LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 7:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ka sebele Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke otlolla letsoho la ka khahlanong le Egepeta,+ ’me ruri ke tla ntša bara ba Iseraele har’a bona.”+

  • Exoda 8:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Eaba o re: “Hosasane.” Kahoo a re: “Ho tla etsoa ho ea ka lentsoe la hao, e le hore u ka tseba hore ha ho ea tšoanang le Jehova Molimo oa rōna,+

  • 1 Samuele 17:46
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 46 Letsatsing lena Jehova o tla nehelana ka uena letsohong la ka,+ ’me ka sebele ke tla u bolaea ’me ke u khaole hlooho; ka sebele letsatsing lena ke tla fa linonyana tsa maholimo le libata tsa naha litopo tsa batho ba lulang liahelong tsa Bafilista;+ batho ba lefatše lohle ba tla tseba hore ho na le Molimo oa Iseraele.+

  • 1 Marena 20:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Joale monna oa Molimo+ oa ’nete a atamela ’me a re ho morena oa Iseraele, e, a tsoela pele ho re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore Basyria ba itse: “Jehova ke Molimo oa lithaba, ’me hase Molimo oa likhohlo,” ke tla lokela ho nehelana ka bongata bona bo boholo matsohong a lōna,+ ’me ka sebele le tla tseba hore ke ’na Jehova.’”+

  • 2 Marena 19:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Joale, Jehova Molimo oa rōna,+ ka kōpo, re pholose+ letsohong la hae, e le hore mebuso eohle ea lefatše e ka tseba hore uena, Jehova, u Molimo u le mong.”+

  • Ezekiele 34:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 ‘Li tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova Molimo oa tsona, ke na le tsona+ le hore ke sechaba sa ka, ntlo ea Iseraele,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”’

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share