Dipesaleme
Thapelo ya motho ya mahlomoleng ha a nyahame* mme a bolella Jehova dintho tse mo tshwenyang.+
102 Jehova, utlwa thapelo ya ka hle.+
E se eka o ka utlwa sello sa ka.+
2 O se ke wa ntahla ha ke ena le mathata.+
Mmamele.*
O nkarabe kapele ha ke llela ho wena.+
3 Bophelo ba ka bo fela kapele jwalo ka ha mosi o nyamela,
Masapo a ka a a tjha jwalo ka ha eka a ka ontong.+
4 Pelo ya ka e jwalo ka jwang bo tjhesitsweng ke letsatsi mme e omeletse+
Ebile ha ke sa na takatso ya dijo.
6 Ke mong jwalo ka letata la naheng.
Ke jwalo ka sephooko* se senyenyane hara mehaho e senyehileng.
Ke jwalo ka nonyana e dutseng e le nngwe marulelong.+
8 Dira tsa ka di nnyefola letsatsi lohle.+
Ba ntshehang* ba sebedisa lebitso la ka ho rohaka ba bang.
9 Molora e se e bile e le dijo tsa ka,+
Le dintho tseo ke di nwang di kopane le dikgapha,+
10 Ka ha o mphahamisitse e le hore o ntahle.
Hobane o halefile haholo.
12 Empa Jehova, o dula o le teng ka ho sa feleng.+
O tla dula o tsebahala* melokong yohle.+
Nako eo o e behileng e fihlile.+
17 O tla mamela dithapelo tsa batho ba hlophehileng.+
A ke ke a kgella dithapelo tsa bona fatshe.+
19 Jehova o shebile tlase a le sebakeng sa hae se phahameng se halalelang.+
O shebile lefatshe a le lehodimong
20 Hore a utlwe sello sa motshwaruwa+
Le hore a lokolle ba ahloletsweng lefu+
21 E le hore lebitso la Jehova le ka phatlalatswa Sione+
A be a roriswe Jerusalema.
23 O entse hore matla a ka a fele ke sa le motjha.
O kgutsufaditse bophelo ba ka.
24 Ke ile ka re: “Modimo wa ka,
O se ke wa mphedisa ke eso tsofale.
O Modimo ya tla dula a le teng ka ho sa feleng.+
26 Di tla fela empa wena o tla dula o le teng.
Kaofela di tla tsofala jwalo ka seaparo.
O tla di lahla jwalo ka diaparo tsa kgale mme o tlise tse ding.