LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Marena 25:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Joale ba tšoara morena+ ’me ba mo tlisa ho morena oa Babylona Ribla,+ e le hore ba ka phatlalatsa qeto ea boahloli holim ’a hae.

  • Jeremia 34:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 U ke ke ua phonyoha letsohong la hae, kahobane ruri u tla tšoaroa ’me ho nehelanoe ka uena letsohong la hae.+ Mahlo a hao a tla bona mahlo a morena oa Babylona,+ molomo oa hae o tla bua le molomo oa hao, ’me u tla tla Babylona.’

  • Jeremia 37:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Morena Tsedekia a romeletsa ’me a mo tlisa, eaba morena o qala ho mo botsa lipotso ka tlung ea hae sebakeng seo ho ipatoang ho sona.+ A tsoela pele ho re: “Na ho na le lentsoe le tsoang ho Jehova?” Eaba Jeremia o re: “Le teng!” A boela a re: “Ho tla nehelanoa ka uena letsohong la morena oa Babylona!”+

  • Jeremia 38:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Empa haeba u ke ke ua ea ho likhosana tsa morena oa Babylona, motse ona le oona ho tla nehelanoa ka oona matsohong a Bakalde, ’me ba tla o chesa ka mollo,+ ’me u ke ke ua phonyoha matsohong a bona.’”+

  • Jeremia 39:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Lebotho la sesole la Bakalde la qala ho ba lelekisa,+ ’me ba fihlela Tsedekia lithoteng tsa lehoatata tsa Jeriko.+ Joale ba mo nka ’me ba mo tlisa ho Nebukadrezare morena oa Babylona Ribla+ naheng ea Hamathe+ e le hore a phatlalatse liqeto tsa boahloli ho eena.+

  • Jeremia 52:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Joale ba tšoara morena ’me ba mo tlisa ho morena oa Babylona+ Ribla+ naheng ea Hamathe,+ e le hore a ka phatlalatsa liqeto tsa boahloli holim ’a hae.+

  • Ezekiele 12:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ka sebele ke tla ala letlooa la ka holim ’a hae, ’me o tla tšoasoa letlooeng la ka la ho tsoma;+ ke tla mo tlisa Babylona, naheng ea Bakalde,+ empa a ke ke a e bona; ’me o tla shoela moo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share