6 Matsatsing a hae Juda e tla bolokoa,+ le Iseraele e tla lula e sireletsehile.+ Lena ke lebitso la hae leo a tla bitsoa ka lona, Jehova ke ho Loka ha Rōna.”+
19 Ke tla khutlisetsa Iseraele lekhulong la eona,+ ’me ka sebele e tla fula Karmele+ le Bashane;+ moea oa eona o tla khora sebakeng se lithaba sa Efraime+ le Gileade.’”
7 Se tla fetoha sebaka sa ba setseng ba ntlo ea Juda.+ Ba tla iphepa ho tsona. Ka matlung a Ashkelone, ka shoalane, ba tla robala ba thakhaletse. Etsoe Jehova Molimo oa bona o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho bona+ ’me ka sebele a khutlise baholehuoa ba bona.”+
20 Nakong eo ke tla le tlisa, esita le nakong ea ha ke le phutha. Etsoe ke tla etsa hore le be lebitso le thoriso har’a lichaba tsohle tsa lefatše, ha ke khutlisa baholehuoa ba lōna ka pel’a mahlo a lōna,” ho boletse Jehova.+