32 Qetellong a re: “Ka kōpo, e se eka Jehova a ke ke a tuka ke bohale,+ empa e-re ke bue hanngoe lekhetlong lena feela:+ A re re ho fumanoa ba leshome teng.” Eaba o re: “Nke ke ka o felisa ka lebaka la ba leshome.”+
29 Sechaba se ntšetsa pele morero oa bolotsana ka ho nka ka mahahapa+ ’me se rusolotse ka tlatlapo,+ se tšoere ea hlorileng le mofutsana hampe,+ ’me se etselitse mojaki bolotsana ho se na toka.’+
2 Ea tšepahalang o timetse lefatšeng, ’me har’a moloko oa batho ha ho na ea lokileng.+ Kaofela ha bona, ba lalla bakeng sa ho tšolla mali.+ E mong le e mong o tsoma mor’abo, ka letlooa le huloang.+