LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Jeremia 2:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Bobe ba hao bo lokela ho u khalemela,+ le liketso tsa hao tsa ho se tšepahale li lokela ho u khalemela.+ Joale, u tsebe, ’me u bone hore ho furalla ha hao Jehova Molimo oa hao ke ntho e mpe le e bohloko,+ ’me ho ntšaba ha hoa u fihlela,’+ ho bolela ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho.

  • Jeremia 3:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Ho utloahetse molumo litseleng tse tsamauoang haholo, sello, likōpo tse tiileng tsa bara ba Iseraele. Etsoe ba sothile litsela tsa bona;+ ba lebetse Jehova Molimo oa bona.+

  • Jeremia 13:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Ena ke karolo ea hao, kabelo ea hao e lekantsoeng e tsoang ho ’na,”+ ho bolela Jehova, “hobane u ntebetse+ ’me u ntse u tšepa leshano.+

  • Jeremia 16:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Jehova matla a ka le qhobosheane ea ka, le sebaka seo ke balehelang ho sona letsatsing la mahlomola,+ lichaba li tla tla ho uena li tsoa lipheletsong tsa lefatše,+ ’me li tla re: “Baholo-holo ba rōna ba ruile leshano,+ lefeela le lintho tseo ho tsona ho neng ho se letho le molemo.”+

  • Jeremia 17:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Jehova, tšepo ea Iseraele,+ bohle ba u tlohelang ba tla hlabisoa lihlong.+ Ba nkoenehelang+ ba tla ngoloa lefatšeng, kahobane ba tlohetse mohloli oa metsi a phelang, Jehova.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share