6 Letsatsing leo ka phahamisa letsoho+ ka ho etsa kano ho bona hore ke tla ba ntša naheng ea Egepeta ke ba ise naheng eo ke ileng ka e hloela bakeng sa bona, e phallang lebese le mahe a linotši.+ E ne e le mokhabiso oa linaha tsohle.+
9 Ho le leng la tsona ha hlaha lenaka le leng, le lenyenyane,+ ’me la ’na la e-ba leholo haholo ka nģ’a boroa le ka nģ’a bochaba-tsatsi le ka nģ’a Mokhabiso.+
16 Ea mo futuhelang o tla etsa ho ea ka thato ea hae, ’me ho ke ke ha e-ba le ea emang ka pel’a hae. O tla ema naheng ea Mokhabiso,+ ’me ho tla ba le pheliso letsohong la hae.+
45 O tla hloma litente tsa hae tsa borena pakeng tsa leoatle le leholo le thaba e halalelang ea Mokhabiso;+ ’me o tla lokela ho fihla bofelong ba hae,+ ’me o tla hloka mothusi.