Dipesaleme
Ho motsamaisi. E binwe ka modumo wa “O se ke wa Senya.” Pesaleme ya Asafe.+ Pina.
75 Re a o leboha, Modimo, re a o leboha.
2 O re: “Ha ke behile nako,
Ke ahlola ka toka.
3 Ha lefatshe le baahi bohle ba lona ba thothomela,
Ke nna ya ileng a etsa hore dipilara tsa lona di dule di tiile.” (Selah)
4 Ke re ho ba ikgohomosang, “Le se ke la ikgohomosa,”
Ke re ho ba kgopo, “Le se ke la ithorisa ka hore le na le matla.*
6 Bophahamo ha bo tswe
Botjhabela, bophirimela kapa borwa.
O kokobetsa motho e mong ebe o phahamisa e mong.+
8 Ho na le kopi letsohong la Jehova.+
Veine e entse lekweba ebile e tswakilwe hantle.
9 Empa ha e le nna, ke tla bua ka ho sa feleng ka dintho tseo Modimo a di entseng.
Ke tla binela* Modimo wa Jakobo dithoriso.