LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Samuele 15:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 “Ke soabile+ hore ebe ke entse hore Saule a buse e le morena, hobane o tlohetse+ ho ntatela, ’me ha aa phetha mantsoe a ka.”+ Hoo ha bakela Samuele mahlomola,+ ’me a ’na a hoeletsa ho Jehova bosiu bohle.+

  • Esaia 1:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ho malimabe sechaba+ se nang le sebe, batho ba imetsoeng ke phoso, peō+ e etsang bobe, bara ba senyehileng!+ Ba tlohetse Jehova,+ ba hlompholotse+ Mohalaleli oa Iseraele, ba khutletse morao.+

  • Esaia 9:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ke ka lebaka leo Jehova a ke keng a thabela bahlankana ba bona,+ ’me a ke ke a hauhela bashanyana ba bona ba se nang bo-ntate le bahlolohali ba bona; hobane kaofela ha bona ke bakoenehi+ le baetsi ba bobe ’me molomo o mong le o mong o bua ka ho se be le kelello. Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.+

  • Jeremia 2:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 ‘hobane ho na le lintho tse peli tse mpe tseo sechaba sa ka se li entseng: Se ntlohetse,+ ’na mohloli oa metsi a phelang,+ e le hore se ichekele liliba, liliba tse phatlohileng, tse ke keng tsa boloka metsi.’

  • Baheberu 3:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Hlokomelang, barab’eso, esere le ka mohla mang kapa mang oa lōna a ba le pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho suthela hōle le Molimo ea phelang;+

  • Baheberu 10:38
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 38 “Empa ea lokileng oa ka o tla phela ka lebaka la tumelo,”+ ’me, “haeba a ikhula, moea oa ka ha o khahloe ke eena.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share