Numere
27 Ka mora moo, baradi ba Zelofehade+ mora wa Hefere mora wa Gileade mora wa Makire mora wa Manase, ba tla ho Moshe. Mabitso a bona e ne e le Mahela, Noe, Hogla, Milka le Tirza mme e le ba leloko la Manase, mora wa Josefa. 2 Ba ema ka pela Moshe, moprista Eleazare, dikgosana+ le ka pela setjhaba sohle monyako wa tente ya pokano mme ba re: 3 “Ntate o shweletse lefeelleng empa o ne a se hara sehlopha se neng se ikopantse ha mmoho hore se be kgahlanong le Jehova e leng batshehetsi ba Kora.+ O shwele ka lebaka la sebe sa hae mme o ne a se na bara. 4 Na lebitso la ntate wa rona le lokela ho tloswa lelapeng la hae hobane feela a ne a se na mora? Re kopa o re fe lefa hara bana ba bo ntate wa rona.” 5 Ka hoo, Moshe a hlahisa taba ya bona ka pela Jehova.+
6 Jehova a re ho Moshe: 7 “Baradi ba Zelofehade ba nepile. O lokela ho ba fa lefa jwalo ka bana ba bo ntate wa bona mme o ba fe lefa la ntate wa bona.+ 8 O re ho Baiseraele, ‘Haeba monna a ka shwa a se na mora, jwale le fetisetse lefa la hae ho moradi wa hae. 9 Haeba a se na moradi, le fe bana babo lefa la hae. 10 Haeba a se na bana babo, le fe bana ba bo ntate wa hae lefa la hae. 11 Haeba ntate wa hae a se na bana babo, le fane ka lefa la hae ho mong ka yena ya haufi hara ba lelapa la hae mme e tla ba lefa la hae. Qeto ena ya boahlodi e tla ba taelo e sebetsang ho Baiseraele feela jwalo ka ha Jehova a laetse Moshe.’”
12 Yaba Jehova o re ho Moshe: “Nyolohela thabeng ena ya Abarime+ mme o shebe naha eo ke tla e fa Baiseraele.+ 13 Ha o e bone, le wena o tla shwa*+ feela jwalo ka ha abuti wa hao Arone a ile a shwa+ 14 hobane ha setjhaba se ne se qabana le nna lefeelleng la Zine, ha le a ka la mamela taelo ya ka. Ha le a ka la nkgalaletsa ka pela setjhaba ha ke ne ke se fa metsi.+ Ana ke metsi a Meriba+ Kadeshe+ lefeelleng la Zine.”+
15 Jwale Moshe a re ho Jehova: 16 “Jehova, Modimo ya fanang ka bophelo ho batho bohle, a ke a kgethe monna hore a okamele setjhaba, 17 ya tla se etella pele le ya tla se tataisa dinthong tsohle e le hore setjhaba sa Jehova se se ke sa tshwana le dinku tse se nang modisa.” 18 Ka hoo, Jehova a re ho Moshe: “Nka Joshua mora wa Nune, monna ya nang le bokgoni mme o behe letsoho la hao hodima hae.+ 19 O mo emise ka pela moprista Eleazare le ka pela setjhaba sohle mme o mo kgethe hore e be moetapele ka pela mahlo a sona.+ 20 O mo fe bolaodi* bo bong ba hao+ e le hore setjhaba sohle sa Baiseraele se ka mo mamela.+ 21 O tla ema ka pela moprista Eleazare, ya tla mo botsetsa qeto ya Jehova a sebedisa Urime.+ Ka taelo ya hae ba tla tswa mme ka taelo ya hae ba tla kena, yena le Baiseraele bohle le setjhaba sohle.”
22 Ka hoo, Moshe a etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse. A emisa Joshua ka pela moprista Eleazare le ka pela setjhaba sohle. 23 A beha matsoho hodima hae, a mo hlomamisa+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile ka Moshe.+