LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Genese 1:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Eaba Molimo o bōpa liphoofolo tsa litonanahali tsa leoatle+ le moea o mong le o mong o phelang o tsamaeang,+ tseo metsi a li hlahisitseng ka bongata ho ea ka mefuta ea tsona, le sebōpuoa se seng le se seng se fofang se nang le mapheo ho ea ka mofuta oa sona.+ ’Me Molimo a bona hore ho molemo.

  • Pesaleme 74:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 U ile ua fuluha leoatle ka matla a hao;+

      Ua roba lihlooho tsa liphoofolo tsa litonanahali tsa leoatle ka metsing.+

  • Esaia 51:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Tsoha, tsoha, u ikapese matla,+ Uena letsoho la Jehova!+ Tsoha joaloka matsatsing a khale, joaloka melokong ea linakong tsa khale-khale.+ Na hase uena ea robakantseng Rahaba,+ ea hlabileng phoofolo ea tonanahali ea leoatle?+

  • Ezekiele 29:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Bua, ’me u re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona! ke khahlanong le uena, Faro, morena oa Egepeta,+ phoofolo ea tonanahali ea leoatle+ e thakhaletseng bohareng ba melatsoana ea Nile,+ ea itseng, ‘Nōka ea ka ea Nile ke ea ka, ’me ’na—ke iketselitse eona.’+

  • Ezekiele 32:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “Mor’a motho, binela Faro morena oa Egepeta koli-ea-malla, ’me u re ho eena, ‘U khutsisitsoe joaloka taoana e moetse ea lichaba.

      “‘U bile joaloka phoofolo ea tonanahali ea metsi maoatleng,+ ’me u ’nile ua thala linōkeng tsa hao ua ’na ua luka metsi ka maoto le ho silafatsa linōka tsa ’ona.’

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share