14 Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morekolli oa lōna,+ Mohalaleli oa Iseraele:+ “Molemong oa lōna ke tla romeletsa Babylona ke lihe+ mekoallo ea lichankana, ’me ke etse hore Bakalde ba bokolle likepeng.+
25 Empa sena ke seo Jehova a se boletseng: “Esita le sehlopha sa ba isitsoeng kholehong ke monna ea matla se tla tlosoa,+ ’me ba seng ba ntse ba nkiloe ke mohatelli ba tla baleha.+ Ke tla loantša ea le loantšang,+ ’me bara ba lōna ke tla ba pholosa.+