LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 8:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Ka sebele letsatsing leo ke tla etsa hore naha ea Goshene eo batho ba ka ba leng ho eona e khethollehe, hore ho se ke ha e-ba le liboba teng;+ e le hore le tsebe hore ke ’na Jehova har’a lefatše.+

  • Exoda 10:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Ha baa ka ba bonana, ’me ha ho le ea mong oa bona ea ileng a tsoha sebakeng sa hae ka matsatsi a mararo; empa ho ne ho e-na le leseli bakeng sa bara bohle ba Iseraele libakeng tsa bona tsa bolulo.+

  • Exoda 11:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Empa ha ho ntja e tla bohola bara ba Iseraele, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo;+ e le hore le ka tseba hore Jehova a ka etsa hore ho be le phapang pakeng tsa Baegepeta le bara ba Iseraele.’+

  • Exoda 12:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Mali e tla ba pontšo ea lōna ka matlung ao le leng ho ’ona; ke tla bona mali ’me ke le fete,+ ’me le ke ke la oeloa ke kotlo e senyang ha ke otla naha ea Egepeta.

  • Esaia 65:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bonang! Bahlanka ba ka ba tla ja,+ empa lōna le tla lapa.+ Bonang! Bahlanka ba ka ba tla noa,+ empa lōna le tla nyoroa.+ Bonang! Bahlanka ba ka ba tla thaba,+ empa lōna le tla hlajoa ke lihlong.+

  • Malakia 3:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ka sebele le tla boela le bone phapang pakeng tsa ea lokileng le ea khopo,+ pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share