-
Numere 28:11-13Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
11 Qalong ya kgwedi* ka nngwe le tlisetse Jehova nyehelo ya setjheso ya dipohwana tse pedi, ramo e le nngwe le dikonyana tse tona tse supileng tse phetseng hantle, e nngwe le e nngwe e ena le selemo.+ 12 Pohwana ka nngwe e tliswe le dikhilokramo tse ka bang tharo le halofo* tsa phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ Ramo e tliswe le dikhilokramo tse ka bang pedi* tsa phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.+ 13 Konyana ka nngwe e tona e tliswe le khilokramo e le nngwe* ya phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo* hore e be nyehelo ya setjheso e monko o monate,*+ nyehelo e tjheseditsweng Jehova.
-