33 “‘Le se ke la silafatsa naha eo le leng ho eona; hobane mali a silafatsa naha,+ ’me bakeng sa naha ho ke ke ha e-ba le ho koaheloa ha libe mabapi le mali a tšolotsoeng holim ’a eona ntle le ka mali a ea a tšollang.+
10 e le hore ho se ke ha tšolloa mali a hlokang molato+ naheng ea heno eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona e le lefa, ’me u se ke ua ba le molato oa mali.+
16 Manase a boela a tšolla+ mali a mangata haholo a hlokang molato, ho fihlela a tlatsitse Jerusalema ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ntle ho sebe sa hae seo ka sona a ileng a etsa hore Bajuda ba sitoe ka ho etsa se sebe mahlong a Jehova.
34 Hape, liaparong tsa hao ho fumanoe maqaphaqapha a mali a meea+ ea mafutsana a hlokang molato.+ Ha kea a fumana ketsong ea ho thuha, empa a holim ’a tsena tsohle.+
4 ka lebaka la hore ba ntlohetse+ ’me ba entse hore sebaka sena e be se sa hlokomeleheng ’me ba entse mosi oa sehlabelo bakeng sa melimo e meng eo ba sa kang ba e tseba,+ bona le baholo-holo ba bona le marena a Juda; ’me ba tlatsitse sebaka sena ka mali a ba hlokang molato.+
17 ‘Kea u tiisetsa hore mahlo a hao le pelo ea hao ha li ho letho haese phaellong ea hao ea ho hloka toka,+ le maling a ea hlokang molato e le hore u a tšolle,+ le bolotsaneng le ho hanyapetseng e le hore u li ntšetse pele.’