LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Samuele 11:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Kahoo sechaba sohle sa ea Gilgale, eaba se etsa Saule morena ka pel’a Jehova Gilgale. Joale sa etsa mahlabelo a kopanetsoeng moo ka pel’a Jehova,+ ’me moo Saule le batho bohle ba Iseraele ba tsoela pele ho thaba ka tekanyo e khōlō.+

  • 1 Samuele 13:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Eaba Samuele o re ho Saule: “U entse ka booatla.+ Ha ua boloka taelo+ ea Jehova Molimo oa hao eo a u laetseng eona,+ hobane, haeba u ne u e bolokile, Jehova a ka be a entse hore ’muso oa hao o tiee holim ’a Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang.

  • 1 Samuele 15:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Empa Samuele a re ho Saule: “Nke ke ka khutla le uena, etsoe u lahlile lentsoe la Jehova, ’me Jehova oa u lahla hore u se ke ua tsoela pele u le morena oa Iseraele.”+

  • 1 Samuele 16:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Eitse ha moea oa Molimo o e-ba holim ’a Saule, Davida a nka harepa ’me a letsa ka letsoho la hae; ho ne ho e-ba le phomolo bakeng sa Saule ebile lintho li ne li mo tsamaela hantle, ’me moea o mobe o ne o tloha ho eena.+

  • 1 Samuele 28:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Qetellong Saule a re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosali eo e leng nkhekhe ea ho buisana le meea,+ ’me ke tla ea ho eena ke batle keletso ho eena.” Joale bahlanka ba hae ba re ho eena: “Bona! Ho na le mosali eo e leng nkhekhe ea ho buisana le meea Ene-dore.”+

  • 1 Samuele 31:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Joale Saule a re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Tsomula sabole+ ea hao ’me u ntlhabe ka eona, esere banna bana ba sa bollang+ ba tla ’me ka sebele ba ntlhaba ’me ba nketsa hampe.” Mojari oa lihlomo tsa hae o ne a sa rate,+ hobane o ne a tšohile haholo. Kahoo Saule a nka sabole eaba o itihela holim ’a eona.+

  • 2 Samuele 1:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Saule le Jonathane,+ ba ratehang le ba khahlehang ha ba ne ba sa phela,

      Le lefung la bona ha baa ka ba arohanngoa.+

      Ba ne ba le lebelo ho feta lintsu,+

      Ba ne ba le matla ho feta litau.+

  • Diketso 13:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Empa ho tloha ka nako eo ho ea pele ba batla morena,+ eaba Molimo o ba fa Saule mora oa Kishe, monna oa moloko oa Benjamine,+ ka lilemo tse mashome a mane.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share