-
Esaia 51:3Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
3 Etsoe ka sebele Jehova o tla tšelisa Sione.+ Ka sebele o tla tšelisa libaka tsohle tsa eona tse ripitliloeng,+ ’me o tla etsa hore lefeella la eona le be joaloka Edene+ le thota ea eona ea lehoatata e be joaloka serapa sa Jehova.+ Thabo e khaphatsehang le nyakallo li tla fumanoa ho eona, liteboho le lentsoe la pina ea thoriso.+
-
-
Ezekiele 20:40Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
40 “‘Etsoe thabeng ea ka e halalelang, thabeng e phahameng ea Iseraele,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ke moo bona, bohle ba ntlo ea Iseraele kaofela ha bona, ba tla ntšebeletsa teng, naheng.+ Ke tla khahlisoa ke bona moo, ’me ke tla batla menehelo ea lōna moo le litholoana tsa pele tsa linyehelo tsa lōna linthong tsohle tsa lōna tse halalelang.+
-