10 ba itseng ho ba bonang, ‘Le se ke la bona,’ le ho ba nang le lipono, ‘Le se ke la re bonela lintho leha e le life tse nepahetseng.+ Re bolelleng lintho tse rorisang ho tlōlisa; re boneleng lintho tse thetsang.+
31 Baprofeta ba profeta leshano;+ ha e le baprista, ba qala ho busa ho ea ka matla a bona.+ Sechaba sa ka se ratile ha ho le joalo;+ ’me le tla etsa joang qetellong ea hona?”+
14 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Baprofeta ba profeta leshano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, leha e le ho ba laela kapa ho bua le bona.+ Ba bua le lōna ka tsela ea boprofeta ka pono ea bohata le bonohe le ntho ea lefeela+ le ho qhekella ha lipelo tsa bona.+