20 “Jehova o tla u romela thohako,+ pherekano+ le khalemelo e matla+ mosebetsing o mong le o mong oa hao oo u lekang ho o phetha, ho fihlela u felisitsoe ’me u timetse ka potlako, ka lebaka la bobe ba liketso tsa hao kahobane u mphuraletse.+
17 ka lebaka la hore ba ntlohetse ’me ba etselitse melimo+ e meng mosi oa sehlabelo e le hore ba ntšiteloe ka mosebetsi oohle oa matsoho+ a bona, ’me khalefo ea ka e tuketse sebaka sena ’me e ke ke ea tima.’”’+
11 “Empa ke lōna ba furallang Jehova,+ ba lebalang thaba ea ka e halalelang, ba lokisang tafole bakeng sa molimo oa Mahlohonolo+ le ba tlatsang veine e tsoakiloeng bakeng sa molimo oa Qetello e Reriloeng Esale Pele.+
13 ‘hobane ho na le lintho tse peli tse mpe tseo sechaba sa ka se li entseng: Se ntlohetse,+ ’na mohloli oa metsi a phelang,+ e le hore se ichekele liliba, liliba tse phatlohileng, tse ke keng tsa boloka metsi.’
6 “‘U ntlohetse,’+ ho bolela Jehova. ‘U ntse u tsamaea ka santhao.+ Ke tla otlolla letsoho la ka khahlanong le uena ’me ke u felise.+ Ke khathetse ke ho ikutloa ke soabile.+
13 Jehova, tšepo ea Iseraele,+ bohle ba u tlohelang ba tla hlabisoa lihlong.+ Ba nkoenehelang+ ba tla ngoloa lefatšeng, kahobane ba tlohetse mohloli oa metsi a phelang, Jehova.+