-
Esaia 66:20Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
20 Ba tla tlisa barab’abo lōna bohle lichabeng+ tsohle e le mpho ho Jehova,+ ka lipere le ka likoloi le ka likoloi tse khurumelitsoeng le ka limmoulo le ka likamele+ tse tšehali tse lebelo, ho nyolohela thabeng+ ea ka e halalelang, Jerusalema,” ho boletse Jehova, “feela joalokaha bara ba Iseraele ba tlisa mpho ka sejana se hloekileng ka tlung ea Jehova.”+
-
-
Ezekiele 20:40Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
40 “‘Etsoe thabeng ea ka e halalelang, thabeng e phahameng ea Iseraele,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ke moo bona, bohle ba ntlo ea Iseraele kaofela ha bona, ba tla ntšebeletsa teng, naheng.+ Ke tla khahlisoa ke bona moo, ’me ke tla batla menehelo ea lōna moo le litholoana tsa pele tsa linyehelo tsa lōna linthong tsohle tsa lōna tse halalelang.+
-