LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 32:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Se khelohile ka potlako tseleng eo ke se laetseng hore se tsamaee ka eona.+ Se iketselitse seemahale sa namane se entsoeng ka ho qhibilihisoa ’me se ntse se se inamela le ho se etsetsa mahlabelo le ho re, ‘Enoa ke Molimo oa hao, Uena Iseraele, ea u eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.’”+

  • 1 Samuele 12:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Kahoo Samuele a re ho sechaba: “Le se ke la tšoha.+ Lōna—le entse bobe bona bohle. Le mpe le se ke la kheloha ho lateleng Jehova,+ ’me le sebeletse Jehova ka lipelo tsohle tsa lōna.+

  • Pesaleme 97:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Lōna ba ratang Jehova,+ hloeang se sebe.+

      O lebela meea ea ba tšepahalang ba hae;+

      O ba lopolla matsohong a ba khopo.+

  • Pesaleme 119:128
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 128 Ke ka lebaka leo ke nkileng litaelo tsohle tsa hao mabapi le lintho tsohle e le tse nepahetseng;+

      Ke hloile tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea bohata.+

  • Sofonia 1:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 le ba ikhulang ho lateleng Jehova+ le ba sa batlang Jehova ’me ba sa botsa ka eena.”+

  • Baheberu 1:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 U ratile ho loka, ’me u hloile tlōlo ea molao. Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao, a u tlotsitseng+ ka oli ea thabo e khaphatsehang ho feta balekane+ ba hao.”

  • Baheberu 10:38
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 38 “Empa ea lokileng oa ka o tla phela ka lebaka la tumelo,”+ ’me, “haeba a ikhula, moea oa ka ha o khahloe ke eena.”+

  • 2 Petrose 2:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Etsoe ho ka be ho bile molemo ho bona ha ba ne ba sa tseba tsela ea ho loka+ ka mokhoa o nepahetseng ho e-na le hore ka mor’a ho e tseba ka mokhoa o nepahetseng ba furalle taelo e halalelang eo ba e nehiloeng.+

  • Juda 23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 ba+ pholoseng ka ho ba hloibila mollong.+ Empa ba bang le tsoele pele ho ba bontša mohau, le etsa joalo ka tšabo, ha le ntse le hloea le seaparo sa ka hare se silafalitsoeng ke nama.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share