Esaia
38 Mehleng eo, Ezekiase a kulela lefu.+ Yaba moprofeta Esaia+ mora wa Amoze o fihla ho yena o re, “Jehova o re: ‘Fana ka ditaelo ho ba lelapa la hao hobane o ke ke wa fola empa o tla shwa.’”+ 2 Yaba Ezekiase o sheba leboteng mme o rapela Jehova o re: 3 “Ke a o kopa hle Jehova, ke kopa o hopole+ ka moo ke o sebeleditseng ka botshepehi ka teng le ka pelo yohle+ mme ke etsa dintho tse o thabisang.” Ezekiase a lla ha bohloko.
4 Jwale Jehova a re ho Esaia: 5 “Kgutla mme o re ho Ezekiase,+ ‘Jehova Modimo wa moholoholo wa hao Davida o re: “Ke utlwile thapelo ya hao.+ Ke bone meokgo ya hao.+ Ka hoo, ke eketsa bophelo* ba hao ka dilemo tse 15.+ 6 Ke tla o pholosa ha mmoho le motse ona ho morena wa Asiria mme ke tla sireletsa motse ona.+ 7 Lena ke letshwao le tswang ho Jehova le bontshang hore Jehova o tla phethahatsa seo a se buileng:+ 8 Ke tla etsa hore moriti wa letsatsi o ntseng o theoha ho ya tlase ditepising* tsa Akaze o kgutlele morao ka mehato e leshome.”’”+ Yaba moriti wa letsatsi o kgutlela morao ka mehato e leshome ditepising moo o neng o theohile.
9 Tsena ke ditaba tse ngotsweng ke Ezekiase morena wa Juda, ka mora hore a kule a be a fole:
Ke tla amohuwa dilemo tsa ka tse setseng.”
11 Ke itse: “Nke ke ka bona Jah,* yena Jah naheng ya ba phelang.+
Ha ke sa tla hlola ke sheba batho
Ha ke ena le baahi ba naha e se nang bophelo.
Ke phuthile bophelo ba ka jwalo ka seroki se rokang ka foreimi.
Modimo o nkgaola jwalo ka dikgwele tse theosang tsa lesela.
O ntse a nqeta* ho tloha motshehare ho fihlela bosiu.+
13 Ke kgoba matshwafo ho fihlela hoseng.
O ntse a roba masapo a ka jwalo ka tau,
O ntse o nqeta ho tloha motshehare ho fihlela bosiu.+
Mahlo a ka a sheba lehodimong a kgathetse.+
Jehova, ke imetswe haholo,
Ntshehetse.+
15 Ke tla reng?
O buile le nna a ba a nka bohato.
Ke tla tsamaya ke ikokobeditse bophelo bohle ba ka
Ka lebaka la mahlomola a ka.*
O tla mpusetsa bophelong bo botle mme o mpoloke ke phela.+
17 Ke fumane mahlomola a mangata ho ena le kgotso
Empa ka ha o a nthata,
O mpholositse sekoting sa timetso.+
O lahletse dibe tsohle tsa ka ka mora hao.*+
Ba theohelang ka sekoting ba ke ke ba hlola ba bona botshepehi ba hao.+
19 Ba phelang ke bona feela ba ka o rorisang,
Feela jwalo ka ha nka etsa letsatsing lena.
Ntate a ka fa bana ba hae tsebo malebana le botshepehi ba hao.+
20 Jehova, mpholose.
Re tla letsa dipina tsa ka ka diletsa tse dikgwele+
Ka matsatsi ohle a bophelo ba rona ka tlung ya Jehova.’”+
21 Esaia a re: “Tlisang mangangajane a difeie* mme le a tlotse lethopeng e le hore a ka fola.”+ 22 Ezekiase o ne a ile a re: “Ke letshwao lefe le tla bontsha hore ke tla ya ntlong ya Jehova?”+