16 Manase a boela a tšolla+ mali a mangata haholo a hlokang molato, ho fihlela a tlatsitse Jerusalema ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ntle ho sebe sa hae seo ka sona a ileng a etsa hore Bajuda ba sitoe ka ho etsa se sebe mahlong a Jehova.
4 le ka lebaka la mali+ a hlokang molato ao a neng a a tšolotse, hoo a ileng a tlatsa Jerusalema ka mali a hlokang molato, ’me Jehova ha aa ka a lumela ho tšoarela.+
2 e le hore ba sutumelletse ba tlaase hōle nyeoeng le ho amoha ba hlorileng ba sechaba sa ka toka,+ hore bahlolohali e be thepa ea bona e hapuoeng, le hore ba tlatlape esita le bashanyana ba se nang bo-ntate!+
7 Maoto a bona a ntse a mathela bobeng, ’me ba potlakela ho tšolla mali a se nang molato.+ Menahano ea bona ke menahano e kotsi; tlatlapo le thipitlo li litseleng tsa bona tse khōlō.+
4 ka lebaka la hore ba ntlohetse+ ’me ba entse hore sebaka sena e be se sa hlokomeleheng ’me ba entse mosi oa sehlabelo bakeng sa melimo e meng eo ba sa kang ba e tseba,+ bona le baholo-holo ba bona le marena a Juda; ’me ba tlatsitse sebaka sena ka mali a ba hlokang molato.+
35 e le hore mali ’ohle a lokileng a tšolotsoeng lefatšeng+ a ka tla holim ’a lōna, ho tloha maling a Abele+ ea lokileng+ ho ea maling a Zakaria mora oa Barakia, eo le ileng la mo bolaela pakeng tsa sehalalelo le aletare.