Jeremia
2 Lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na,+ la re: 2 “E-ea, ’me u hoeletse moo Jerusalema e ntseng e utloa, u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng:+ “Ke hopola hantle mosa o lerato oa bocha ba hao,+ lerato nakong ea ha u lebelelitsoe bakeng sa lenyalo,+ ho ntatela ha hao lefeelleng, naheng e sa jaloang peō.+ 3 Iseraele e ne e le ntho e halalelang ho Jehova,+ sehlahisoa sa pele ho Eena.”’+ ‘Batho leha e le bafe ba e timetsang ba ne ba tla iketsa ba molato.+ Tlokotsi e ne e tla ba oela holimo,’ ho bolela Jehova.”+
4 Utloang lentsoe la Jehova, Lōna ba ntlo ea Jakobo,+ le lōna malapa ’ohle a ntlo ea Iseraele.+ 5 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bo-ntat’a lōna ba fumane eng ho ’na e hlokang toka,+ hoo ba leng hōle le ’na,+ ’me ba ’nileng ba latela litšoantšo tse rapeloang tsa lefeela+ eaba ba fetoha ba se nang thuso?+ 6 Ha baa ka ba re, ‘Jehova o hokae, Ea re ntšang naheng ea Egepeta,+ Ea re tsamaisang lefeelleng, naheng ea thota ea lehoatata+ le e sekoti, naheng e hlokang metsi+ le ea moriti o lefifi,+ naheng eo ho seng motho ea kileng a feta ho eona le eo ho seng motho oa lefatše ea kileng a lula ho eona?’
7 “Qetellong ka le tlisa naheng ea serapa sa lifate tsa litholoana, hore le je litholoana tsa eona le lintho tsa eona tse ntle.+ Empa la kena ’me la silafatsa naha ea ka; la etsa lefa la ka ntho e manyala.+ 8 Baprista ha baa ka ba re, ‘Jehova o hokae?’+ Ba tšoarang molao ha baa ka ba ntseba;+ balisa ba ntšitetsoe,+ ’me le baprofeta ba profetile ka Baale,+ ’me ba latetse ba neng ba ke ke ba ba tlisetsa molemo.+
9 “‘Ka hona ke tla boela ke le loantše,’+ ho bolela Jehova, ‘’me ke tla loantša bara ba bara ba lōna.’+
10 “‘Empa fetelang libakeng tse lebōpong la leoatle tsa Kitime+ ’me le bone. E, romeletsang ho Kedare+ ’me le nahane ka ho khethehileng, ’me le bone hore na ebe ho kile ha etsahala ntho leha e le efe e tjena.+ 11 Na sechaba se fapanyetsane ka melimo,+ ka bao e seng melimo?+ Empa sechaba sa ka se fapantšitse khanya ea ka bakeng sa se ke keng sa tlisa molemo.+ 12 Shebang sena ka ho makala, Lōna maholimo; ’me le nyarohe haholo,’ ho bolela Jehova,+ 13 ‘hobane ho na le lintho tse peli tse mpe tseo sechaba sa ka se li entseng: Se ntlohetse,+ ’na mohloli oa metsi a phelang,+ e le hore se ichekele liliba, liliba tse phatlohileng, tse ke keng tsa boloka metsi.’
14 “‘Na Iseraele ke mohlanka,+ kapa lekhoba le tsoaletsoeng ntlong? Ke hobane’ng ha e fetohile e tlatlapuoeng? 15 Litaoana tse moetse lia e purumela;+ li ntšitse mantsoe a tsona.+ Li qalile ho etsa hore naha ea eona e be ntho e makalloang. Metse ea eona e chesitsoe, hoo ho se nang moahi.+ 16 Esita le bara ba Nofe+ le Takpanese + ba ’nile ba iphepa ka uena har’a hlooho.+ 17 Na see hase seo u ikentseng sona ka ho tlohela Jehova Molimo oa hao nakong ea ha a u tsamaisa tseleng?+ 18 Joale ke hobane’ng ha u lokela ho tšoenyeha ka tsela ea Egepeta+ e le hore u noe metsi a Shihore?+ Ke hobane’ng ha u lokela ho tšoenyeha ka tsela ea Assyria+ e le hore u noe metsi a Nōka? 19 Bobe ba hao bo lokela ho u khalemela,+ le liketso tsa hao tsa ho se tšepahale li lokela ho u khalemela.+ Joale, u tsebe, ’me u bone hore ho furalla ha hao Jehova Molimo oa hao ke ntho e mpe le e bohloko,+ ’me ho ntšaba ha hoa u fihlela,’+ ho bolela ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho.
20 “‘Etsoe ke khale ke robile joko ea hao likoto;+ ka khaola marapo a hao. Empa ua re: “Nke ke ka sebeletsa,” etsoe u ne u robala u thakhaletse+ leralleng le leng le le leng le phahameng le ka tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo,+ u ikentse letekatse.+ 21 Ha e le ’na, ke ne ke u hlomme hore u be sefate se setle ka ho fetisisa sa morara o mofubelu,+ kaofela ha sona e le peō ea ’nete. Kahoo u mphetohetse joang hore u be letlōbō le bolileng la sefate sesele sa morara?’+
22 “‘Empa le hoja u ka itlhatsoa ka alkali le ho inkela lokho e ngata,+ ka sebele phoso ea hao e ne e tla ba letheba ka pel’a ka,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova. 23 Ke joang u ka reng, ‘Ha kea itšilafatsa. Ha kea latela bo-Baale’? Bona tsela ea hao phuleng.+ Ela hloko seo u se entseng. Kamele e nyenyane e tšehali e lebelo e thalang litseleng tsa eona ka ntle ho morero; 24 qoaha+ e tloaetseng lefeella, eo ka lebaka la takatso ea moea oa eona, e fofonelang moea;+ nakong ea hore e tlōleloe, ke mang ea ka e khutlisang? Bohle ba e batlang ba ke ke ba ikhathatsa. Ba tla e fumana khoeling ea eona. 25 Thibela leoto la hao hore e se ke ea e-ba le sa roalang letho, le ’metso oa hao hore o se ke oa nyoroa.+ Empa u itse, ‘Ha ho na thuso!+ Che, empa ke qalile ho rata basele,+ ’me ke tla ba latela.’+
26 “Joaloka lihlong tsa lesholu ha le fumanoa, ka ho tšoanang ba ntlo ea Iseraele ba ikutloile ba hlajoa ke lihlong,+ bona, marena a bona, likhosana tsa bona le baprista ba bona le baprofeta ba bona.+ 27 Ba re ho sefate, ‘U Ntate,’+ ’me ba re ho lejoe, ‘U ntsoetse.’ Empa ba retelelitse likotlo ho ’na eseng lifahleho.+ Nakong ea tlokotsi ea bona ba tla re, ‘Ema ’me u re pholose!’+
28 “Empa melimo ea hao eo u iketselitseng eona e hokae?+ E ke e tsohe haeba e ka u pholosa nakong ea tlokotsi ea hao.+ Etsoe melimo ea hao e lekana le palo ea metse ea hao, Uena Juda.+
29 “‘Ke hobane’ng ha le ntse le ntoantša?+ Ke hobane’ng ha kaofela ha lōna, le ntšitetsoe?’+ ho bolela Jehova. 30 Bara ba lōna ke ba bolaetse lefeela.+ Ha ho taeo eo ba e nkileng.+ Sabole ea lōna e timelitse baprofeta ba lōna, joaloka tau e bakang tšenyo.+ 31 Lōna moloko, iponeleng lentsoe la Jehova.+
“Na ke fetohile lefeella ho Iseraele+ kapa naha ea lefifi le letšo-letšo? Ke hobane’ng ha sechaba sena sa ka, se itse, ‘Re ile ra solla. Ha re sa tla hlola re tla ho uena’?+ 32 Na moroetsana a ka lebala mekhabiso ea hae, monyaluoa a lebala linyepa tsa hae? Leha ho le joalo sechaba sa ka—se ntebetse ka matsatsi a se nang palo.+
33 “Ke hobane’ng ha uena, mosali, u ntlafatsa tsela ea hao e le hore u batle lerato? Ka hona u rutile litsela tsa hao lintho tse mpe. 34 Hape, liaparong tsa hao ho fumanoe maqaphaqapha a mali a meea+ ea mafutsana a hlokang molato.+ Ha kea a fumana ketsong ea ho thuha, empa a holim ’a tsena tsohle.+
35 “Empa u re, ‘Ke lutse ke hloka molato. Ruri bohale ba hae bo tlohile ho ’na.’
“Bona! ke kena tsekong le uena ka lebaka la hore u re, ‘Ha kea etsa sebe.’+ 36 Ke hobane’ng ha u nka ho fetola tsela ea hao e le ntho eo e seng ea bohlokoa haholo?+ U tla hlajoa ke lihlong le ka Egepeta,+ feela joalokaha u ile ua hlajoa ke lihlong ka Assyria. 37 Le ka lebaka lena u tla tsamaea u itšoere hloohong,+ hobane Jehova o lahlile lintho tseo u kholisehileng ka tsona, ’me li ke ke tsa u atlehisa.”