Monna eo o ne a rata mosebetsi o etsoang ke Lipaki kahoo o ile a lumela. Ka matsatsi a seng makae, bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng le batho ba thahasellang ba ne ba hloekisitse setša seo ’me ba hahile Holo ea ’Muso e ntle ea mabota a makala a lohiloeng a palema le marulelo a joang. Ka pele ho ne ho e-na le mathule a mabeli a makala a palema ’me a khabisitsoe ka lipalesa. Ha moprista oa mosali oa voodoo oa sebaka seo a leka ho fehla khanyetso, baholo ba motse ba ile ba mo bolella: “Ha u na setša motseng ona. Re batla hore Lipaki tsa Jehova li lule. Haeba li tsamaea, le uena u tla tsamaea!” Ha aa ka a hlola a baka khathatso. Bakeng sa Sehopotso, ho ne ho e-na le ba 110, har’a bona e ne e le bo-pula-maliboho ba khethehileng feela bao e neng e le Lipaki tse kolobelitsoeng.
Mehaho ea Kopano
Nakoana ka mor’a hore thibelo e tlosoe, setša sa lihekthere tse hlano se ile sa fumanoa Calavi, motse o haufi le Cotonou, le setša se kopaneng le seo sa lihekthere tse ’nè se ile sa rekoa hamorao. Motseng ona ke moo ba bang ba barab’abo rōna ba ileng ba kenngoa teronkong ka lebaka la ba boholong ba ileng ba re sebaka seo ke “setsi sa tšebetso” ho Lipaki tsa Jehova. Mantsoe ao a ne a fetohile ’nete hakaakang! Ka 1990, batho ba Jehova ba ile ba khona ho tšoarela kopano moo ka bolokolohi le hona e le setšeng sa bona!
Empa mehaho ea kopano e ka lekanang batho ba 4000 e ne e ka hahuoa joang ka chelete eo barab’abo rōna ba neng ba ka e khona? Ka mokhoa oo Lipaki tsa Jehova li etsang ka oona Afrika Bophirimela. Barab’abo rōna ba ile ba ea sekhoeng ’me ba ea rema makala a lifate tsa bamboo le tsa k’hok’honate. Lipalo tsa bamboo li ne li sebeletsa e le litulo. Ho ile ha hlongoa lipalo tse bophahamo ba lisenthimithara tse 50 fatše li sielane sebaka sa limithara tse 1,2. Tsena li ne li tla sebeletsa e le maoto a litulo. Ho ne ho rapalatsoa lipalo tse peli tse telele tsa bamboo pakeng tsa lipalo tse bophahamo ba lisenthimithara tse 50 ebe li faselletsoa ho tsona. Eke! Litulo bakeng sa batho ba 15. Lipalo tse khōloanyane tsa bamboo li ile tsa sebelisetsoa ho balla libalaka, ’me makala a ile a lohuoa ’me ha ruleloa ka ’ona. Le hoja mohaho o joalo o nela, o sireletsa e mong le e mong letsatsing la Afrika le chesang, ’me ba ka tlas’a oona ba lula ba phutholohile ka ho feletseng.
Ka nako e loketseng, mehaho e mecha ea lekala, hammoho le Holo ea Kopano e bulehileng ka mahlakoreng eo e leng mohaho o tiisetsang, li tla hahuoa mona.
Baromuoa Baa Khutla
Hoo e ka bang likhoeli tse tharo ka mor’a hore thibelo e tlosoe, ho ile ha ntšoa molao-taelo o mong oa ’muso. Molao-taelo ona o ile oa felisa o ileng oa felella ka hore baromuoa ba lelekoe ka 1976, ’me oa phatlalatsa hore Lipaki tsa Jehova li ne li lokolohile ho tsoela pele ka mosebetsi oa boromuoa Benin.
E le karabelo bohatong boo bo nkiloeng ke ’muso, ka November 1990, baromuoa ba ile ba boela ba abeloa Benin. Tab le Janis Honsberger, ba neng ba ntse ba sebeletsa Dakar, Senegal, ba ile ba boela ba abeloa Benin. Michel Muller le mosali oa hae, Babette, hammoho le Claude le Marie-Claire Buquet, ba ile ba fihla Benin matsatsi a seng makae hamorao. Ba ne ba sa tsoa sebeletsa Tahiti.
Mor’abo rōna Honsberger oa hopola: “Ka thabo re ne re maketse ke tsela eo batho ba neng ba itšoara ka eona ha re qala ho bolela ka ntlo le ntlo kabelong ea rōna e ncha. Ba ne ba hlile ba re amohela hape Benin! Monna e mong o ile a bolela hore ha baromuoa ba Lipaki tsa Jehova ba tsamaea lilemong tse fetileng, naha e ile ea qala ho nyotobela.” Hopola mantsoe a mosebeletsi e monyenyane karacheng ea peterole, a ileng a buuoa ho baromuoa ba neng ba tsamaea lilemong tse 14 pejana—“Le se ke la khathatseha, le tla khutla ka letsatsi le leng.” Mantsoe a hae a ne a phethahetse—baromuoa ba ne ba khutlile!
Mor’abo rōna Buquet o bitsa Benin paradeise ea baromuoa hobane batho ba bangata ba Benin ba na le lerato le tebileng ho Molimo le Bibele. Ba bangata ba baromuoa ba fetang 50 ba sebeletsang Benin hona joale ba ’nile ba emisoa seterateng ke motho e mong ea batlang ho kōpa thuto ea Bibele kapa karabelo potsong e tebileng ea Bibele!
Ho Sebelisa Bolokolohi ka Bohlale
Lilemong tse fetileng, batho ba Benin ba ile ba rekisoa e le makhoba ’me ba isoa mose ho maoatle. Le hoja e ne e le ntho e tšabehang, mofuta o mong oa bokhoba, o bakoang ke bolumeli ba bohata, o ntse o phehella ho tla fihlela kajeno. O tlama lipelo le likelello tsa batho ba ka ’nang ba nahana hore ba lokolohile. Ka linako tse ling, o baka tšabo e fetang ea phafa ea mong’a lekhoba.
Ba likete Benin ba ’nile ba lokolloa litlamong tse joalo ’me ba fetohile Lipaki tse thabileng tsa Jehova. Ba boetse baa tseba hore na ho bolela eng ho se be “karolo ea lefatše” ba etsisa Kreste. Ka lebaka leo, ba khona ho thabela bolokolohi litlamong tsa “’musi oa lefatše lena,” eo Jesu a itseng ha ho na moo a mo tšoarang teng. (Joh. 12:31; 14:30; 15:19) Lilemo tsa mahloriso a sehlōhō tse latsoitsoeng ke Lipaki tsa Jehova Benin ha lia ka tsa ba khutlisetsa litlamong hape. Ba ne ba tseba mantsoe a Jesu Kreste hantle: “Haeba ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa ka ho tšoanang.” (Joh. 15:20) Hape ba ne ba tseba hore moapostola Pauluse o ne a ile a ngola: “Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Tim. 3:12) Le hoja ba ile ba amohuoa bolokolohi ka nakoana ba hore ba ka kopana phatlalatsa bakeng sa borapeli le ho pakela ba bang phatlalatsa—ba bang ba bile ba kenngoa teronkong—leha ho le joalo, ba ile ba tsoela pele ba e-na le bolokolohi boo ho se nang motho ea neng a ka ba amoha bona.
Hona joale ho se ho fetile lilemo tse ka bang tse supileng esale thibelo e tlosoa ’me Lipaki tsa Jehova li boetse li ngolisoa ka molao. Na barab’abo rōna ba Benin ba ile ba sebelisa bolokolohi boo ka bohlale? Nakoana pele thibelo e tlosoa, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba mafolofolo ba ka bang 2300 naheng eo. Hona joale ho na le ba fetang palo eo habeli. Ha e le ka ba kopanelang tšebeletsong ea nako e tletseng, bana ba eketsehile ka makhetlo a fetang a mararo. Batho ba bangata ba arabela memong ea hore ba “nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšen. 22:17) Ha liphutheho li kopana bakeng sa Sehopotso sa lefu la Kreste, palo e khōlō ea batho ba thahasellang e ikopanya le tsona, hoo palo ea ba bang teng e fetang palo ea Lipaki ka makhetlo a fetang a mane. Ka ho hlakileng ho na le ho hongata ho ntseng ho lokela ho etsoa ho thusa bao ba thahasellang ho ananela le ho sebelisa lintho tsohle tseo Jesu ka boeena a li laetseng.—Mat. 28:19, 20.
Ho boetse ho na le maemo a mangata a thata ao batho ba tlamehang ho loana le ’ona hafeela tsamaiso ena ea khale ea lintho e ntse e tsoela pele. Leha ho le joalo, hoa thabisa ho etela liphutheho tsa batho ba Jehova Benin le ho bona a le hona teng bolokolohi boo Lentsoe la Molimo le seng le bo tliselitse batho ba mono. Ho na le eo e kileng ea e-ba rasethepu motseng oa Logou eo, ka lebaka la ho lakatsa ho amoheloa ke Jehova, a ileng a itokolla lineanong tsa sebaka seo tseo e seng tsa mangolo ’me hona joale o phela le mosali a le mong. Ho na le mohlankana e mong Phuthehong ea Togoudo Godomey eo ntate oa hae a ileng a mo fa menyetla ea thuto eo ba bangata ba neng ba tla e lalomela ka cheseho ’me a tšepisa hore ka mor’a nako mora e ne e tla ba moprista oa voodoo ’me lefa la hae e be ntlo ea ntat’ae le basali ba hae; empa ho e-na le hoo mora o ile a ikhethela ho sebeletsa Jehova. Ho na le morali’abo rōna Tori-Cada Zounmé eo pele a ileng a qeta lilemo tse ngata setsing sa voodoo empa eo hona joale e leng pula-maliboho ea kamehla. Mohlankana e mong ea neng a phela ka ho utsoa o apere botho bo bocha ’me hona joale o sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng Kotan. Monna e mong eo e kileng ea e-ba lesole ea kileng a hlorisa batho ba Jehova hona joale ke pula-maliboho ea kamehla hape ke mohlanka ea sebeletsang. Bana le ba bang ba bangata ba tšoanang le bona ba tšoarehile ho thusa batho ba tšepahalang ho ithuta kamoo ba ka fumanang bolokolohi litlamong tsa bolumeli, joalokaha le bona ba thusitsoe. Baa tseba ka lebaka la phihlelo hore “moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.”—2 Bakor. 3:17.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 66]
[Setšoantšo se leqepheng la 72]
Nouru Akintoundé o ile a khutlela Benin e le pula-maliboho ’me a thusa ba bangata ho qala ho sebeletsa Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 80]
Sehlopha sa ho ithuta ho bala le ho ngola Sekandji (1996)
[Setšoantšo se leqepheng la 86]
Germain Adomahou o ile a tlohela sethepu e le hore a ka ea phela le mosali oa hae oa pele, Vigue
[Setšoantšo se leqepheng la 89]
Amasa Ayinla le lelapa la hae, ha e ne e le molebeli oa potoloho Benin
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Carlos le Mary Prosser, baromuoa ba loketseng tšebeletso ea tšimo
[Setšoantšo se leqepheng la 95]
Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso ka 1975, nakong ea tsitsipano ea lipolotiki Benin
[Setšoantšo se leqepheng la 102]
Peter Pompl a e-na le Mary le Carlos Prosser—kaofela ba ile ba ntšoa Benin, hona joale ba sebeletsa Nigeria le Cameroon
[Setšoantšo se leqepheng la 115]
Pierre Awhanto, eo e kileng ea e-ba moruti ea ipehileng, hona joale ke mosebeletsi ea khethiloeng oa Molimo oa ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 116]
Seboka seo ho sona ho ileng ha phatlalatsoa ho tlosoa ha thibelo
[Setšoantšo se leqepheng la 118]
Mabala a kopano Calavi
[Setšoantšo se leqepheng la 123]
Ofisi ea lekala Benin, le Komiti ea Lekala bakeng sa selemo sa tšebeletso se fetileng (le letšehali ho ea ho le letona): Zacharie Elegbe, Tab Honsberger, Sourou Hounye