LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Pesaleme 106:47
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 47 Re pholose, Jehova Molimo oa rōna,+

      U re phuthe lichabeng+

      Hore re lebohe lebitso la hao le halalelang,+

      Hore re bue ka thabo e khaphatsehang ka thoriso ea hao.+

  • Esaia 65:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ke tla hlahisa bana+ ho Jakobo le ho Juda ke hlahise mojalefa oa lithaba tsa ka;+ ’me bakhethoa ba ka ba tla li rua,+ le bahlanka ba ka ba lule teng.+

  • Jeremia 23:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 “Ke tla bokella masala a linku tsa ka linaheng tsohle tseo ke li qhalakanyelitseng ho tsona,+ ’me ke tla li khutlisetsa lekhulong la tsona,+ ’me ka sebele li tla ata li ngatafale.+

  • Jeremia 30:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Etsoe, “bona! matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla bokella baholehuoa ba sechaba sa ka, Iseraele le Juda,”+ ho boletse Jehova, “’me ke tla ba khutlisetsa naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona, ’me ka sebele ba tla e rua hape.”’”+

  • Ezekiele 11:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 “Ka hona e-re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ke tla boela ke le phuthe lichabeng le ho le bokella linaheng tseo le neng le hasantsoe ho tsona, ’me ke tla le neha naha ea Iseraele.+

  • Ezekiele 28:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 “‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ha ke bokella ba ntlo ea Iseraele ho tsoa lichabeng tseo ba hasantsoeng ho tsona,+ ke tla boela ke halaletsoe har’a bona mahlong a lichaba.+ Ka sebele ba tla lula naheng ea bona+ eo ke e fileng mohlanka oa ka, Jakobo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share