LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Pesaleme 83:sehloohwana-18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • Pina. Pina ea thoriso ea Asafe.+

      83 Molimo, u se ke ua thōla;+

      U se ke ua lula u sa bue, ’me u se ke ua khutsa, Uena Ea Nang le Bomolimo.+

       2 Etsoe, bona! lira tsa hao li ferekane;+

      Ba u hloileng haholo ba phahamisitse lihlooho.+

       3 Ka mano ba ntšetsa pele lekunutu la bona khahlanong le batho ba hao;+

      Ba rerela ba patiloeng ba hao bolotsana.+

       4 Ba itse: “Tloong ’me re ba feliseng hore e se ke ea e-ba sechaba,+

      E le hore lebitso la Iseraele le se ke la hlola le hopoloa.”+

       5 Etsoe ka lipelo ba eletsane hammoho ba kopane;+

      Ba hlabile selekane khahlanong le uena,+

       6 Litente tsa Edomo le Baishmaele, Moabe le Bahagare,

       7 Gebale le Ammone+ le Amaleke,

      Filistia+ hammoho le baahi ba Tyre.

       8 Hape, Assyria e ikopantse le bona;+

      Ba fetohile letsoho la bara ba Lota.+ Selah.

       9 Ba etse joalokaha u ile ua etsa Midiane,+ joalokaha u ile ua etsa Sisera,+

      Joalokaha u ile ua etsa Jabine+ phuleng ea molapo o phoroselang ea Kishone.+

      10 Ba ile ba felisoa Ene-dore;+

      Ba fetoha moiteli bakeng sa mobu.+

      11 Ha e le bahlomphehi ba bona, u ba etse joaloka Orebe le joaloka Zebe,+

      Babusisi bohle ba bona u ba etse joaloka Zeba le joaloka Zalmuna,+

      12 Ba itseng: “A re ithueleng libaka tsa bolulo tsa Molimo.”

      13 Molimo oa ka, u ba etse joaloka setsokotsane sa meutloa,+

      Joaloka litlhaka tse fefoloang ke moea.+

      14 Joaloka mollo o chesang moru+

      Le joaloka lelakabe le tlabolang lithaba,+

      15 E se eka u ka ba lelekisa ka sefefo sa hao se matla ka tsela eona eo+

      E se eka u ka ba khathatsa ka moea oa hao oa sefefo.+

      16 Tlatsa lifahleho tsa bona ka ho hlompholoha,+

      E le hore batho ba ka batla lebitso la hao, Jehova.+

      17 E se eka ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba khathatseha ka linako tsohle,+

      E se eka ba ka soaba ’me ba timele;+

      18 E le hore batho ba ka tseba+ hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova,+

      Uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa+ holim’a lefatše lohle.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share