LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 30:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 ba theohelang Egepeta+ le ba sa botsang molomong oa ka,+ ho ea itšireletsa qhobosheaneng ea Faro le ho tšabela moriting oa Egepeta!+

  • Esaia 31:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Ho malimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso,+ ba itšetlehang ka lipere,+ le ba tšepang likoloi tsa ntoa,+ kahobane li le ngata, le lipere tsa ntoa, kahobane li le matla haholo, empa ba sa talima ho Mohalaleli oa Iseraele ’me ba sa batla Jehova.+

  • Jeremia 2:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Joale ke hobane’ng ha u lokela ho tšoenyeha ka tsela ea Egepeta+ e le hore u noe metsi a Shihore?+ Ke hobane’ng ha u lokela ho tšoenyeha ka tsela ea Assyria+ e le hore u noe metsi a Nōka?

  • Jeremia 2:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Ke hobane’ng ha u nka ho fetola tsela ea hao e le ntho eo e seng ea bohlokoa haholo?+ U tla hlajoa ke lihlong le ka Egepeta,+ feela joalokaha u ile ua hlajoa ke lihlong ka Assyria.

  • Jeremia 44:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ke tla nka masala a Juda a lebisitseng lifahleho tsa ’ona ho kena naheng ea Egepeta hore a lule e le bajaki,+ ’me ka sebele kaofela a tla fella naheng ea Egepeta.+ A tla lihuoa ka sabole; ’me a tla felisoa ke tlala,+ ho tloha ho e monyenyane esita le ho isa ho e moholo; a tla bolaoa ka sabole le ke tlala. A tla fetoha thohako, ntho e makalloang le bomalimabe le nyeliso.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share