19 Pule morena oa Assyria+ a kena naheng. Ka lebaka leo Menaheme a fa+ Pule litalenta tsa silevera+ tse sekete, e le hore matsoho a hae a be le eena ho tiisa ’muso letsohong+ la hae.
7 Kahoo Akaze a romela manģosa ho Tiglathe-pilesere+ morena oa Assyria, a re: “Ke ’na mohlanka+ oa hao le mora oa hao. Nyoloha ’me u mpholose+ seatleng sa morena oa Syria le seatleng sa morena oa Iseraele, ba ntsohelang matla.”
18 Joale ke hobane’ng ha u lokela ho tšoenyeha ka tsela ea Egepeta+ e le hore u noe metsi a Shihore?+ Ke hobane’ng ha u lokela ho tšoenyeha ka tsela ea Assyria+ e le hore u noe metsi a Nōka?
36 Ke hobane’ng ha u nka ho fetola tsela ea hao e le ntho eo e seng ea bohlokoa haholo?+ U tla hlajoa ke lihlong le ka Egepeta,+ feela joalokaha u ile ua hlajoa ke lihlong ka Assyria.
28 “‘Ua tsoela pele ho etsa botekatse le bara ba Assyria hobane u ne u sa khotsofala,+ ua ’na ua etsa botekatse le bona ’me ua boela ua se ke ua khotsofala.
13 “Efraime a bona boloetse ba hae, le Juda a bona seso sa hae.+ Efraime a ea Assyria+ ’me a romeletsa ho morena e moholo.+ Empa eo ha aa ka a khona ho le folisa, ’me o ne a ke ke a tlosa ho lōna seso ka pheko leha e le efe.+