LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Jeremia 14:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Yaba ke re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, baprofeta ke bana ba re ho bona: ‘Ho ke ke ha eba le ntwa mme le ke ke la bolawa ke tlala. Ho ena le hoo, Modimo o tla le fa kgotso ya nnete sebakeng sena.’”+

  • Jeremia 23:16, 17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Jehova wa mabotho o re:

      “Le se ke la mamela mantswe a baprofeta ba le profetelang.+

      Ba a le thetsa.*

      Ba le bolella dipono tseo ba inahanelang tsona+

      Eseng tse tswang molomong wa Jehova.+

      17 Ba dula ba re ho ba ntellang:

      ‘Jehova o itse: “Le tla ba le kgotso.”’+

      Ba re ho bohle bao ka manganga ba latelang dipelo tsa bona:

      ‘Ha ho tlokotsi e tla le hlahela.’+

  • Jeremia 27:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Le se ke la mamela mantswe a baprofeta ba reng ho lona: ‘Le ke ke la sebeletsa morena wa Babilona’+ hobane ba le profetela mashano.+

  • Jeremia 28:1, 2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 Selemong sona seo, qalong ya puso ya Morena Tsedekia+ wa Juda, ka selemo sa bone kgweding ya bohlano, moprofeta Hanania mora wa Azure, ya tswang Gibeone+ a re ho Jeremia ka tlung ya Jehova ka pela baprista le setjhaba sohle: 2 “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke tla roba joko ya morena wa Babilona.+

  • Dillo Tsa Jeremia 2:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Dipono tsa baprofeta ba hao ke leshano ebile ha di na thuso,+

      Ha ba a o bolella phoso ya hao e le hore o se ke wa hapuwa.+

      Ho ena le hoo, ba nnile ba eba le dipono tse o kgelosang, tsa leshano.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share