-
Jeremia 29:14Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
14 Ke tla etsa hore le mphumane,’+ ho bolela Jehova. ‘Ke tla bokella sehlopha sa baholehuoa ba lōna ’me ke le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle le libakeng tsohle tseo ke le qhalakanyelitseng ho tsona,’+ ho bolela Jehova. ‘Ke tla le khutlisetsa sebakeng seo ke entseng hore le ee kholehong le le ho sona.’+
-
-
Jeremia 46:27Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
27 “‘Ha e le uena, u se ke ua tšaba, Uena mohlanka oa ka Jakobo, ’me u se ke ua tšoha, Uena Iseraele.+ Etsoe bona! ke u pholosa u le hōle ’me bana ba hao ke ba pholosa naheng ea kholeho ea bona.+ Ka sebele Jakobo o tla khutla ’me a se ke a ba le khathatso ’me a lule ka boiketlo ho se ea bakang ho thothomela.+
-