10 “‘“Ka hona bo-ntate ba tla ja bara ka hare ho uena,+ ’me bara ba tla ja bo-ntat’a bona, ’me ke tla phethisa ho uena liketso tsa kahlolo le ho hasanyetsa bohle ba setseng ba hao moeeng o mong le o mong.”’+
14 Bohle ba mo pota-potileng e le thuso, le lihlopha tsohle tsa hae tsa masole, ke tla ba hasanyetsa moeeng o mong le o mong;+ ’me ke tla tsomula sabole ka mor’a bona.+