Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb97 maq. 208-252
  • Micronesia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Micronesia
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997
  • Lihloohoana
  • Ho se Tšoane, Senōko sa Bophelo ba Micronesia
  • GUAM: Setsi sa Tšebetso ea Lihlekehleke
  • ’Nete ea ’Muso e Fihla ‘Tšimong e E-song ho Sebetsoe’
  • Kamoo Litaba Tse Molemo li Ileng Tsa Fihla Guam
  • Ba ne ba Letetsoe ke Maemo a Thata
  • Ho Kena Trust Territory
  • Thuso e Tobileng e Tsoang ho Mopresidente oa Mokhatlo
  • Balebeli ba Tsamaeang ba Tlatsetsa Khōlong
  • Aterese ea Lekala e Hopolehang Habonolo
  • Merero ea Kaho ea Iketsetse
  • Khōlo e Eketsehileng Tlas’a Bolebeli bo Bocha
  • Ho Bua ka Lipuo Lisele
  • KIRIBATI: Ba re Tseba re le Te Koaua
  • Holo ea ’Muso—Hase Mohaho Feela Tjee
  • Libuka Tsa Mokhatlo li Nkoa e le Tsa Bohlokoa Haholo
  • LIHLEKEHLEKE TSA MARSHALL: Monyako oa Tšebeletso
  • Baahi ba Sehlekehlekeng ba Khahloa ke Baromuoa ba Bacha
  • Tloaelo e Tšosang ho Molebeli oa Potoloho
  • Hantle-ntle Bafu ba Hokae?
  • Khaso ea Seea-le-moea ho Batho ba Marshall
  • Ba Fokolang ba Fetohile ba Bangata
  • SAIPAN: Ho Tobana le Phephetso
  • Na Baromuoa ba Lokela ho Lahla Sehlekehleke Seo Kherehloa?
  • Leholiotsoana le Susumelletsa Sechaba ho Mamela
  • Ho Phehella Hoa Putsoa
  • Boikaketsi ba Kereke bo Fetolela ba Bang ’Neteng
  • Litaba Tse Molemo Lia Phatloha Tinian
  • CHUUK: Ho Qala Ntlong ea Quonset
  • Baralib’abo Rōna ba Bangata Empa Barab’abo Rōna Baa Fokola
  • Ho ea Holong ea ’Muso ka Sepalangoang se sa Tloaelehang
  • POHNPEI: Ho Hlaolela Litholoana Tsa Moea
  • Ho Tloha “Kerekeng ea Kichineng” ho ea Holong ea ’Muso
  • BELAU: Lihlekehleke Tsa Eona Tse Ngata
  • Baahi ba Motse ba ea ka Ntlo le Ntlo
  • Modiakone oa Mosali o Bolela Lebitso la Jehova ka Sebete
  • Ho Bolela ka Seketsoana e ka ba ho Ipeha Kotsing
  • Ho Tsamaea Haholo—Kamohelo e Mofuthu
  • YAP: Mahlo a Jehova a e Shebile
  • Liboka “Bankeng”
  • Ho Fana ka Bopaki ba Tumelo ea Bona
  • Ka Sebele Batho ba Jehova ba Hohle
  • KOSRAE: Le Mona Lebitso la Jehova Lea Tsejoa
  • Thuso ea Fihla ho Tla Haha Holo ea ’Muso
  • Phutheho e Hōle e Rorisa Jehova
  • ROTA: Tlaleho ea Mamello
  • Baruti ba Kena-kenana le Mosebetsi oa Boboleli
  • Lehloeo le Tšabo li Tšoara Beng ba Matlo
  • Boikutlo bo Nepahetseng ho sa Tsotellehe Litholoana Tse Mpe
  • NAURU: Ho Fumana Maruo a ’Nete
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997
yb97 maq. 208-252

Micronesia

Paradeise. Lentsoe leo le ka ’na la etsa hore u nahane ka sehlekehleke se tlōkōmang sa libaka tse chesang, leholimo le hlakileng le leputsoa, lifate tsa palema tse tsukutloang ke moea o fokang hasesaane, mabōpo a leoatle a masoeu ke lehlabathe, metsi a hloekileng a leoatle le litlhapi tse mebala-bala, ho likela ha letsatsi ho tsotehang. Micronesia e tšoanela setšoantšo seo sa paradeise. Botle ba eona ke bo hlollang.

Empa ho boetse ho na le lintho tse ling mona tseo u neng u ke ke ua li amahanya le paradeise. Lihlekehleke tsena li ile tsa sohlokoa hampe ke lintoa tse sehlōhō nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ’me kajeno batho ba Micronesia ba loana le mathata a moruo, bonokoane le boloetse. Palo e ntseng e eketseha e fumana hore mathata a metseng ka metso a moloko oa batho a tlameha ho rarolloa pele e ka ba paradeise ka sebele.

Ho se Tšoane, Senōko sa Bophelo ba Micronesia

Ho na le lihlopha tse sa tšoaneng tsa lihlekehleke ka har’a Micronesia, se seng le se seng se fapane ka tsela eo se ipiletsang ka eona le ka semelo sa sona. Ho makatsang, se seng le se seng se na le puo ea sona e ikhethang, e sa utloisisoeng le ke batho ba lihlopha tsa lihlekehleke tse haufinyane.

Ha ho na ntho eo ho thoeng ke sehlekehleke sa ’makhonthe sa Micronesia. Tse ling li ruile, ha tse ling li futsanehile. Lihlekehleke tse matsaranka tse foqohang seretse se chesang tse kang tsa Pohnpei li phahamela limithareng tse ka holimo ho 900, ha lihlekehlekenyana tsa lik’horale li bataletse hoo li sa feteng mithara ka holim’a bophahamo ba leoatle. Majuro ea Lihlekehleke tsa Marshall ke sehlekehlekenyana se joalo. Nakong ea lifefo, ka linako tse ling maqhubu a oaqatsa likarolo tsohle tsa sehlekehlekenyana seo.

Mamicronesia ke batho ba nang le botsoalle le ba khahlang. Ba bangata ba bona ba phela ka temo le ka ho tšoasa litlhapi. Ba kotula lijo tsa moo tse tsoang masimong a bona a lelapa, mohlomong ba rue likhoho tse seng kae kapa lifariki le ho tšoasa litlhapi leoatleng.

Ho lumeloa hore lihlekehleke tsena tse thōko pele-pele li ne li ahiloe ke batho ba sesisetsang bochabela ba tsoa Asia le ka bophirimela ba tsoa Melanesia, empa bafuputsi ba Spain ba lilemong tsa bo-1500 e bile bona ba pele ba Bophirimela hore ba fihle Micronesia. Ba ile ba tla le bolumeli ba bona. Kajeno Kereke ea Roma e K’hatholike e metse ka ho teba boholong ba lihlekehleke tsena, hammoho le mofuta o akaretsang oa tumelo ea Prostanta e ileng ea thehoa ke baromuoa ba Bokreste-’mōtoana qetellong ea bo-1800.

GUAM: Setsi sa Tšebetso ea Lihlekehleke

Micronesia, e bolelang “lihlekehleke tse nyenyane,” e akarelletsa lihlekehleke tse qhalakaneng tse ka bang 2000, tse ka bang 125 tsa tsona li na le baahi. Tsena li jalane karolong ea lefatše e hakanyetsoang ho ba kaalo ka k’honthinente ea United States ka boholo. Empa, lihlekehleke tseo li nyenyane hoo ha li kopanngoa kaofela e ka bang feela lefatše la boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 3100—tse sa feteng Rhode Island ka boholo, e leng setereke se senyenyane ka ho fetisisa United States.

Khoro ea ho kena Micronesia ke Guam, moo lifofane tse eang lihlekehlekeng tse ling tse ngata li tlohang teng. Ho baahi ba 470000 ba Micronesia, ba 150 000 ba fumanoa Guam. E le bolelele ba lik’hilomithara tse 51, Guam ke sehlekehleke se seholohali ho feta lihlekehleke tsa Micronesia. Hape ke se tsoetseng pele haholo. Litsela tse khōlō tse subuhlellaneng le bophelo bo maphathaphathe li khetholla sehlekehleke sena ho tse ling, ka ho iketla ho hoholoanyane ha tsona.

Hona joale Guam ke qhobosheane ea Amerika, kaha ke khale matla a sesole a e nka e le ea bohlokoa ka lebaka la ho ba ha eona sebakeng se setle Pacific. Karolo e ka holimo ho e le ’ngoe ho tse tharo ea naha eo e laoloa ke sesole sa United States. Leha ho le joalo, Guam e boetse ke sebaka se setle bakeng sa ho hasa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower, boitsebiso bo sebelisoang bakeng sa thuto ea Bibele bo hatisoa ka lipuo tse 11 bakeng sa ho ajoa ho pholletsa le Micronesia.

’Nete ea ’Muso e Fihla ‘Tšimong e E-song ho Sebetsoe’

Nakong ea puo ea hae ea nehelo bakeng sa mohaho oa lekala la Guam ka April 1980, Milton Henschel, oa Sehlopha se Busang, o ile a hlalosa Micronesia e le “e ’ngoe ea masimo a ho qetela a e-song ho sebetsoe” mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Kaha Micronesia e entsoe ka lihlekehleke tse ngata tse qalikaneng, ’me lipuo tse ngata tse sa tšoaneng lia buuoa mona, ‘tšimo ena ea ho qetela e e-song ho sebetsoe’ e sebakeng se chesang e ipakile e le e phephetsang haholo.

Ka lilemo tse 40 baromuoa ba tšepahalang ba kopane le phephetso eo ka ho sebetsa ka matla le ka bohlale. Lilemong tseo, bonyane ho sebelelitse baromuoa ba 175 Micronesia, ’me sena e bile ntlha ea bohlokoa ho matlafatseng liphutheho tse 26 le Lipaki tse ka bang 1300 tseo hona joale li leng mafolofolo lihlekehlekeng tsena.

Ke lefupu feela la baromuoa ba 63 bao hona joale ba sebeletsang Micronesia ba ileng ba ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Boholo ke bo-pula-maliboho ba tsoang Philippines le Hawaii ba ileng ba memeloa ho ea nka tšebeletso ea boromuoa. Ho ba bangata, sena se ile sa bolela ho fapanyetsana lehae le mabothobotho ka mokhoa oa bophelo oa boholo-holo. Lihlekehlekeng tse ling, ho na le litsela tse seng kae tse ntle, ha ho na motlakase, ’me ha ho na metsi a lipompo. Baromuoa ba pepesehetse maloetse le mafu a mangata; ba tlameha ho mamella boemo ba leholimo bo chesang, bo mongobo le boo ka linako tse ling bo leng mabifi. Maholiotsoana a senyang e batla e le tšokelo selemo ho pota. Empa baromuoa ba bone litholoana tse khotsofatsang tsa mosebetsi oa bona.

’Nete ea Bibele e itsetsepetse ho se seng le se seng sa lihlekehleke tsena tse khōlō. Har’a ba ileng ba amohela molaetsa oa ’Muso pele e bile batho ba nang le tšusumetso ba lihlekehleke tsena. Ka mohlala, Pohnpei, ho bile le Carl Dannis, eo e neng e le setho sa lekhotla le etsang melao la Pohnpei. Kosrae e mong oa Lipaki tsa pele e bile Fredy Edwin, ea neng a bua lipuo tse supileng ’me a amana le morena. Augustine Castro, ea kileng a ithutela ho ba moprista, o ile a thusa ho qala phutheho Saipan. ’Me Guam, Tony Salcedo, eo e kileng ea e-ba ralitebele, o ile a sebelisa ho tsebahala ha hae ho fa batho molaetsa o neng o ka ba thusa ho thabela khotso eo tikoloho e ntle ea lihlekehleke ho seng mohla e neng e kile ea ba fa eona.

Kamoo Litaba Tse Molemo li Ileng Tsa Fihla Guam

Tony Salcedo e ne e se Paki ea pele ea ho tla Micronesia. Ha e le hantle, e ne e se Paki ha a fihla teng. O tlile Guam a e-tsoa Philippines ka 1948 e le mosebetsi oa konteraka kahong ea ka mor’a ntoa. Ba bangata bao a neng a sebetsa le bona e ne e le Lipaki tsa Jehova, ’me ba qala ho ruta Tony Bibele.

Bara bana babo rōna ba chesehang ba ile ba hlophisa phutheho ea pele Micronesia ka December 1951, empa ka 1954 kaofela ha bona kantle ho Tony ba ile ba qobelleha ho tloha Guam ha k’hamphani ea bona e oa. Tony, ea neng a tlohetse ho ba ralitebele, o ile a lumelloa ho lula kahobane a ne a nyetse ngoanana oa Guam.

Bohareng ba bo-1950, liboka li ne li tšoareloa lapeng la Salcedo, ’me phutheho e ile ea hōla ho ba ea ba 12. Tšimo ea bona eo ba bolelang ho eona e ne e le sehlekehleke sohle. Tony o re: “Moqebelo o mong le o mong, re ne re ee re ee tšebeletsong ea tšimo letsatsi lohle, ’me kapele batho metseng eohle ba ne ba tseba hore na re bo-mang.”

Ba ne ba Letetsoe ke Maemo a Thata

Ka nako eo Guam ho hang e ne e sa tšoane le sehlekehleke se phetheselang sa sebaka sa phomolo seo e leng sona kajeno. Sam le Virginia Wiger, baromuoa ba pele ba ileng ba abeloa Guam, ba hopola hantle ho fihla ha bona ka 1954.

Sam o ile a re: “Ka nako eo Guam e ne e le setsi sa sesole ka ho feletseng. Sehlekehleke seo se ne se harasantsoe ke ntoa; libomo le likulo li ne li le hohle, thepa ea ntoa e ne e jeoa ke mafome, Majapane a neng a ntse a thunya a ipatile a ne a ntse a fumanoa ’me a tšoaroa. ’Na le mosali oa ka re ile ra hira ntlo ea Quonset [mohlongoa-fatše oa tšepe] e se nang sehatsetsi, moea o laoloang, bethe kapa thepa e ’ngoe. Re ne re robala betheng e phuthoang ea sesole e koahetsoeng ka matanta a menoang.”

Boiteko ba ho bolela ba ba ha Wiger bo ile ba atleha kapele hoo ho ileng ha hlokahala sebaka sa seboka se seholoanyane, kahoo phutheho e ile ea hira holo ea ho jela ea sesole e sa sebetseng ’me ea e hloekisa haholo. Mohaho oo o ne o shebane le kereke e K’hatholike. Ha barab’abo rōna ba emisa letšoao la Holo ea ’Muso, moprista oa K’hatholike o ile a ipelaetsa.

Eaba letolo lea otla. Nakong ea sefefo se etsahalang seoelo, letolo le ile la liha tora ea kereke le ho pshatla litšoantšo tse ’maloa. Wiger o re: “Moprista o ile a bolella litho tsa pharishe ea hae hore Molimo o ne a rerile ho otla Holo ea ’Muso empa a e fosa. Ha batho ba sa kholoe tlhaloso eo, moprista o ile a qapa leshano le leng. O ile a bolela hore Molimo o ile a senya kereke eo hobane ba ne ba hloka e khōloanyane le e ntlenyana.”

Ho Kena Trust Territory

Ha ba ha Wiger ba ne ba abeloa Japane e le baromuoa, boikarabelo bo eketsehileng bo ile ba ea ho Merle Lowmaster, mor’abo rōna e molelele ea neng a bososela hangata empa kamehla a tiile ka ’nete. Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa kōpa Merle hore a nke leeto la ho ea hloela naha ho pholletsa le Micronesia ka 1960. Kaha lihlekehleke tseo li ne li le tlas’a bolisa ba United States, o ne a hloka lengolo la tumello ea ho tsamaea ho mokomishinara e moholo, motho ea pelo e ntšo ea se nang tšebelisano-’moho le batho ba bang ea ileng a bolella Lowmaster: “U tla kena trust territory ke shoele.”

Leha ho le joalo, ha hoa ka ha hlokahala hore re emele hore a shoe. Likhoeli tse tharo feela hamorao, ho ile ha khethoa mokomishinara e moholo e mocha, ’me Merle o ile a fumana lengolo la hae la tumello ea ho tsamaea. Kahoo e ile ea e-ba motho oa pele oa ho bua ka molaetsa oa ’Muso lihlekehlekeng tsa Saipan, Chuuk, Pohnpei, Belau le Yap.

Thuso e Tobileng e Tsoang ho Mopresidente oa Mokhatlo

Guam e ile ea oeloa ke koluoa ka November 1962, ha Leholiotsoana Karen le puputla ho pholletsa le sehlekehleke seo ka moea o tsamaeang ka lebelo la lik’hilomithara tse 320 ka hora, le bolaea batho ba robong ’me le baka tšenyo e balloang ho liranta tse limilione. Ka thabo, ha ho barab’abo rōna ba ileng ba lahleheloa ke bophelo, empa ba ile ba lahleheloa ke Holo ea bona ea ’Muso. Ha litebello tsa mohaho o mocha li bonahala li le lerootho, morali’abo rōna ea neng a sa tsoa kolobetsoa o ile a ba namolela ka monehelo o etsoang ka seatla se bulehileng oa setša. Mono, ho ile ha hahuoa Holo ea ’Muso e khōloanyane, e ileng ea qetoa ka nako bakeng sa leeto la 1964 la molebeli oa libaka N. H. Knorr, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower.

Ka tebello ea ho fana ka bopaki bo qaqileng karolong ena ea lefatše le nang le baahi, Mor’abo rōna Knorr o ile a abela baromuoa ba tšeletseng ba neng ba sa tsoa fihla hore ba sebetse likarolo tse sa tšoaneng tsa Micronesia. O ile a ba bolella: “Leha libaka tsena li bonahala e le libaka lisele, hopolang hore kamehla le hae polaneteng ena Lefatše. Moromuoa feela oa sebele eo e neng e le osele e ne e le Kreste, hobane o ile a tloha maholimong ho tla sebeletsa mona. Lulang kabelong ea lōna ho fihlela mosebetsi o phethiloe!”

Nakong ea lilemo tse seng kae pejana ho moo, balebeli ba tsamaeang ba ne ba ’nile ba nka leeto ho pholletsa le lihlekehleke tsena hang ka selemo ka seketsoana se nkang thepa. Ba ne ba etela Lipaki tse seng kae tse neng li le lihlekehlekeng moo, ka bobona ba paka kae le kae moo seketsoana se neng se ema, ’me ba khothatsa bafe kapa bafe ba neng ba bontšitse thahasello maetong a pejana. Mor’abo rōna Knorr o ile a etsa tlhahiso ea hore maeto a potoloho a etsoe habeli selemo le selemo ka sefofane.

Balebeli ba Tsamaeang ba Tlatsetsa Khōlong

Ho qala ka 1968, leeto lena la sefofane Micronesia le ile la etsoa ke Nathaniel Miller, molebeli ea tsamaeang ea tsoang Hawaii. Kaha batho ba bangata ba baholo ba Micronesia ba ne ba bua Sejapane ’me Miller e ne e bile moromuoa Japane, e ne e le khetho e loketseng bakeng sa kabelo ena e thata. E thata hobane’ng? Miller oa hopola: “Ho tsamaea ho tloha Honolulu ho potoloha le lihlekehleke tsena ka sefofane e ne e le lik’hilomithara tse 14 000.”

Ha a fihla Guam, o ile a fumana phutheho e nyahameng. E ne e sa hōle, le tšimo e ne e sa koaheloe kamehla. Miller o ile a buella hore ho romeloe baromuoa ba bang hape ba bane Guam, lehae la bobeli la baromuoa le le ka boroa qetellong ea sehlekehleke seo.

Ka 1969, Guam le libaka tsa Micronesia li ile tsa abeloa lekala la Hawaii. Ho qala ka 1970, Robert K. Kawasaki, e moholo, mohokahanyi oa Komiti ea Lekala Hawaii, le eena o ile a etela Micronesia, a sebeletsa likopano tsa potoloho, likopano tsa setereke le mahae a baromuoa hang ka selemo.

Liphello tsa tlhokomelo ena e tobileng ea balisa ba moea li ile tsa bonahala kapele. Kopano ea Setereke ea “Batho ba Khahlehang” ea Guam ka 1970 e bile le tlhōrō ea ba bileng teng ba 291, likoranta, liea-le-moea le lithelevishene kaofela li e phatlalatsa letsatsi le letsatsi. Leha ho le joalo, ka sebele ho ne ho e-na le sebaka sa basebetsi ba eketsehileng karolong ena ea tšimo. Ba ne ba tla tsoa hokae?

Robert le Mildred Fujiwara e ne e le bo-pula-maliboho ba kamehla ba neng ba e-na le lebenkele la korosari Hawaii, empa ba ne ba labalabela ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Ba ile ba phethahatsa toro eo ka ho fallela Guam ka 1970, ba e-na le bana ba bararo ba lilemo tse tlohang ho tse 8 ho ea ho tse 16. Na ho falla hoo ho ne ho le molemong oa bona le bana ba bona? Bana bohle ba bona hona joale ba hōlile ’me ba lenyalong, ’me kaofela ke bahlanka ba chesehang ba Jehova. Ba babeli ba bana bao ba sebeletsa lekaleng la Guam, ’me e mong ke pula-maliboho. Ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela Guam ha ba ha Fujiwara ba fihla. Ba bile le thabo ea ho kopanela mosebetsing kaha palo ea liphutheho e hōtse ho isa ho tse robong, ho e-na le sehlopha se seng hape. Tsena li hlophisitsoe hore li hlokomele batho ba buang lipuo tse tšeletseng. Malapa a mang a mangata le ’ona a ile a tla ho tla thusa ka bo-1970 le ka bo-1980.

Aterese ea Lekala e Hopolehang Habonolo

Ka 1976 Holo ea ’Muso ea Guam, e hahiloeng ka 1964 ’me ea atolosoa ka 1969, e ile ea senngoa ke Leholiotsoana Pamela. Mor’abo rōna e mong o ile a re: “Guam ho ne ho bonahala eka kata-kata e ile ea batalatsa sehlekehleke sena.”

Ho e-na le ho tsosa sebaka se itekanetseng sa ho kopanela, ho ile ha hahuoa mohaho o mocha oa lekala oa sebopeho sa L, o e-na le ofisi, khatiso, likamore tse tšeletseng tsa ho robala le Holo ea ’Muso e khōlō eo ho eona ho ka lulang batho ba 400 e neng e ka boetse ea sebelisetsoa likopano. E le hore e ka mamella maholiotsoana, e ile ea hahuoa ka litšepe le ka mabota a konkreite a botenya ba lisenthimithara tse 20. Mor’abo rōna ea ileng a fallela mona a e-tsoa Hawaii o ile a hlalosa: “E ne e le khōlō hoo, re neng re nahana hore ha ho mohla re tla e tlala. Ho ne ho e-na le Lipaki tse 120 feela sehlekehlekeng sohle, ’me re ne re lokotseha ka har’a sebaka seo joaloka ’mabole ka lebokoseng la lieta.” Lilemo tse seng kae feela hamorao, Holo eane e khōlō ea ’Muso e ne e se e sa kope batho ba tlileng kopanong.

Mor’abo rōna Miller, ea tsebahalang ka ho tšoara motho ka letsoho ka matla le letšeho le ikhethang, e bile eena mohokahanyi oa pele oa Komiti ea Lekala Guam. Barab’abo rōna ba babeli ba nang le phihlelo ba ile ba ba le eena komiting—Robert Savage, eo e neng e bile molebeli oa lekala Vietnam, le Hideo Sumida, ea neng a ile a sebeletsa Komiting ea Lekala Hawaii.

Ha ho ne ho hahuoa lekala ka lekhetlo la pele, poso e ne e latoa lebokoseng la poso. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng mosebeletsi oa ’muso o ile a tla ’me a hlalosa hore o fana ka liaterese tsa seterata e le hore poso e ka tlisoa. Ha a ntse a ngola palo “143” mohahong, Miller o ile a mo botsa hore na seterata sa bona se tla bitsoa eng. Monna eo a re: “Ha ke tsebe. Ke hobane’ng ha re sa shebe ’mapa ’me re fumane hore na se bitsoa’ng.” Ho makaleng ha Miller ’muso o ne o se rehile Jehovah Street.

Merero ea Kaho ea Iketsetse

Mosebetsi o mong oa ho haha o ne o hloka ho etsoa. Mathoasong a bo-1980, Jim Persinger, a le United States, o ile a etsa qeto ea hore fektheri ea hae ea samente e ne e nka nako ea hae e ngata, kahoo eena le mosali oa hae, Jene, ba ile ba khetha ho nolofatsa bophelo ba bona. Ba ile ba haha seketsoana sa konkreite se bolelele ba limithara tse 15, ba se bitsa Petra, eaba ba leba Guam. Seketsoana sa ba ha Persinger se ile sa ipaka e le sa bohlokoahali mererong ea kaho.

Pakeng tsa 1982 le 1991, mahae a baromuoa le Liholo tsa ’Muso li ile tsa hahuoa ho tse tšeletseng tsa lihlekehleke tsa Micronesia. Ho haella ha thepa ho ile ha etsa hore kaho e be e phephetsang. Mererong e meng ea kaho, barab’abo rōna ba ile ba tlameha ho iketsetsa litene tsa konkreite ka matsoho. Ba ne ba tšela samente ka foromong e nyenyane ebe ba e tlohella hore e tiee. Ba ne ba iketsetsa karabole ka ho pshatla k’horale, hape ba ne ba lokela ho iphumanela lehlabathe la bona. Bakeng sa ho tsamaisa thepa e sebelisoang le basebetsi ho tloha sehlekehlekeng se seng ho ea ho se seng, hangata ho ne ho sebelisoa Petra. Jim Persinger oa hlalosa: “Ha re ne re haha Holo ea ’Muso Chuuk, u ne u ke ke ua reka lehlabathe sehlekehlekeng seo, kahoo re ne re ee re sesisetse sehlekehlekeng se senyenyane seo ho se nang motho ea phelang ho sona, ’me re ne re tšela lehlabathe le lebōpong la leoatle ka mekotleng. Ebe joale re le laela seketsoaneng ’me re khutlela morao setšeng sa kaho.”

Ray Scholze, ea neng a e-na le phihlelo ea sesole ea boenjiniere, e ne e le molebeli oa boholo ba merero ea kaho ea Micronesia. Ba ka sehloohong sehlopheng sa hae sa basebetsi e ne e le Calvin Arii, Avery Teeple le Miles Inouye, ba neng ba e-tsoa Hawaii ho tla thusa ho haha lekala le lecha eaba ba se ba etsa Guam lehae la bona. Hammoho, hangata ba ne ba iqapela mokhoa o itseng hore mosebetsi o phethoe.

Khōlo e Eketsehileng Tlas’a Bolebeli bo Bocha

Mor’abo rōna Miller o ile a tloha Guam ka 1987 ha a tseba hore mosali oa hae o kulela lefu. Ea ileng a mo nkela sebaka e le mohokahanyi e bile Arthur White e molelele, ea mahlahahlaha, ea neng a ile a sebeletsa Likomiting tsa Makala Hawaii le Guam hape a ile a tsamaea ho pholletsa Micronesia e le molebeli oa lekala ho tloha ka 1981. Tlas’a bolebeli ba hae lekala la Guam le bile le liphetoho tse ngata. Liholo tse peli tsa ’Muso li ile tsa eketsoa mohahong oa lekala, ’me morero oa kaho o ileng oa phethoa ka 1995 o ile oa fana ka ofisi e neng e hlokahala haholo le sebaka sa fektheri hammoho le likamore tsa bolulo tse ncha.

Ba sebeletsang le eena Komiting ea Lekala ke Julian Aki le Salvador Soriano, baromuoa ba khale Micronesia. Ka bomalimabe, Hideo Sumida, e mong oa litho tsa pele tsa komiti, o ile a shoa ka mor’a ho tlatsetsa ka lilemo tse ’maloa ho haheng lekala Guam.

Ho Bua ka Lipuo Lisele

Kaha sehlekehleke sa Guam se tsoetse pele, baahi ba sona ba tsoang linaheng lisele ba eketsehile. Ho ekelitsoe baromuoa ho tla hlaolela masimo a Setagalog, Seiloko, Sekorea le Sechaena.

Ka lilemo tse 14 Ernesto le Gloria Gabriel ba ’nile ba pakela batho ba Mafilipino, ba etsang karolo ea bone ea baahi ba Guam. Hammoho, liphutheho tsa Setagalog le tsa Seiloko li khōloanyane ho feta leha e le efe ea liphutheho tse hlano tsa Senyesemane tse sehlekehlekeng sena.

Moromuoa oa Mokorea Jung-Sung Chung o ile a fihla ka 1985. Oa hopola: “Boemo ba leholimo e ne e le bo chesang le bo mongobo hoo, ’na le mosali oa ka re neng re ee re itlhatsoe hangata ka letsatsi ho itlosa mofufutso.” Leha ho le joalo, ba ne ba bolela lihora tse telele mochesong, ’me mohlala oa bona oa boikemisetso o ba thusitse ho theha phutheho e nyenyane, empa e le e matla.

Bopaki bo batsi bo fuoa baahi ba Guam. Ka karolelano, ho na le Paki e le ’ngoe ho baahi ba bang le ba bang ba 262.

KIRIBATI: Ba re Tseba re le Te Koaua

Le hoja ’nete ea ’Muso e ile ea fihla Guam pele e tsoa Philippines, e ile ea isoa Kiribati (e neng e tsejoa e le Lihlekehleke tsa Gilbert ka nako eo) e tsoa New Zealand. Lihlekehleke tseo e ne e le kolone ea Brithani, ’me boboleli ba rōna bo ne bo thibetsoe, empa Huia Paxton o ile a kena ka 1959 e le setsebi sa metsoako ea meriana ’me a lula ho fihlela ka 1967. O ile a fumana sehlopha sa lihlekehlekenyana tse ntle—tseo hangata li leng tšesaane haholo, kamehla e le tse chesang le tse mongobo—li le ka mahlakoreng ka bobeli a equator.

Mosebetsi oa Huia o ne o mo isa hohle Lihlekehlekeng tsa Gilbert moo eena, mosali oa hae, Beryl, le bara ba bona ba babeli ba banyenyane ba neng ba sheba menyetla ea ho bua ka Bibele. Ha ba le pikiniking mosali e mong o ile a botsa moshanyana oa bona ea lilemo li hlano, Stephen, hore na Molimo oa hae o na le lebitso. Stephen o ile a arabela: “E. Lebitso la hae ke Jehova.” Karabelo ea hae e ile ea etsa hore ba bang ba botse lipotso. Kapele, ba ha Paxton ba ne ba tšoara thuto ea Bibele le sehlopha se seholo ka Sontaha se seng le se seng.

Pele ba khutlela New Zealand, ba ha Paxton ba ile ba lokisetsa seboka se khethehileng sehlekehlekenyaneng se seng se se nang baahi. Ho ile ha fanoa ka puo ea kolobetso letsatsing leo, ’me batho ba Gilbert ba bahlano ba ile ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova ka kolobetso ea metsing letangoaneng la sona. Ka bomalimabe, cheseho eo batho bao ba sehlekehlekeng ba ileng ba e bonahatsa qalong e ile ea nyamela butle-butle.

Hamorao, monna e mong oa Gilbert ea bitsoang Nariki Kautu o ile a ea sekolong Australia ho ea ithutela ho boloka libuka tsa khoebo. Ha a ntse a le moo, o ile a boela a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me a kolobetsoa. Mor’abo rōna Kautu oa hopola: “Ha ke khutla ka 1978 le lelapa la ka, re ile ra qala ho botsa hore na ho na le ba bang ba Lipaki tsa Jehova Kiribati.” O ile a hlokomela kapele hore ho hang Lipaki tsa Jehova li ne li sa tsejoe lihlekehlekeng tsa habo. O re: “Re ile ra fumana banyalani ba bang ba tsofetseng le monna e mong le bana ba hae, empa ho ne ho se na liboka tse hlophisitsoeng, ’me ho ne ho se na libuka tse teng tsa Mokhatlo ka puo ea Segilberte. Re ile ra qala ho bokana Sontaha se seng le se seng. Re ne re ee re rapele, re bale Bibele ’me kaha e ne e le ’na feela ea khonang ho bala Senyesemane, ke ne ke ee ke hlalose ho hong ho tsoang lingoliloenng tsa Mokhatlo.”

Holo ea ’Muso—Hase Mohaho Feela Tjee

Ka 1982 sehlopha se senyenyane Kiribati se ile sa matlafatsoa ha ho fihla Paul le Marina Tabunigao, baromuoa ba neng ba abetsoe moo. Liboka li ne li tšoareloa lehaeng la baromuoa ’me hamorao li ile tsa fallisetsoa kamoreng ea sekolo, empa Lipaki tsa Jehova li ne li sa nkuoe e le “bolumeli bo loketseng” ho fihlela ha Holo ea tsona ea ’Muso e hahuoa ka 1991. Baithaopi ba machaba ba ile ba etsa boholo ba mosebetsi, ’me batho ba sebaka seo ba ile ba tsota hore “basele” ba ne ba ka fana ka nako ea bona le chelete ho tla thusa ka mohaho. Kahoo Holo ea ’Muso e ile ea e-ba bopaki bo bonahalang ba bonngoe bo lerato har’a batho ba Jehova.

Ka lebaka leo ba bangata ba ile ba hohelleha ’neteng. Morali e mong oabo rōna ea ileng a kolobetsoa hang ka mor’a morero oo oa kaho o ile a re: “Ke ile ka khahloa haholo ke taba ea hore phutheho ena e nyenyane e ne e thusoa ke baeti ba tsoang mose ho maoatle.” Phutheho eo e “nyenyane” e hōlile ho tloha ho bahoeletsi ba 28 ka 1990 ho ea ho ba ka bang 70 kajeno, ho e etsang e ’ngoe ea liphutheho tse hōlang ka potlako ka ho fetisisa Micronesia.

Libuka Tsa Mokhatlo li Nkoa e le Tsa Bohlokoa Haholo

Le hoja lipampitšana tse ling le libukana li ne li fumaneha, ha ea ba ho fihlela ha U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng e fihla ka 1994 moo batho ba moo ba neng ba ka bala e ’ngoe ea libuka tsa Mokhatlo ka puo ea habo bona. Moromuoa Edi Possamai, ea sebeletsang ka botšepehi le mosali oa hae, o re: “Ho na le lingoliloeng tse seng kae feela tsa mofuta ofe kapa ofe tse teng ka puo ea Segilberte, ’me ka sebele ha ho letho le atamelang boleng ba buka ena.”

Buka ea Phela ka ho sa Feleng hona joale e se e hatisitsoe ka lipuo tse tšeletseng tsa Micronesia, ’me khatiso ea Segilberte e bile le tšusumetso e khōlō. Buka eo e susumelitse batho ba bangata ba lihlekehlekeng hore ba ithute Bibele. Ba bang ba bile ba bonoe ba ea kerekeng ka buka ea bona ea Phela ka ho sa Feleng.

Batho ba Kiribati ka kameho ba qapile mabitso a bosoasoi ho hlalosa malumeli a teng lihlekehlekeng tsa bona. Ka hobane Maprostanta aa tutubala ha a rapela, a tsejoa e le Kamatu, e bolelang “Ho Robatsa.” Masabatha a bitsoa Itibongs, kapa “Matsatsi a Supileng.” Ba re Lipaki tsa Jehova ke eng? Te Koaua, e bolelang feela “’Nete.”

LIHLEKEHLEKE TSA MARSHALL: Monyako oa Tšebeletso

Ho bile le Lipaki Guam ka lilemo tse mashome pele banyalani ba Amerika ba fuputsang ba isa litaba tse molemo Lihlekehlekeng tsa Marshall, lik’hilomithara tse ka bang 3200 ka boroa-bochabela ho Guam. Powell Mikkelsen le mosali oa hae, Nyoma, ba ne ba ikemiselitse ho ea Bahamas ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane, ’me ba rerile joalo, ba ile ba reka seketsoana se bolelele ba limithara tse leshome, seo ba ileng ba se reha Integrity. Leha ho le joalo, le pele ba ka qala leeto la bona, Powell o ile a fuoa mosebetsi oa ho okamela ho hahuoa ha setsi se seholo sa ho fehla motlakase Lihlekehlekeng tsa Marshall. Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa mo khothalletsa ho amohela boemo boo. Ka nako eo, ka lebaka la lithibelo tsa molao mabapi le ho kena ha basele, ho ne ho se na Lipaki Lihlekehlekeng tsa Marshall.

Le hoja Mor’abo rōna Mikkelsen a ne a hlokometse boikarabelo ba hae mabapi le ho hahuoa ha setsi sa ho fehla motlakase, eena le mosali oa hae ba ile ba sebelisa monyetla oo ba nang le oona oa ho thusa batho ba sehlekehlekeng seo moeeng. Ba ile ba fihla Sehlekehlekenyaneng sa Kwajalein ka 1960 ’me hamorao ba emisa Sehlekehlekenyaneng sa Majuro, moo ba ileng ba ithuta ho bua Semarshalle. Ha ba paka, ke ka seoelo batho ba nang le botsoalle ba lihlekehlekeng ba neng ba hana ho mamela, ’me ka 1964 Powell le Nyoma ba ne ba khanna lithuto tsa Bibele tse 12, ho akarelletsa le e ’ngoe eo ba neng ba e khanna le Iroij Lap Lap (Morena ea Phahameng) oa Majuro.

Julian Aki le Melvin Ah You, ka bobeli e le baromuoa, ba ile ba kopana le ba ha Mikkelsen mono ka 1965, ’me ka likhoeli tse seng kae feela, bara bana babo rōna ba chesehang ba ne ba ithutile Semarshalle ka ho lekaneng hore ba ka nehelana ka molaetsa o bonolo hape ba ne ba boetse ba hahile lehae la baromuoa la mohlongoa-fatše oa litšepe.

E le ho lokisetsa sebaka sa liboka, ho ile ha emisoa Holo ea ’Muso ea nakoana ka ho eketsa liseile tse khōlō tsa Integrity holim’a lipalo tse ’maloa tsa pandanus tse neng li hlonngoe fatše. Mor’abo rōna Mikkelsen o ile a re: “Ha letšoele la rōna le ntse le e-ba le leholo, re ne re eketsa liseile feela. Seile e latelang e ileng ea sebelisoa ke ea mizzen; hamoraonyana, ha sebelisoa seile e khutlo li tharo. Ha ho se ho se na liseile tse setseng, ho ne ho fihlile nako ea ho haha Holo ea ’Muso e ‘loketseng.’”

Baahi ba Sehlekehlekeng ba Khahloa ke Baromuoa ba Bacha

Ho qala ka selemo sa tšebeletso sa 1966, Aki le Ah You ba ile ba etsa qeto ea hore e ne e le nako ea ho tloaelana hamolemo le tšimo ea bona, kahoo ba ile ba kōpa sebaka sekepeng se nkang thepa se hahiloeng ka litšepe se neng se ema lihlekehlekenyaneng tsa Lihlekehleke tsa Marshall. Ba neng ba boetse ba le teng leetong lena la matsatsi a 24 la ho hloela sebaka e ne e le moruti oa Prostanta ea sa tsoa nyala ea neng a bile lihlekehlekeng tseo ka lilemo tse tharo. Seea-le-moea se ile sa tsebisa sehlekehlekenyana se seng le se seng hore “moruti” le monyaluoa oa hae ba tla tloha ba fihla. Baahi baa ba lihlekehlekeng ba ile ba nyahama hakaakang ha moruti eo a bua le bona ka toloko! Ha ho mohla a kileng a itšoenya ka ho ithuta Semarshalle.

Ha moruti enoa a lemosa bamameli ba hae hore ba qobe “balisa ba babeli ba bohata” ba leng ka sekepeng, batho ba ile ba labalabela ho bona baromuoa ba Lipaki tsa Jehova le ho feta, ba neng ba bua puo ea bona ea Semarshalle ’me ba pheta lintho tse babatsehang tse tsoang Bibeleng. Nako le nako ba ne ba kōpa: “Lulang mona ’me le re rute Bibele. Re tla le hlokomela ka lintho tseo le li hlokang. Lulang le rōna ho fihlela sekepe se latelang se fihla!”

Tloaelo e Tšosang ho Molebeli oa Potoloho

Ha Nathaniel Miller a ne a tsoa Hawaii ka sefofane leetong la hae la pele la potoloho ho pholletsa le Micronesia ka 1968, mokhahlelong oa pele oa leeto la hae o ile a fihlela Majuro. Oa hopola: “Ke hopola ha ke qala ho bona lihlopha tsa Lihlekehleke tsa Marshall. DC-9 ea tsubella ho ea lula empa, ho e-na le ho lula, ea phahama hape ’me ea potoloha lebala la lifofane. Ha ke sheba fatše, ka bona banna ba lelekisa lifariki lebaleng ho li hleka hore sefofane se khone ho lula. Tšitiso e ’ngoe e ne e le koloi e emisitsoeng lebaleng la lifofane. Sehlopha sa banna sa e phamola ’me sa e tlosa!”

Ho motho ea tsoang Honolulu, ena e ne e le tloaelo e tšosang. Boema-fofane ba Majuro bo ne bo e-na le “sebaka seo ho emeloang lifofane ho sona” se bulehileng le se hahiloeng ka mahlaku a lik’hok’honate ’me lebala le entsoe ka lik’horale. Miller o ile a re: “Ke ne ke sa tloaela hore majoe a lik’horale a ’ne a otle lifofane ka mpeng ha li lula.” Hang ha a fihla fatše, eena le thoto ea hae o ile a kenngoa ka morao terakeng ’me a isoa lehaeng la baromuoa a tsamaea tseleng e makukuno, e sa tšeloang sekontiri.

Ka nako eo Holo ea ’Muso e ne e ruletsoe ka masenke, ho se na mabota, ’me fatše ho sa aloa letho. Miller oa pheta: “Ka mofetoleli, ke ile ka buisana le sehlotšoana sa ba 20 leetong la ka la pele. Puo e ile ea sitisoa ke kolobe e khōlō e ntseng e tsekela ka Holong ea ’Muso!”

Hantle-ntle Bafu ba Hokae?

Likereke tsa Marshall li khothalletsa litumelo tse sa tloaelehang haholo. Ka letsatsi le leng William Maddison, modiakone oa Prostanta, o ile a leka Julian Aki: “Ho Bafilippi, Pauluse o ile a ngola hore ‘lengole le leng le le leng le tla khumamela Kreste, ba leholimong, ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu.’ Potso ea ka ke hore, ‘Ba ka tlaase ho mobu ke bo-mang?’” (Bafil. 2:10) Ha Mor’abo rōna Aki a hlalosa hore ke bafu ba tlang ho tsosoa, William o ile a thaba. O ne a tšoenngoa ke thuto ea kereke ea hae ea hore “ba ka tlaase ho mobu” e ne e le ri menanui, “batho ba banyenyane” bao, ho latela tšōmo ea Semarshalle, ba tsoelang ka holim’a mobu ha ho thotse tu! bosiu.

Kapele-pele William o ile a lokisetsa hore lelapa la hae le ithute Bibele le Mor’abo rōna Aki, ’me eena le mosali oa hae, Almina, ba ile ba kolobetsoa hammoho ka 1966. O sebelelitse e le moholo ho tloha ka 1983, ’me mosali e bile pula-maliboho ea kamehla ka lilemo tse 28, nako e telele ho feta mang kapa mang Micronesia.

Likereke tsa Marshall le tsona li ruta hore lihele ke pitsa e khōlō ea tšepe leholimong moo baetsalibe ba phoqoloang ka metsi a belang. Sailass Andrike, joaloka ba bangata, le eena o ne a lumela thuto ena ea “lefu leholimong.” Leha ho le joalo, ha a bontšoa ka Bibeleng hore bafu ba khutlela lerōleng, Sailass o ile a amohela ’nete ’me o ile a kolobetsoa ka 1969. (Gen. 3:19) O ile a sebelisoa ho fumana setša sa Holo e ncha ea ’Muso, ’me hape e bile eena mofetoleli oa pele oa Semarshalle. Ho ile ha thehoa phutheho Majuro ka 1967. Ha barab’abo rōna ba sebaka seo, ba kang William le Sailass ba nka boikarabelo, Julian Aki le Donald Burgess, moromuoa ea neng a sa tsoa fihla, ba ile ba khona ho fallela Ebeye, sehlekehlekenyaneng se ka bophirimela ho Lihlekehleke tsa Marshall.

E le boholo ba likarolo tse ’nè tsa matlo a motse, Ebeye e ne e le lehae la baahi ba Lihlekehleke tsa Marshall ba makholo a seng makae ho fihlela ha mesebetsi e hlamatsehang ea sesole sa United States Sehlekehlekenyaneng se haufinyane sa Kwajalein e eketsa baahi hore e be ba fetang 8000. Letsatsi le leng le le leng, baahi ba lihlekehleke ba tsamaea ka seketsoana ho ea mosebetsing setsing se seholo sa sesole Kwajalein.

Khaso ea Seea-le-moea ho Batho ba Marshall

Seea-le-moea se ’nile sa sebelisoa e le thulusi ea ho bolela Micronesia, empa haholo-holo ka ho atlehileng Lihlekehlekeng tsa Marshall. Setsi sa seea-le-moea WSZO, se tsejoang e le The Golden Voice of the Marshalls, se fa bamameli ho hong habohlokoa le ho feta khauta. Ho tloha ka 1970, baholo Phuthehong ea Majuro ba ’nile ba phatlalatsa puo ea seea-le-moea ea metsotso e 15 beke le beke ka puo ea Semarshalle, e reretsoeng haholo-holo ho finyella batho ba lihlekehlekenyaneng tse ka thōko. Baromuoa ba bososela ba sa ikemisetsa ha ba utloa batho ba likereke tse ling ba bina ka mololi pina e bulang pontšo ea seea-le-moea e nang le sehlooho se reng, “Re Lipaki tsa Jehova!”

Ba Fokolang ba Fetohile ba Bangata

Barab’abo rōna ba Marshall ke mohlala o ikhethang oa lerato le cheseho. Robert Savage, ea ileng a etela Lihlekehleke tsa Marshall e le molebeli ea tsamaeang qetellong ea bo-1970, o hopola tumeliso eo eena le mosali oa hae ba neng ba e fumana Holong ea ’Muso. O re: “Bara le barali babo rōna ba fetang lekholo ba ne ba ee ba etse lebili ’me e mong le e mong o ne a re tšoara ka letsoho ’me a re amohela. ’Me ho bina ha bona lipina tsa ’Muso e ne e le ntho e babatsehang! Ntle ho liletsa, bara le barali babo rōna ba ne ba bina ka ho lumellana, ho fellang ka ’mino o momahaneng.”

Clemente le Eunice Areniego, bao e bileng baromuoa ka lilemo tse 28, ba sebelelitse Lihlekehlekeng tsa Marshall ho tloha ka 1977 ’me ba bone khōlo e makatsang nakong eo. Ha Julian le Lorraine Kanamu ba fihla Majuro e le baromuoa ka 1982, ba bang teng libokeng tsa phatlalatsa ka karolelano e ne e le ba 85. Hona joale ho na le liphutheho tse peli, ’me ba bang teng ka karolelano ba ba 320. Ke hobane’ng ha mosebetsi o hōlile? Mor’abo rōna Kanamu oa hlalosa: “Lihlekehleke tsena li hōle le ho ba paradeise. Mathata a pelo, mokaola le lefu la tsoekere li tloaelehile, le ho shoa ha masea ho hlasetse lihlekehleke tsena. AIDS le eona e se e amme ba bang. Batho ha baa khotsofala, ’me ba retelehela ’neteng.”

SAIPAN: Ho Tobana le Phephetso

’Nete e boetse e hōla ka potlako Saipan, empa ho ne ho se joalo kamehla. Baromuoa ba pele ba ne ba qoba ho betsoa ka majoe motšehare ’me ba lula ntlong e “pōkang” bosiu. Qetellong ho ile ha hlokahala hore leholiotsoana le fefolele molaetsa oa ’Muso tšimong ena e thata.

Ha Ernest le Kay Manion ba ne ba leba Saipan ka 1962, ba ile ba fumana sehlekehleke seo se laoloa ke Kereke e K’hatholike. Bona e ne e le bona feela bolumeli boo batho ba bo tsebang, ’me e le ho boloka lintho li le joalo, ho tlalehoa hore moprista e moholo o ile a senya Libibele tse seng kae tseo litho tsa kereke ea hae li neng li e-na le tsona. Ka lebaka leo, batho ka kakaretso ba ne ba sa lumele Bibele, ’me ka masoabi, e ne e kile ea bonoa ke ba fokolang ka palo.

Tšimo e ne e le thata hoo ha ba ha Manion ba ho fumana ho hlokahala hore ba tlohe Saipan ka 1966, ba neng ba e-na le motho a le mong feela ea tšepisang. Empa Robert le Sharon Livingstone ba ile ba qala moo ba ha Manion ba siileng teng.

Mor’abo rōna Livingstone oa hopola: “Hangata ha re ne re atamela seterata, mamati ’ohle le mahlafi a lifensetere a ne a koaloa, kahoo re ne re ka ’na ra sebetsa hoseng kaofela ho se na motho ea arabelang ha re kokota. Bashanyana ba ne ba re betsa ka majoe, ’me hangata lipuo le liketso tsa bona tse litšila li ne li tobisoa ho Sharon. Batho ba bang ba ne ba re saeletsa ka lintja tsa bona, ’me basali ba hōlileng ba etsa pontšo ea sefapano ha re feta, ka ho hlakileng e le ho itšireletsa bobeng.”

Na Baromuoa ba Lokela ho Lahla Sehlekehleke Seo Kherehloa?

Ho sebelisana le balimo ho atile ho pholletsa le Micronesia, ’me Saipan lehae la baromuoa leo e neng e le ntlo e hiriloeng, le ne le le sebakeng se thōkoana moo ho neng ho etsahala lintho tse ke keng tsa hlalosoa bosiu. Baromuoa ba ile ba falla, ’me kajeno lehae la baromuoa le sebakeng se setle haufi le leoatle, haufi le tsela e khōlō.

Ka mor’a hore litaba tse molemo li boleloe Saipan ka lilemo tse hlano, ho ile ha bontšoa e ’ngoe ea lifilimi tsa Mokhatlo phatlalatsa. Ho ile ha e-ba teng motho a le mong—mosali ea ’nileng a ithuta a tlohela ka lilemo tse ’nè empa ka linako tse ling a ntse a ipatela baromuoa. Ba ne ba qetile lilemo tse peli kabelong ea bona ’me e le ka seoelo ho bang le motho eo ba khonang ho buisana le eena. Na ba ne ba lokela ho ‘hlohlora lerōle maotong a bona’ ’me ba tlohe Saipan?—Mat. 10:14.

Leholiotsoana le Susumelletsa Sechaba ho Mamela

Hang ha ho bonahala ho baromuoa hore ha ho mohla ho nang le ea tla mamela, leholiotsoana le senyang ka 1968 le ile la kholisa batho hore ba ele hloko seo Lipaki tsa Jehova li se buang. Leholiotsoana Jean le ile la thuthuka Saipan ka moea o tsamaeang ka lebelo la lik’hilomithara tse 320 ka hora ’me la senya karolo ea 90 lekholong ea mehaho e sehlekehlekeng seo. Seithuti sa Bibele se neng se ithuta se tlohela se ile sa re: “Ke ne ke nahana hore ke Armagedone.”

Mor’abo rōna Livingstone o re: “Ke hopola hantle ke ikharile ka tlas’a tafole ea kichine. Re ile ra shebella re maketse ha siling le mabota li kokomoha le ho kokobela ka lebaka la moea o sekhahla. Molumo o ne o tšoana le oa sefofane se seholo ha se tloha o kopane le o sheshang oa terene ea liphahlo. Ke ile ka rapela Jehova hore eka a ka re sireletsa. Leha ho le joalo, e le hore Sharon a utloe thapelo ea ka, ke ile ka tlameha ho hoeletsa ho fihlela moo lentsoe la ka le fellang teng, molomo oa ka ke o behile tsebeng ea hae.”

Na thapelo eo e ile ea arabeloa? Le hoja sekolo se haufi sa K’hatholike le matlo a baitlami li ile tsa senyeha ka ho feletseng, lehae la Lipaki la baromuoa la khale la lithupa le ile la sala le eme. Leholiotsoana leo le ile la feta hoseng, ’me mokete oa selemo le selemo oa Lijo tsa Morena tsa Shoalane, Sehopotso, o ile oa tšoaroa mantsiboeeng ao. Sehlekehleke sohle se ne se le pherekanong, empa lehaeng la baromuoa, batho ba bane ba ile ba kopana ka khotso ba bonesitse lebone la parafine. Batho ba bangata Saipan ba ile ba qala ho ipotsa hore na ebe Molimo o ne a tlisitse sefefo ho ba otla.

Ho Phehella Hoa Putsoa

Mosali eo ea neng a ithutile ka lilemo tse ’nè qetellong o ile a emela ’nete ’me a kolobetsoa ka la 4 July, 1970. Letsatsing leo ho ile ha kolobetsoa le Augustine (Gus) le Taeko Castro. Ka nako e ’ngoe Gus o ne a ile a ithutela ho ba moprista oa K’hatholike, empa Taeko ke eena ea ileng a batla ’nete. Ha a e fumana, kapele-pele o ile a qala ho ea libokeng.

Gus, e le Mochamorro ea khutsitseng le ea nang le chebahalo e ikhethang, o ne a sa kholisehe habonolo. O ile a re: “Sontaha se seng le se seng, ke ne ke memeloa sebokeng, empa ke ne ke hana hobane ke ne ke tšaba batho. Ke ne ke sa batle ho bonoa libokeng. Ke ne ke le haufi haholo le baprista, ’me batsoali ba ka e ne e le Mak’hatholike a inehetseng. Ba ne ba tla nahana hore ke lahlehetsoe ke kelello.”

Kamoo Gus a nahanang kateng, bothata ba hae bo ile ba rarolloa, ha a ne a romeloa Hawaii ka likhoeli tse tšeletseng tsa ho koetlisetsoa mosebetsi. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng o ile a fumana lengolo tlas’a lemati le mo kōpang hore a letsetse mor’abo rōna oa pula-maliboho sebakeng seo. Baromuoa ba Saipan ba ne ba ngoletse metsoalle e Hawaii lengolo, ba kōpa hore ho be le motho ea mo etelang. Gus o ile a hana ka makhetlo a ’maloa ho ithuta Bibele, empa mor’abo rōna oa pula-maliboho o ne a phehella. O ile a bolela hore haeba hora e le ’ngoe ka beke e ne e le ngata, ba ne ba ka ithuta ka metsotso e 30.

Gus oa hopola: “Qetellong ke ile ka lumela ho ithuta metsotso e 15 ka beke. Empa eseng hobane ke ne ke batla ho ithuta Bibele. Morero oa ka e ne e le ho fumana phoso e le ’ngoe feela e be ho felile.” Morero oa hae o ile oa mo hlanohela. Thuto e ile ea thahasellisa hoo kapele feela Gus a ileng a kōpa nako ea hora habeli ka beke.

Mor’abo rōna Castro o sebelelitse e le moholo Phuthehong ea Saipan ka lilemo tse ngata. Mora oa hae oa pele o ile a qeta lilemo tse tharo Bethele ea Brooklyn ’me morali oa hae e moholo o ile a qeta Sekolong sa Gileade ka 1990 ho ba moromuoa. Mora e mong ke moholo kajeno, ’me morali e mong ke pula-maliboho.

Boikaketsi ba Kereke bo Fetolela ba Bang ’Neteng

Mabaka a mangata a entse hore tšimo ea Saipan e nolofale. Taba ea pele, ho ba sebete ha Lipaki tsa Jehova hoa hlomphuoa. Lilemong tse fetileng mohlanka oa ’muso oa naha e boliseng ba United States o ile a bolela hore mosebetsi oa ho bolela oa Lipaki o ne o baka moferefere motseng oo, ’me a botsa mor’abo rōna hore na ba ne ba le bakae ka phuthehong. Ha mor’abo rōna a mo bolella hore ba ne ba le 12, mohlanka eo oa ’muso o ile a arabela: “Leshome le metso e ’meli! Tsela eo batho ba Saipan ba buileng ka eona, ke ne ke nahana hore e tlameha ebe le lekholo!”

Boikaketsi Kerekeng e K’hatholike le bona bo baketse batho hore ba lebise tlhokomelo molaetseng oa ’Muso. Ka nako e ’ngoe baprista ba ile ba ruta batho hore “Maprostanta a ne a le mabe joaloka Diabolose.” Hamorao baprista ba ile ba bolella litho tsa lipharishe tsa bona hore Lipaki tsa Jehova tsona li “mpe ho feta Maprostanta,” ba susumetsa batho ba tšepahalang hore ba botse, “Ho ka ba le ntho e mpe ho feta Diabolose joang?”

Boikutlo ba batho ka ’nete bo fetohile hoo kajeno Saipan e nang le karo-karolelano e ntle ka ho fetisisa ea bahoeletsi ho baahi ba Micronesia—a le mong ho ba 276. Ka 1991 ho ile ha qetoa Holo ea ’Muso ea konkreite e nang le litulo tse 350, ’me hona joale ho na le liphutheho tse peli tse khōlō tse kopanelang moo, e ’ngoe ke ea Senyesemane ’me e ’ngoe ke ea Setagalog.

Litaba Tse Molemo Lia Phatloha Tinian

Ho tloha Saipan, litaba tse molemo li ile tsa fihla Tinian, sehlekehleke se senyenyane se bohōle ba lik’hilomithara tse ka tlaase ho tse robeli. Ba tloaelaneng le histori ea Ntoa ea II ea Lefatše baa tseba hore ke Tinian, ka 1945, moo Enola Gay, sefofane se lihang libomo sa B-29 sa United States, se ileng sa tloha teng ho ea lihela bomo ea athomiki holim’a Hiroshima, Japane. Ho tloha ka 1970, Lipaki tse tsoang Saipan nako le nako li qeta mafelo a beke li aba limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Tinian. Tsena li ile tsa bontša hore, ho latela boikemisetso ba Jehova, nako e ne e fihlile ea hore ba ratang ho loka ba tsoang lichabeng tsohle ba tee lisabole tsa bona mehoma le hore ba se hlole ba ithuta ntoa.—Esa. 2:4.

Leha ho le joalo, ho fihlela ha Robert le Lee Moreaux, bao pele ba neng ba sebeletsa Ireland, ba fihla ka April 1992, ho ne ho se na Lipaki tse phelang Tinian. Empa peō e ne e jetsoe.

Joseph Manglona, mora oa ramotse, eo lelapa labo le leng matla lipolotiking le neng le akarelletsa baetsi ba bang ba bangata ba molao Tinian, o ile a ananela bohlokoa ba seo a neng a se bala ho Molula-Qhooa le Tsoha!, a etsa qeto ea hore o fumane ’nete, ’me o ne a bolella ba bang ka eona. E le ho mo nyahamisa hore a se ke a kolobetsoa, beng ka eena ba ile ba mo fa mosebetsi o lefang haholo oa lipolotiki oo ka oona a neng a tla phelisa mosali oa hae le bana ba babeli hantle. Empa Joseph a arabela: “’Muso oa lōna haufinyane o tla timetsoa ke Jehova Molimo. Nka rata ho ba karolo ea oona hobane’ng?” Boemo ba hae bo sebete bo entse hore ho tloha ka nako eo ba bangata ho beng ka eena ba kopanele le eena ho sebeletseng Jehova.

Ka mor’a hore ho fanoe ka thuso e tsoelang pele ho batho ba thahasellang, ho ile ha nka lilemo tse peli feela ho theha phutheho e hōlang ea bahoeletsi ba 24. Kajeno ho na le lehae la baromuoa le Holo ea ’Muso Tinian.

CHUUK: Ho Qala Ntlong ea Quonset

Ka mor’a Saipan, tse hlahlamang tse ileng tsa rua molemo tšebeletsong ea kamehla ea baromuoa ba Watch Tower e bile Lihlekehleke tsa Chuuk (tseo pele e neng e le Truk). Merle Lowmaster o ne a ile a etela mona hakhutšoanyane ka 1961, empa ka 1965 Paul le Lillian Williams ba ile ba ea lula Chuuk—ba pele ho baromuoa ba fetang 30 ba ileng ba ikamahanya le maemo a boholo-holo mona.

Ha ba fihla sehlekehlekeng se seholo sa Moen ka 1965, ho se mamelle bolumeli ho ile ha etsa hore ho be thata hore baromuoa ba fumane bolulo. Mookameli oa lebenkele qetellong o ile a ba hirisetsa halofo ea ntlo ea hae ea Quonset (mohlongoa-fatše oa litšepe). Hona ho ile ha halefisa baprista ba K’hatholike hoo ba ileng ba leba ka ho toba ho morena oa motse ’me ba batla hore Lipaki tsa Jehova li lelekoe lihlekehlekeng tseo. Morena a arabela: “Lilemong tse fetileng le tlile mona le re bolella hore re ratane, joale ke hobane’ng ha hona joale le re bolella hore re hloee?” Baprista ba ne ba se na karabelo. Baromuoa ba lula.

Ho ile ha fumanoa thahasello kapele, ’me kapele lithuto tsa Bibele tse 30 li ne li khannoa lihlekehlekeng tsena, tse kileng tsa sebeletsa e le setsi se seholo sa Japane sa likepe tsa ntoa tsa Ntoa ea II ea Lefatše. Lifofane tse lihang libomo tsa Amerika li ile tsa senya karolo e khōlō ea likepe tsa Japane mona, ’me kajeno lisesi tse sebelisang snorkel le liqoeli tse tsoang lefatšeng lohle li leba Chuuk Lagoon ho tla batla setša sa mabitla a tlas’a metsi a likepe le lifofane tse ileng tsa teba. Ba iphang nako ea ho tseba batho ba moo ba fumana ntho e ’ngoe ea mofuta o hlollang. Ba ka ’na ba qaboloa ke mabitso a bolelang lintho tse sa tšoaneng. Ba ka ’na ba kopana le motho ea bitsoang Beer (Biri), Whisper (Mohoeshetsi), Padlock (Seloto), kapa Snow White. Monna e mong o ile a reha bara ba hae ba bararo Sardine, Tuna le Spam.

E mong oa pele oa baahi ba Sehlekehleke sa Chuuk ea ileng a ithuta le ba ha Williams e ne e le mosali oa mookameli oa lebenkele, Kiyomi Shirai, Moprostanta ea inehetseng le ofisiri ea YWCA. Monna oa hae o ne a sa rate hore a fetole bolumeli ba hae, ’me o ile a arohana le eena ha a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ho kolobetsoa ha Kiyomi e bile moqoqo sehlekehlekeng sena, ka lehlakoreng le leng e le hobane a ile a kolobetsoa leoatleng moo e mong le e mong a ka bonang. Ho tla fihlela kajeno, ho kolobetsoa ho tse ling tsa lihlekehleke tsa Micronesia ho ntse ho etsetsoa leoatleng.

Kaha monna oa hae o ne a mo siile, Kiyomi o ile a fallela Dublon, sehlekehleke se haufi sehlopheng sa Chuuk. O ile a paka ka cheseho ’me kapele a be a se a koahetse sehlekehleke seo kaofela kantle le ntlo e le ’ngoe e hahiloeng holim’a leralla. O ne a e tlōla ka lebaka la mong’a eona, mosali-moholo, ea tsebahalang ka hore o buisana le meea. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng, ho na le ntho e ileng ea susumelletsa Kiyomi hore a hloe moepa oo. Ho makaleng ha hae mosali-moholo eo, Amiko Kata, o ile a amohela molaetsa oa Bibele, ’me ka mor’a nako le eena ea e-ba pula-maliboho e chesehang.

Baralib’abo Rōna ba Bangata Empa Barab’abo Rōna Baa Fokola

Ho na le phephetso e khethehileng e tobaneng le Lipaki Chuuk. Barab’abo rōna, haholo-holo ba masoha, ba haella haholo! Ho na le barab’abo rōna ba Truk ba babeli feela ba kolobelitsoeng—bobeli ba bona ba nyetse. Lihlooho tsa malapa lihlekehlekeng tsena ke basali, ’me boholo ba banna ba na le botumo ba ho noa, ho loana le boitšoaro bo bobe. Sena se hlalosa lebaka leo ka lona kajeno barab’abo rōna ba bahlano ba baromuoa ba sebeletsang e le bona feela baholo liphuthehong tse nyenyane lihlekehlekeng tse tharo tse arohaneng—Moen, Dublon le Tol. Ha e le hantle, pele thuso ea baromuoa e fihla, Phutheho ea Moen ka nakoana e ne e e-na le basali ba 23.

David Pfister, e mong oa baromuoa, o re: “Ena e ka ba teko ea sebele ho baralib’abo rōna. Banana ba banyenyane ba hōla ba e-na le khopolo ea ho hōlisa bana ba bangata, empa nakong ena ha ho na bahlankana liphuthehong tsa rōna bao ba ka ba nyalang. Ba bang ba baralib’abo rōna ba na le lerato le tebileng ho Jehova, ’me ba hlompha keletso ea Bibele ea ‘ho nyaloa feela Moreneng.’ (1 Bakor. 7:39) Ho ba bang, sena se ba thibela ho sebeletsa Jehova.”

Salvador Soriano, eo hona joale e leng setho sa Komiti ea Lekala Guam, o ile a qeta lilemo tse 14 e le moromuoa Dublon, moo e neng e le eena feela mor’abo rōna. O re: “Ho ne ho nkhopotsa Pesaleme ea 68:11 [NW], e bolelang hore basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.”

Ho ea Holong ea ’Muso ka Sepalangoang se sa Tloaelehang

Baromuoa ho pholletsa le Micronesia ka tloaelo ba sebelisa likoloi tsa bona kapa literaka ho thusa batho ho tla libokeng, empa ho na le mofuta o mong oa sepalangoang oo mohlomong e leng Barak Bowman feela ea kileng a o leka. Ha ho fokolloa ke bophelo ha morali’abo rōna ea lilemo li 70 e mokhutšoanyane hape a le motenya ho mo thibela ho tsamaea lik’hilomithara tse tharo ho ea Holong ea ’Muso, Barak o ile a leka ho nahana tsela ea ho mo thusa. A re: “Ke rata ho tla u lata bakeng sa seboka, empa ke na le kiribae feela eo nka e sebelisang.” Ho makaleng ha hae, a arabela, “Ho lokile, ha ke tsotelle.”

U ka inahanela pono ea ha ba tsamaea ba le tseleng e eang sebokeng—hape le boiteko bo neng bo hlokahala ka lehlakoreng la Barak. O ne a tloha hae ka 7:00 hoseng ka kiribae e se nang letho ’me a fihle holong a e-na le morali’abo rōna a palame, pejana feela ho lenaneo la 9:30 hoseng.

Cheseho ea Lipaki tsa Jehova bakeng sa tšebeletso le kananelo ea tsona bakeng sa liboka e kotutse litholoana tse monate. Ha e le hantle, ba bileng teng Sehopotsong ka 1995 ba ne ba feta palo ea Lipaki tse Chuuk ka makhetlo a fetang a leshome!

POHNPEI: Ho Hlaolela Litholoana Tsa Moea

William le Adela Yap e ne e se bona Lipaki tsa pele tsa ho beha leoto Ponape (hona joale ke Pohnpei), se seng sa lihlekehleke tse khōlōhali bohareng ba Pacific. Merle Lowmaster o ne a ile a paka hanyenyane mona ka 1961, ’me mathoasong a 1965 o ne a chakile ka ho lekaneng hore a ka hira lebenkele le lahliloeng kherehloa le ka ’nang la sebelisoa e le lehae la baromuoa. Leha ho le joalo, ha ba ha Yap ba fihla, ba ile ba fumana hore ba tlameha ho sebelisa lithipa tse khōlō hore ba kene ka mohahong oo. William o re: “Ho ile ha re nka matsatsi a ’maloa ho hela joang bo metseng ka lilemo tse tšeletseng. Ho ne ho se na ea hlokometseng sebaka seo, kahoo mohaho ona o ne o fetohile selao sa mefuta eohle ea liphoofotsoana le lihahabi tseo u ka li nahanang.”

Ba ha Yap e ne e le banyalani ba sehlahlo ba ileng ba ikhapela tlhompho kapele ea hore ke baboleli ba sebete le ba sa khathaleng. Har’a bao ba ileng ba ba pakela e bile ’musi oa sehlekehleke seo. Ba ile ba mo fa kopi ea New World Translation. O ile a thabela ho hlaka ha phetolelo eo, empa o ne a batla a sekametse ho ahloleng Buka e Ntle ka sekoahelo sa eona. Ka tsela eo a e behang kateng, sekoahelo se setala se ne se sa “shebahale joaloka Bibele”; kahoo ba ha Yap ba ile ba chencha Bibele ea hae e tala ka khatiso ea deluxe, e feletse ka sekoahelo se setšo le molomo o manehiloeng ka khauta. Sena se ile sa thabisa ’musi hoo a ileng a sebelisa Bibele ea hae e ncha ha a nkisa likano le ha a nyalisa.

Ho Tloha “Kerekeng ea Kichineng” ho ea Holong ea ’Muso

Ka 1966, Carl Dannis, eo e kileng ea e-ba moetsi oa molao Pohnpei, o ile a etsa monehelo ka halofo ea setša sa hae ho fana ka setša bakeng sa Holo ea ’Muso ea pele Pohnpei. Carl e ne e le moeta-pele ea bohlale le ea hlomphuoang, monna e mokhutšoanyane ea lebala le bosootho bo khanyang le ea mahlo a maputsoa a botsoalle. Mosali oa hae, Rihka, e ne e le morali oa morena oa ho qetela oa Sehlekehleke sa Mokil. Banyalani bana ba Ponape ba ile ba ithuta Bibele mantsiboea a ’maloa ka beke ka khanya ea mabone a parafine ’me ba tsoela pele kapele ho fihlela ba kolobetsoa.

Ho fihlela ho ka hahuoa Holo ea ’Muso, liboka tsohle tse hlano tsa phutheho, tse neng li khannoa ka Senyesemane, li ne li tšoareloa ka ntlong ea ho phehela ea ha Dannis, li susumetsa litho tse ling tsa sechaba hore li bue ka sehlopha sena se senyenyane sa Lipaki e le “Kereke ea Kichineng.” Ba ka tlaase ho leshome ba ne ba e-ba teng libokeng. Ha ba ne ba bina pina e reng “Ka Ntlo le Ntlo,” eo ba neng ba e fetolelletse Seponapeng, baahelani ba ne ba bua ka ho soma ba re, “Re utloa molumo oa bohloa bo binang, na ha ho joalo?”

Baromuoa ba ile ba e-ba le pono e ncha ka monyetla oa tšimo ea bona ha ramotse a ba lumella ho sebelisa serapa sa motse sa baseball ho bontša filimi e buang ka kopano ea machaba ea 1958 New York City. Ka libeke tse ’maloa litsebiso tsa seea-le-moea li ile tsa phatlalatsa filimi eo, ’me ha nako e fihla, batho ba ile ba bokana lebaleng le lenyenyane la lipapali. Shiti e sarolotsoeng pakeng tsa lipalo e ile ea sebeletsa e le sekrine, batho ba khona ho shebella filimi eo mahlakoreng ka bobeli a shiti. Ho bile teng ba bakae? Ba ka bang 2000—karolo ea botšelela ea baahi ba sehlekehleke seo!

Haesale ho tloha ka nako eo “molumo oa bohloa” o eketsehile, ’me hona joale Sontaha se seng le se seng ho kopana ba fetang 130 Holong ea ’Muso eo ba phutholohileng ho eona.

BELAU: Lihlekehleke Tsa Eona Tse Ngata

Leha ho le joalo, tse ling tsa lihlopha tsa lihlekehleke tse ileng tsa eteloa ke Merle Lowmaster leetong la ho hloela naha, leo a ileng a le qala ka 1961, e ne e le Palau (hona joale ke Rephabliki ea Belau). Ka 1967, Amos le Jeri Daniels, baithuti ba Sekolo sa Gileade, ba ile ba romeloa moo e le baromuoa. Ba ile ba ikutloa joalokaha eka ba rometsoe pheletsong ea lefatše. Amos oa hopola: “Ha sefofane se fihla Palau, se ile sa tlameha ho khutla ’me se boele Guam. Ha sea ka sa fetela ka ’nģane ho Palau likhutlong tse hōle.”

Ba ile ba fumana hore Belau e na le lihlekehleke tse khahlang mahlo tse 300, ho akarelletsa le sehlopha se ikhethang se bitsoang Rock Islands, sebaka se ratoang se hapang bahahlauli. Li aparetsoe ke makhasi a teteaneng a libaka tse chesang, lihlekehlekenyana tsena li shebahala joaloka likhoaeane tse tala tse hlahang leoatleng.

Baahi ba Motse ba ea ka Ntlo le Ntlo

Ha ba ntse ba loanela ho ithuta Sepalau, Mora le Morali oabo rōna Daniels ba ile ba qala ho bolela ka ntlo le ntlo. Ho makaleng ha bona, baahi ba motse ba bohelehele ba ile ba ba latela ’me ba mamela moqoqo oo ba neng ba e-ba le oona le baahelani.

E ’ngoe ea lithuto tsa bona tsa pele e ne e le mora oa morena, ea neng a lula motseng o sehlekehlekeng se thōkoana sa Ngiwal. Neng le neng ha a khona, o ne a ee a ee Koror, sehlekehlekeng seo baromuoa ba neng ba lula ho sona. Empa a ’na a ba khothalletsa hore ba etele motse oa habo le ho ea buisana le batho mono. Mora le Morali oabo rōna Daniels ba ne ba le leqe ho nka leeto leo. Amos oa pheta: “Tsela feela ea ho ea moo e ne e le ho feta har’a metsi a tletseng likoena. Empa ha molebeli oa potoloho a re etela, qetellong re ile ra khona ho nka leeto hobane motho e mong eo re ithutang le eena o ile a lumela ho khanna seketsoana.” Ba ile ba ea ka ntlo le ntlo ho ea pakela baahi ba motse, ’me ha ba tšoara puo ea phatlalatsa, ba 114 ba ile ba e-ba teng.

Modiakone oa Mosali o Bolela Lebitso la Jehova ka Sebete

Obasang Mad, modiakone oa mosali ea inehetseng Kerekeng ea Sabatha Belau, o ile a kopana le baromuoa ba Lipaki ka 1968. Ho sa tsotellehe khanyetso e tsoang ho monna oa hae le baeta-pele ba kereke, kapele-pele Obasang o ile a utloisisa ’nete ka lebitso la Molimo, Boraro-bo-bong le tsoho.

Obasang o ile a re: “Ka letsatsi le leng ke ile ka kōpuoa ka kerekeng hore ke etelle phutheho pele ka thapelo. Le hoja ke ne ke tseba hore ke tla hanyetsoa haholo ke Masabatha a haeso, ke ile ka rapela Jehova. Kapele ke ile ka tlohela kereke ’me ka kopanela le baromuoa mosebetsing oa ho bolela.”

Hona joale a le lilemo tse ka bang 70, Obasang o butse maliboho ka lilemo tse 21 ho sa tsotellehe ho kula ’meleng le ho lahleheloa ke monna oa hae le bana ba hae ba babeli ka lefu. A le mosa, ’me a bososela habonolo, e ’nile ea e-ba tšiea ea matla a moea.

Ho Bolela ka Seketsoana e ka ba ho Ipeha Kotsing

Amos le Jeri Daniels ba ne ba batla ho paka sehlekehlekeng se haufi sa Babelthuap (sebakeng seo se tsejoa e le Babeldaop), empa ho ne ho se na litsela tse kopanyang metse ea lihlekehleke e lebōpong la leoatle, eo ho ka kenoang ho eona feela ka seketsoana. Mor’abo rōna sebakeng seo ka mosa o ile a ba hahela seketsoana, empa ba ne ba se na enjine. Hoo e ka bang ka eona nako eo Amos le Jeri ba ile ba ea kopanong Guam. Ha ba le moo ba ile ba kopana le mor’abo rōna ea tsoang United States ea neng a tloaelane le molula-setulo oa sehlopha sa botsamaisi sa baetsi ba lienjine tsa liketsoana. Kapele ba ile ba ba le enjine e ncha ea seketsoana. Amos o ile a hlokomela: “Kamehla Jehova oa fana.”

Ho pholletsa le Micronesia, ho paka ka seketsoana lihlekehlekeng tse thōkoana ke leeto la letsatsi lohle. Ho hlokahala tokisetso e hlokolosi. Maqhubu a tlameha ho lekanyetsoa. Moromuoa e mong o re: “Kamehla re tloha lihora tse peli pele ho leqhubu le phahameng ’me re khutle lihora tse peli ka mor’a leqhubu le latelang le phahameng (hoo e ka bang lihora tse 14 hamorao) ho qoba ho senya propeller kapa ho qaoa.” Lijo, hammoho le libuka tse lekaneng le liaparo tsa ho chencha, li pakoa esale pele, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sireletsoa ka mekotlana ea lipolasetiki. Lihlekehlekeng tseo ho tsona ho se nang moo likepe li emang, baromuoa ba tlameha ho tsamaea ka metsing ho ea palama seketsoana sa bona. ’Me haeba ha ba e-s’o kolobe, mohlomong ba tla fafatsoa ke metsi a leoatle kapa ba khaphaletsoe ke leqhubu nakong ea leeto. Kamehla ho etsoa thapelo pele ho kenoa tseleng, ’me ha leoatle le befile, hangata ho etsoa lithapelo tse ngata tsa ka pelong seketsoaneng.

Ka lilemo, baromuoa ba sebeletsang Micronesia ba ithutile ho sesisa metsing a matangoana a lihlekehlekeng mefuteng eohle ea maemo a leholimo ’me ba fetohile litsebi tsa ho haha liketsoana le ho lokisa lienjine tsa tsona.

Ho Tsamaea Haholo—Kamohelo e Mofuthu

Kaha metse e meng ha ho bonolo ho fihla ho eona ka koloi kapa ka seketsoana, baromuoa ba ka ’na ba tsamaea lihora ba tsamaea tselaneng e ntle ea morung oa lik’hok’honate ho ea fihla bathong ba ikokobelitseng. Kaha boemo ba leholimo boa chesa ebile bo mongobo, mona barab’abo rōna ha ba fase lithae tšebeletsong ea tšimo, ’me hangata ho roaloa lieta tsa mechomelo tsa rabara (tse bitsoang zori).

Harry Denny, eo e bileng moromuoa Belau ka lilemo tse 21 o itse: “Kamehla re fumana litsebe tse mamelang ’nete. Ka makhetlo a mangata, e le ho bontša kamohelo ea bona, batho bana ba thōko ba tla hloa sefate sa k’hok’honate, ba khe k’hok’honate e ntle, ba pome karolo ea eona e ka holimo ka thipa e khōlō, ebe ba u fa seno se tsoang ‘lebokoseng’ la eona la sebele.”

Harry le mosali oa hae, Rene, ba kopanetse lehae la bona la baromuoa le Janet Senas le Roger Konno, baromuoa ba masooa bao e mong le e mong oa bona a bileng kabelong ea hae ka lilemo tse 24. Baromuoa bana ba tšepahalang ba bane ba le hammoho ba thusitse Phutheho ea Belau ho hōla ho ba bahoeletsi ba 60, ’me hona joale lithuto tsa buka tsa phutheho li khannoa ka lipuo tse tharo—Sepalau, Setagalog le Senyesemane.

YAP: Mahlo a Jehova a e Shebile

Selemo ka mor’a hore baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba qale ho sebeletsa Belau, Jack le Aurelia Watson ba ile ba fihla Yap. Selemong se latelang ho ile ha fihla baromuoa ba bang ba babeli. Le hoja Yap e le nyenyane—e sa tsebahale ho boholo ba moloko oa batho—Jehova o tseba lihlekehleke tsena ’me o bontša kameho e lerato ho baahi ba tsona. Tsena ke lihlekehleke tse ’nè tse khobokaneng hammoho tse hokahantsoeng ke marokho, ’me lihlekehleke tsena li hokahantsoe ka ho tšoanang ke neano ea boholo-holo. Yap e na le puo e sa buuoeng kae kapa kae lefatšeng, chelete e betliloeng ka lejoe le batho bao ho hang ba sa khahloeng ke mekhoa ea Bophirimela. Le kajeno har’a baahi ba Yap ba 10500, motho a ka bona banna ba tenne lesela le mebala-bala e khanyang thekeng ’me basali ba tenne mese ea letheka ea joang, ka linako tse ling ba sa apara letho ho tloha thekeng ho ea holimo.

Merle Lowmaster o ne a ile a paka mona ka 1964, empa Jack le Aurelia Watson ba ne ba e-na le tšepo ea hore ba tla khona ho lula. Leha ho le joalo, ho ne ho se bonolo hore ba ithute puo ea Seyapi. Boitsebiso feela bo ngotsoeng bo ka fumanoang e ne e le ba libukana tse seng kae tsa melao ea ’muso le katikisima ea K’hatholike. Ba ha Watson ba ne ba ee ba mamele batho ’me ba leke ho etsisa seo ba se utloang. Selemong se latelang, mohlankana e mong oa Yap ea neng a bontša ho thahasella ’nete le eena o ile a ipaka a utloisisa ho ba ruta puo. Baromuoa ba ile ba qeta khoeli ea pele ba leka ho mo thusa ho utloisisa Senyesemane seo ba neng ba se bua e le hore a ka ba bolella mokhoa oa ho bua Seyapi.

Liboka “Bankeng”

Moprista oa K’hatholike oa sebaka seo le moruti oa Lutere, bao e neng e le lira pele, ba ile ba ikopanya ho tsamaisa bukana e nyatsang Lipaki. Moprista o bile a sebelisa tšusumetso ea hae ho etsa hore baromuoa ba lelekoe lehaeng la bona, ’me ho fumana lehae le lecha ho ne ho bonahala ho ke ke ha etsahala. Moprista o ne a se a lemositse beng ba matlo hore ba se ke ba hirisetsa baromuoa, kahoo barab’abo rōna ba ile ba fallisetsa basali ba bona hoteleng ka nakoana, ha bona ba lula mok’huk’hung o neng o le boholo ba limithara tse 3,5 ka tse 4 le o nang le fuluru e oetseng ka hare.

Yap e tsebahala haholo-holo ka chelete ea eona ea lejoe e lilemo li makholo, mabili a maholohali a lejoe la mokoetla a bitsoang rai, ao ka boholo a tlohang ho a bophara ba limithara tse 0,6 ho ea ho tse 3,5. Le hoja e se e sa sebelisetsoe ho reka setša kapa ho lefa melato, chelete ea lejoe e nkoa e le ea bohlokoa ka lebaka la bohlokoa ba eona ba histori. ’Me barab’abo rōna ba ile ba fumana hore ke ea bohlokoa le ka litsela tse ling. Ha ba lahleheloa ke lehae la bona la baromuoa, ka nakoana liboka li ne li tšoareloa ka tlas’a sefate se seholo moo chelete ea lejoe e neng e behiloe teng. Kaha majoe a chelete ea lejoe “bankeng” ena ea motse a ne a tsepamisitsoe, hona ho ne ho etsa hore batho ba mametseng ba itšetlehe hamonate, ha toromolo ea lilithara tse 190 e haufi e ne e sebelisoa e le moo ho balloang teng.

Ho ntse ho le joalo, ba ne ba ntse ba e-s’o fumane moo ba lulang. Watson oa hlokomela: “Ho ne ho bonahala eka mosebetsi o tla fela. Empa Jehova a re namolela.” Bosiung ba pele baromuoa ba tloha ho ea kopanong Guam, monna e mong o ile a ba botsa hore na ba ka rata ho hira ntlo. Mohlomong e ne e le mohaho o botleng ho feta eohle Yap—mohaho oa konkreite o ka emelanang le leholiotsoana o nang le sebaka se lekaneng bakeng sa liboka le bolulo.

Ho Fana ka Bopaki ba Tumelo ea Bona

Baromuoa ba bang ba babeli ba tsoang Hawaii, Placido le Marsha Ballesteros, ba ile ba fihla ka 1970. Tsoelo-pele e ne e tsamaea butle. Placido o ile a hopola: “Ho na le makhetlo a mangata ao e neng e e-ba rōna feela baromuoa ba bane ba neng ba e-ba teng libokeng, tse tšoareloang ka kamoreng ea rōna ea ho phomola.”

Qetellong khōlo e ile ea e-ba teng ha barab’abo rōna ba moo ba tsoela pele moeeng. E mong oa bona, John Ralad, o ile a tobana le boemo bo thata. Ha John a qala ho ithuta Bibele, k’hamphani ea hae ea mohaho e ne e le mothating oa ho haha kereke. Ho sa tsotellehe khatello e tsoang ka mahlakoreng ’ohle, John o ile a ikemisetsa hore letsoalo la hae le ne le ke ke la mo lumella hore a qetele kereke eo. Kajeno o sebeletsa phutheho e le moholo.

Yow Nifmed le eena o ile a ba le khetho e tebileng eo a ileng a tlameha ho e etsa. Ha a kopana le Lipaki ka lekhetlo la pele ka 1970, o ne a e-na le basali ba babeli. E le hore a ka lumellana le litlhoko tsa Jehova, o ile a tlameha ho boela a lokisa bophelo bohle ba hae. Kajeno Mor’abo rōna Nifmed le mosali oa hae a le mong ka bobeli ba sebeletsa Jehova ba thabile. Ke moholo. Ha a e-ea libokeng, o khanna teraka ea hae a palamisitse beng ka eena ba 15.

Ka Sebele Batho ba Jehova ba Hohle

Placido Ballesteros o kile a re: “Ho ea ka pono ea motho, Yap ke letheba feela la naha lefatšeng, ’me batho ba likete tse seng kae ba phelang mona hase ba bohlokoa ha ba bapisoa le likete tsa limilione tsa moloko oa batho. Empa leha ho le joalo Jehova o hopola batho bana. Ha ke qala ho fihla, ke ne ke sa lore hore ho ne ho tla ba le letsatsi leo ka lona tokollo ea khoeli le khoeli ea Molula-Qhooa e neng e tla hatisoa ka Seyapi le hore re ne re tla be re aba libuka ka ntlo le ntlo ka puo ea Seyapi.”

Phihlelo e qabolang e bontša kamoo lebitso la Jehova le tsebahatsoang ka ho qaqa kateng. Ka letsatsi le leng, Placido o ile a kopana le mohahlauli a lutse pel’a nōka, lik’hilomithara ho tloha litsing tse haufi tsa bohahlauli hape e le sebaka se selelele ho tloha moo tsela e fellang teng. Ha a botsoa hore na o lahlehile, monna eo o ile a arabela: “Che, ke ne ke batla feela ho ba hōle kamoo nka khonang hore ke fumane sebaka se nang le khotso hore ke tle ke nahane.” Ha mohahlauli a mo botsa hore na ke hobane’ng ha a le moo, Placido o ile a hlalosa hore e ne e le moromuoa, e mong oa Lipaki tsa Jehova. Mohahlauli eo a hooa: “Oho banna! Ke tsoa Brooklyn, eseng hōle haholo le ntlo-khōlō ea lōna. Ha ke khone ho le baleha!”

KOSRAE: Le Mona Lebitso la Jehova Lea Tsejoa

Hoba le be teng Kopanong ea Machaba ea “Khotso Lefatšeng” ka 1969 Hawaii, lelapa le leng le chesehang le tsoang Pohnpei le ile la hlokomela hore e ka ’na ea e-ba la pele ho bolela sehlekehlekeng sena se setle sa Kosrae khotso eo e leng ’Muso oa Molimo feela o ka e tlisang. A susumelitsoe ke kopano, Fredy Edwin o ile a fallisa lelapa la hae lik’hilomithara tse 580 ho ea sebakeng sena se thōko-thōko leoatleng le neng le tsebahala haholo e le kou ea ho tšoasa marua-rua lekholong la bo19 la lilemo. Ho ba ha Edwin, ho falla hoo ho ne ho lumellana le maemo, kaha mosali oa Fredy, Lillian, e ne e le morali oa morena oa Kosrae, ’me Sekosrae e ne e le e ’ngoe ea lipuo tse supileng tseo Fredy a neng a khona ho li bua.

Pele e e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, Fredy Edwin e ne e le setho sa komiti ea Prostanta e ileng ea fetolela Bibele puong ea Seponape. Ka mor’a hore a fallele Kosrae, tsebo ea hae ea ho fetolela e ile ea mo thusa ho etsa hore lingoliloeng tsa Watch Tower li fumanehe ka puo ea Sekosrae. Ba bang ba lelapa la hae le bona ba ’nile ba tšoareha ho boleleng molaetsa oa ’Muso. Morali oa hae Desina o ile a hana lihlapiso tsa koleche e le hore e ka ba pula-maliboho e khethehileng, ea pele Micronesia. Morali e mong, Mildred, o ile a sebeletsa e le pula-maliboho ea kamehla, ’me mosali oa Fredy hangata o ’nile a sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang.

Thuso ea Fihla ho Tla Haha Holo ea ’Muso

Zecharias Polly, ea neng a tsoa Chuuk, e bile motho oa pele oa Micronesia eo e bileng moromuoa. O bile le karolo ea ho theha phutheho Kosrae ’me ka 1977 o ile a boela a thusa ho haha Holo ea ’Muso le lehae la baromuoa moo.

Holo ea ’Muso ha ea ka ea hahuoa bofelong ba beke. Taba ke hore Sontaha se seng le se seng sehlekehleke sena se busoang ke Maprostanta e ba se khutsitseng haholo hobane molao oa “Sabatha” o thibela ho reka, ho rekisa, ho noa, ho tšoasa litlhapi, ho sebetsa, esita le ho bapala. Leha ho le joalo, Holo ea ’Muso e ile ea emisoa ka potlako ka ho lekaneng ho ka makatsa batho ba moo. Barab’abo rōna ba ile ba sebelisa eng kapa eng e teng sebakeng seo ho etsa lintho esale pele ka hohle kamoo ba ka khonang. Thepa e ’ngoe e ile ea rekoa Pohnpei ’me ea romeloa ka sekepe. Ha thepa e rometsoeng ea ho qetela e fihla Kosrae, e e-na le basebetsi ba baithaopi ba tsoang Pohnpei, mohaho o ile oa ba le sebōpeho ka potlako. Holo eo ea ’Muso e ntse e tsoela pele ho sebelisoa le kajeno—eseng feela bakeng sa liboka tsa beke le beke empa hape le bakeng sa likopano.

Phutheho e Hōle e Rorisa Jehova

Ha ho ne ho thehoa phutheho Kosrae ka 1976, e ne e le hōle haholo le lekala hoo litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa khoeli le khoeli li neng li fetisetsoa Pohnpei ka seea-le-moea sa bo-maithutoane. Tšebeletso ea sefofane ea khoebo ho ea Kosrae ha ea ka ea qala ho fihlela ka 1979. Le hoja likepe li ne li nka poso pakeng tsa lihlekehleke tsena, ho e isa ho beng ba eona, ka linako tse ling ho ne ho ka nka ho fihlela likhoeling tse tšeletseng.

Kajeno mabala ’ohle a lifofane Micronesia a entsoe ka asphalt eo le lijete li ka lulang ho eona, empa mathoasong a bo-1980, ho fofela Kosrae ho ne ho bolela ho nka leeto le kotsi ka sefofane se nkang batho ba supileng. Arthur White oa hopola: “Leetong le leng leo ’na le mosali oa ka re ileng ra le nka ka sefofane ho ea Kosrae, re ile ra kopana le sefefo, ’me ho ile ha bonahala eka re lahlehile. Mokhanni oa sefofane o ne a fofisetsa sefofane limithara tse ka bang 30 ka holim’a leoatle ’me a batla sehlekehleke. Mosali e mong ea lutseng ka mor’a rōna o ne a rapella holimo. Re ne re tseba hore haeba mokhanni a sa fumane Kosrae, mohlomong re tla lahleha leoatleng; empa qetellong sehlekehleke sa hlaha, ’me re ile ra khona ho lula—tseleng e tšesaane ea karabole eo ba e sebelisang e le lebala la lifofane.”

James Tamura o qetile lilemo tse 17 e le moromuoa Pohnpei le Kosrae. O ile a akaretsa maikutlo a ba bangata ha a re: “Ke fumana thabo ka ho bona mosebetsi o hōla le ka ho bona lebitso la Jehova le tsebahatsoa lihlekehlekeng tsena tse hōle tsa Pacific.”

ROTA: Tlaleho ea Mamello

Sehlekehlekeng se senyenyane sa Rota, se bonahalang hanyenyane ha u le Guam, ka linako tse ling ho etsoa tsebiso ka libuela-hōle. Ka letsatsi le leng ka 1970, lentsoe la ramotse le ile la hlahella ka libuela-hōle tseo le tsebisa baahi ba Rota hore Lipaki tsa Jehova li teng sehlekehlekeng seo ’me li tla tla malapeng a bona. Ramotse a phatlalatsa: “Ka kōpo li buleleng mamati, ’me le amohele ketelo ea tsona.”

Augustine Castro e ne e le e mong oa barab’abo rōna ba bararo ba ileng ba bolela Rota letsatsing leo. O ile a tsamaisetsa ramotse oa Rota libuka tse ’maloa, eo a neng a mo tsebella mosebetsing oa hae oa ’muso Saipan. Ke sona se ileng sa susumelletsa ramotse hore a etse tsebiso ea hae sechabeng. Ka nako ea lihora tse peli barab’abo rōna ba etileng ba ne ba tsamaisitse libuka tsohle tseo ba neng ba e-na le tsona mekotlaneng ea bona. Empa ka nako e tšoanang, khanyetso ea baruti e ne e ntse e hōla.

Baruti ba Kena-kenana le Mosebetsi oa Boboleli

Gus oa pheta: “E mong e tlameha ebe o ile a tsebisa moprista oa K’hatholike ka rōna. Re ne re le karacheng ea peterole. Mohlankana e mong o ne a le haufi le ho amohela buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng ha a phahamisa hlooho ’me a bona moprista. O ile a tsilatsila ’me ka ho tšoha a re bolella, ‘Ke tla rata ho bontša moprista buka ena ho bona hore na e nepahetse.’ Re ne re shebile moprista ha a ntse a e phetla maqephe. O ne a ntseba hantle, hobane ke ne nkile ka ithutela ho ba moprista. O ile a qetella a boleletse mohlankana eo, ‘Ho nepahetse ho amohela buka ena . . . hafeela u ke ke ua fetola bolumeli ba hao.’”

Khanyetso e ile ea tota ka mor’a hore ka 1981 Juan le Mary Taitano ba abeloe ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng sehlekehlekeng sena se busoang ke K’hatholike. Juan oa hopola: “Moprista oa moo o ne a ee a re sale morao ka ntlo le ntlo ’me a bolelle batho hore Jehova ke lebitso le leng la Satane. O ile a hloma matšoao a balehang tjena hoo e batlang e le malapeng ’ohle: ‘Ena ke ntlo ea Mak’hatholike. Ka kōpo hlomphang bolumeli ba rōna.’ Hape o ne a romela bashanyana ho ea amoha batho libuka leha e le life tseo re ba sietseng tsona le ho li chesa.”

Lehloeo le Tšabo li Tšoara Beng ba Matlo

Ba ha Taitano e ne e le ba semelo se tšoanang sa Machamorro joaloka batho ba Rota ’me ka bobeli ba ne ba khona ho bua puo ea Sechamorro, empa ho ntse ho le joalo ba ne ba hloiloe haholo.

Juan o ile a bolela: “Ka lekhetlo le leng, mong’a ntlo o ile a ntšokela, a re o tla ‘nka molamu oa baseball ’me a robe lesapo le leng le le leng ’meleng oa ka.’ Letsatsing le latelang, monna eo o ile a ba kotsing ea koloi, ’me a robeha maoto le letsoho. Batho ba motse ba ile ba re Molimo o ne a otla monna eo ka seo a ileng a se bua, ’me hoo ha etsa hore ba tšabe Lipaki tsa Jehova.”

Boikutlo bo Nepahetseng ho sa Tsotellehe Litholoana Tse Mpe

Lilemong tse 25 tse fetileng, baromuoa ba qetile lihora tse se nang palo ba bolella batho ba Rota. Ka mor’a boiteko bona bohle, ho na le baboleli ba ’Muso ba robeli feela har’a baahi ba 2500, ’me palo eo e akarelletsa banyalani ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ho sa tsotellehe sena, Lipaki tse tšepahalang li tsoela pele ho haha tlaleho e ntle ea mamello, li hana ho ba tse nyahameng.

Moromuoa Gary Anderson o itse: “Rota e thata, ha ho pelaelo ka hoo. Empa le boemo bo bobe ka ho fetisisa bo ke ke ba e-ba teng ka ho sa feleng. Rota e tla fetoha. Ha ho letho le ke keng la etsahala ka tšehetso ea Jehova.”

NAURU: Ho Fumana Maruo a ’Nete

Rephabliki ea Nauru, e nang le baahi ba ka bang 7000, e kile ea talingoa e le e ’ngoe ea linaha tse ruileng ka ho fetisisa lefatšeng, empa le moo batho ba hloka molaetsa oa ’Muso. Boholo ba leruo la bona le hlahisitsoe ke ho nyebokolloa ha karolo e khōlō ea sehlekehleke sa bona se senyenyane, ho rafshoa phosphate ’maeneng o bulehileng. Se hōle haholo le ho ba paradeise ea sebele. ’Me hona joale sehlekehleke sena le sona se na le mathata a tebileng a lichelete.

Leha ho le joalo, boiteko ba pele ba ho isa molaetsa oa ’Muso Nauru bo ile ba qheloa. Ha moromuoa ea etileng ea tsoang Lihlekehlekeng tsa Marshall a hasanya peō ea ’nete Nauru ka 1979, o ile a lelekoa naheng eo, a felehelitsoe ke liofisiri tse tharo tsa sepolesa ho mo isa sefofaneng.

Leha ho le joalo, pele a lelekoa naheng eo, o ile a ithuta Bibele le Humphrey Tatum. Humphrey o ile a tsoela pele a ithuta a le mong, ’me ha Nat Miller, molebeli ea tsamaeang, a fapohela Nauru, Humphrey o ile a kōpa ho kolobetsoa. Miller oa hopola: “Kaha mosebetsi oa rōna o ne o sa lumelloa ka molao, re ile ra ema ho fihlela ho ba lefifi. Re ile ra kenella hare Leoatleng la Pacific ka limithara tse ka bang 30, ’me o ile a kolobetsoa a sa bonoe ke batho ba moo.”

Pele ho 1995, tšebetso ea boboleli ea ntlo le ntlo e ne e thibetsoe Nauru. Batho ba tsoang ka ntle ba ntse ba sa lumelloe ho tšoareha tšebeletsong ea ntlo le ntlo, empa ’muso hona joale o lumella matsoalloa a Nauru bolokolohi ba ho bolela, e leng ho nolofalletsang sehlopha se senyenyane sa Lipaki tse kolobelitsoeng mono hore se bue phatlalatsa ka Bibele.

Ho fihlela a e-shoa ka 1995, Mor’abo rōna Tatum o ile a sebeletsa e le moholo phuthehong e nyenyane ea Nauru. Hape o ile a sebeletsa e le mofetoleli oa Senauru, a etsa lipampitšana le limemo tsa Sehopotso hore Lipaki tsa habo li li fumane. Le hoja li fokola ka palo, Lipaki tsa Jehova Nauru li ikemiselitse ho lebisa tlhokomelo ea baahelani ba tsona molemong oa maruo a moea, a lebisang bophelong bo sa feleng.—Liprov. 3:1, 2, 13-18.

Lihlekehleke tsa Pacific li na le botumo ba hore ke paradeise ea lefatšeng, empa ha ho tluoa bonneteng ba taba—batho ba bangata ba Micronesia ba loanela ho phela. Mokhoa oa bona oa bophelo oo e kileng ea e-ba o itekanetseng o sentsoe ke likotsi tsa tsoelo-pele—thelevishene, bokebekoa, lithethefatsi, le mafu a tšoaetsanoang, ho bolela tse seng kae feela. Batho ba eketsehileng baa hlokomela hore molaetsa oa ’Muso o boleloang ke Lipaki tsa Jehova ke oona feela tharollo mathateng a bona a ntseng a hōla.

Lekala la Guam, le tsamaisang boiteko ba boboleli Micronesia, le tsamaisa bahoeletsi ba fokolang ho feta makala a mang a Mokhatlo a 103, empa tšimo ea lona ke e ’ngoe ea tse khōlōhali lefatšeng. Le hoja bara le barali babo rōna lihlekehlekeng tsena tse hōle ba arotsoe ke leoatle le leholo le nammeng, ba ntse ba latsoa katamelano e haufi-ufi ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Lingoliloeng tsa Bibele tse fanoang kamehla ka lipuo tsa bona, likopano tsa nako le nako le ho eteloa kamehla moeeng ke balebeli ba tsamaeang, li ba etsa hore ba hlokomele hore ke karolo ea mokhatlo oa machaba oa bara ba motho.

Baromuoa ba sebeletsang likabelong tse joalo tse thōko le bona ba fumana likhopotso tsa lerato le teng har’a batho ba Jehova. Lehlabula le leng le le leng, ho etsoa litokisetso tsa hore ba ee Guam ho ea ba teng kopanong ea setereke, eo hangata e tšoaroang e kopane le leeto la molebeli oa libaka. Rodney Ajimine, e le moromuoa lilemo tse fetang 20 eo hape a kileng a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang Micronesia, o kile a hlalosa bohlokoa ba leeto leo la selemo le selemo la ho ea Guam. O ile a re: “Le bokanya baromuoa bohle ba lihlekehlekeng tse sa tšoaneng hammoho. Le re thusa hore kaofela ha rōna re mamelle.”

Ho na le litokisetso tse ling tse thusang barab’abo rōna lihlekehlekeng tsena tse hasaneng. Ka tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang, ho ile ha thehoa Lefapha la Boitsebiso ba Lipetlele lekaleng la Guam ka 1993 ’me esale ho tloha ka nako eo le hlophisitse Likomiti tsa Bohokahanyi le Lipetlele bakeng sa lihlopha tse ling le tse ling tsa lihlekehleke tse Micronesia. Selemo se seng le se seng, ho tšoaroa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho bakeng sa ba tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me ho tšoaroa Likolo tsa Tšebeletso tsa ’Muso nako le nako ho koetlisa balebeli ba liphutheho. Hape, ka 1994 lekala la Guam le ile la theha Lefapha la Kaho ho hokahanya ho etsoa ha lipolane le ho hahuoa ha Liholo tsa ’Muso le mahae a baromuoa Micronesia.

Boiteko bo sa khaotseng ba baromuoa le bahoeletsi nakong ea lilemo tse 40 tse fetileng bo thusitse baahi ba bangata ba lihlekehleke hore ba tsebe le ho rata Jehova. Hona joale ba bang ba baahi bao ba lihlekehleke ba etella pele liphuthehong tsa moo ’me ba sebetsa ka thata ho bolela morero oa Molimo oa hore lefatše lohle le tla etsoa paradeise.

Ho sa ntse ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa Micronesia, empa ka thuso ea tšireletso e lerato le tataiso tse tsoang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova, boprofeta bo ho Esaia 51:5 e ba ’nete: “Lihleke-hleke li tla ntšepa [Jehova], li tla ’ne li tšepe letsoho la ka.”

[’Mapa o leqepheng la 210]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

JAPANE

MICRONESIA

SAIPAN

ROTA

GUAM

YAP

BELAU

POHNPEI

CHUUK

KOSRAE

NAURU

MARSHALL ISLANDS

KIRIBATI

HAWAII

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 208]

[Setšoantšo se leqepheng la 213]

Sam le Virginia Wiger ka pel’a Holo ea ’Muso ea pele Guam

[Litšoantšo tse leqepheng la 215]

Ka holimo: Ke baromuoa, Merle le Fern Lowmaster

Nathaniel Miller (le mosali oa hae Allene, ea seng a hlokahetse), mohokahanyi oa pele oa Komiti ea Lekala Guam

[Litšoantšo tse leqepheng la 216]

Ofisi ea lekala ea Guam, le Komiti ea Lekala (ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona: Julian Aki, Salvador Soriano, Arthur White)

[Setšoantšo se leqepheng la 218]

Baromuoa ba ileng ba bokana bakeng sa seboka nakong ea ketelo ea molebeli oa libaka ka 1994

[Litšoantšo tse leqepheng la 223]

1, 2. Holo ea ’Muso/lehae la baromuoa Kiribati, li hahiloe ka tšebelisano ea machaba

3. Nariki Kautu le mosali, Teniti

4. Thuto ea Bibele e tsoela pele Kiribati

[Setšoantšo se leqepheng la 227]

Bahoeletsi Holong ea ’Muso Ebeye

[Setšoantšo se leqepheng la 228]

Augustine Castro, moholo ea chesehang oa sebaka seo

[Setšoantšo se leqepheng la 229]

Robert le Sharon Livingstone

[Setšoantšo se leqepheng la 234]

Kamohelo e mofuthu ho baromuoa ba bacha

[Setšoantšo se leqepheng la 236]

Ha u paka ka seketsoana, e-ba ea loketseng ho koloba

[Setšoantšo se leqepheng la 237]

Holo ea ’Muso ho e-na le ntlo ea ho phehela bakeng sa liboka

[Setšoantšo se leqepheng la 237]

Carl le Rihka Dannis, Lipaki tsa pele tsa sebaka seo Pohnpei

[Setšoantšo se leqepheng la 238]

Moromuoa Neal Maki hape e le mofetoleli

[Litšoantšo tse leqepheng la 241]

Obasang Mad, pula-maliboho ea khale, a loketse tšebeletso

Ka ho le letšehali: Sehlopha sa tšebeletso ea tšimo ka terakeng

[Litšoantšo tse leqepheng la 243]

Ho paka Yap

Ka ho le letona: Merle Lowmaster le chelete ea tšepe ea Yap “bankeng” ea motse

[Setšoantšo se leqepheng la 246]

Ho tšela marokho Kosrae ho hloka botsitso

Fredy Edwin, ka ho le letšehali, le mosali oa hae, bana le litloholo

[Setšoantšo se leqepheng la 251]

Lipaki tse kopanang le phephetso Rota

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela