27 Ka sebele Jehova o tla le hasanya har’a lichaba,+ ’me ruri ho tla sala ba fokolang+ ka palo ho lōna lichabeng tseo Jehova a tla le lelekela ho tsona.
64 “Ka sebele Jehova o tla le hasanya har’a lichaba tsohle ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho ea pheletsong e ’ngoe ea lefatše,+ ’me moo le tla lokela ho sebeletsa melimo e meng eo le sa kang la e tseba, lōna kapa baholo-holo ba lōna, ea lehong le lejoe.+
8 “Ka kōpo, u hopole+ lentsoe leo u le laetseng mohlanka oa hao Moshe, le reng, ‘Haeba le ka etsa ka ho se tšepahale, ke tla le hasanya har’a lichaba.+
14 Bohle ba mo pota-potileng e le thuso, le lihlopha tsohle tsa hae tsa masole, ke tla ba hasanyetsa moeeng o mong le o mong;+ ’me ke tla tsomula sabole ka mor’a bona.+
21 Mabapi le babalehi bohle ba hae ba lihlopheng tsohle tsa hae, ba tla oa ka sabole, ba setseng ba tla hasanngoa hohle moeeng o mong le o mong.+ Le tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke ho buile.”’+