2 “Le boleleng har’a lichaba ’me le le phatlalatse.+ Phahamisang pontšo;+ e phatlalatseng. Le se ke la pata letho. E-reng, ‘Babylona e hapuoe.+ Bele o hlabisitsoe lihlong.+ Merodake o tšohile. Litšoantšo tsa eona li hlabisitsoe lihlong.+ Litšoantšo tsa eona tse rapeloang tse nyonyehang li tšohile.’
44 Ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho Bele+ Babylona, ’me ke tla ntša molomong oa hae seo a se metsitseng.+ Lichaba ha li sa tla hlola li phallela ho eena.+ Hape, lerako la Babylona le tla oa.+
52 “Ka hona, bonang! matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla lebisa tlhokomelo ea ka litšoantšong tsa eona tse betliloeng,+ ’me naheng eohle ea eona ea hlabiloeng o tla bobola.”+