LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Jeremia 20:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Empa Jehova o ne a e-na le ’na+ joaloka senatla se tšabehang.+ Ke ka lebaka leo ba ntlhorisang ba tla khoptjoa ’me ba se ke ba hlōla.+ Ka sebele ba tla hlabisoa lihlong haholo, kahobane ba tla be ba sa atleha. Ho tlotloloha ha bona ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang ho ke ke ha lebaloa.+

  • Jeremia 24:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Hape ke tla nehelana ka bona hore ba thothomele, tlokotsing, mebusong eohle ea lefatše,+ nyelisong le polelong ea maele, sesomong+ le thohakong,+ libakeng tsohle tseo ke tla ba qhalakanyetsa ho tsona.+

  • Jeremia 42:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 “Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Feela joalokaha bohale ba ka le khalefo ea ka e tšolletsoe holim ’a baahi ba Jerusalema,+ le khalefo ea ka e tla tšolleloa joalo holim ’a lōna ka lebaka la hore le kene Egepeta, ’me ka sebele le tla fetoha thohako le ntho e makalloang le bomalimabe le nyeliso,+ ’me ha le sa tla hlola le bona sebaka sena.’+

  • Daniele 9:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Jehova, ho ea ka liketso tsohle tsa hao tsa ho loka,+ ka kōpo, e se eka bohale ba hao le khalefo ea hao li ka tloha motseng oa hao Jerusalema, thaba ea hao e halalelang;+ etsoe, ka lebaka la libe tsa rōna le ka lebaka la liphoso tsa baholo-holo ba rōna,+ Jerusalema le sechaba sa hao ke ntho e nyelisehang ho bohle ba re potolohileng.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share