LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 26:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Ke tla romela libata tsa naha har’a lōna,+ ’me ka sebele li tla le amoha bana+ ’me li felise liphoofolo tsa lōna tse ruuoang ’me li fokotse palo ea lōna, ’me litsela tsa lōna e tla ba lesupi.+

  • Deuteronoma 32:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Ba tla khathatsoa ke tlala+ ’me ba tla qetoa matla ke feberu e chesang+

      Le timetso e bohloko.+

      Ke tla romela meno a liphoofolo holim ’a bona,+

      Le mahloko a lihahabi tsa lefatše.+

  • 2 Marena 17:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Eitse ha ba qala ho lula moo ba se ke ba tšaba+ Jehova. Ka hona Jehova a romela litau+ har’a bona, ’me tsa ba bolaea.

  • Ezekiele 14:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Kahoo, ho tla ba joalo ha ho e-ba le liketso tsa ka tse ’nè tse kotsi tsa kahlolo+—sabole le tlala le sebata se kotsi le lefu la seoa+—tseo ke tla li romela Jerusalema e le hore ke felise motho oa lefatše le phoofolo e ruuoang ho eona.+

  • Ezekiele 33:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 “Sena ke seo u lokelang ho ba bolella sona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ka ’na ea phelang, ka sebele ba leng libakeng tse ripitliloeng ba tla oa ka sabole;+ ’me ea leng naheng, ka sebele ke tla nehelana ka eena hore e be lijo tsa sebata sa naha;+ ’me ba leng liqhobosheaneng le mahaheng+ ba tla bolaoa ke lefu la seoa.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share