NA BATHO BA TLA SENYA LEFATSHE KA HO FELETSENG?
MOYA
HA RE hloke moya bakeng sa ho hema feela. Moya o sireletsa lefatshe mahlaseding a kotsi a letsatsi. Ha ho ne ho se na moya, ho ne ho tla bata haholo hoo ntho e nngwe le e nngwe e neng e tla ba leqhwa.
Moya o Silafetseng o Kotsi
Ha moya o silafala dintho tse phelang di ba kotsing. Ho latela ditekanyetso tsa World Health Organization tsa tshireletseho, ke batho ba fokolang ka palo ba hemang moya o hlwekileng.
Moya o silafetseng o ka baka mafu a etsang hore motho a thatafallwe ke ho hema, kankere ya matshwafo le lefu la pelo. Batho ba ka bang dimilione tse supileng ba shwa pele ho nako selemo le selemo ka lebaka la ho hema moya o silafetseng.
Lefatshe le Etseditswe ho Dula le le Teng
Lefatshe le ne le etseditswe hore le fane ka moya o lekaneng ebile o hlwekile bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe e phelang. Sena se ne se tla etsahala ha feela batho ba ne ba ka leka ho qoba ho silafatsa lefatshe. Nahana ka mehlala e latelang:
Hangata ha ho buuwa ka difate tse monyang carbon dioxide moyeng, ho buuwa ka meru e tlwaelehileng feela empa ha se hangata ho buuwang ka meru e melang lebopong la lewatle ya difate tsa mangrove. Le ha ho le jwalo, difate tsena di kgona ho monya carbon dioxide moyeng oo re o hemang ho feta difate tse merung e fumanehang dibakeng tse tjhesang moo pula e nang haholo, ka makgetlo a fetang a mahlano.
Dipatlisiso tsa moraorao di bontsha hore hona le semela sa ka metsing se bitswang kelp se kgonang ho tlosa carbon dioxide moyeng ebe se e tebisetsa tlase ka lewatleng. Makgasi a kelp a na le mekotla e menyenyane e nang le moya e e thusang hore e phaphamale ebe e nkuwa ke metsi ho ya dibakeng tse hole. Ha e fihla hole hara lewatle, mekotla ena e a phatloha ebe semela sena se nang le carbon dioxide se tebela tlase ka lewatleng. Ho bonahala hore semela seo se dula moo botebong ba lewatle ka dilemo tse makgolo.
Nakong ya lockdown ka COVID-19 ho ile ha bonahala hore sepakapaka se kgona ho itlhwekisa. Ka 2020, ha dikoloi le difeme tse silafatsang moya di ne di sa sebediswe, moya o ile wa hlweka kapele. Bukana e bitswang 2020 World Air Quality Report, e ile ya bontsha hore dinaheng tse ngata tseo ho ileng ha etswa dipatlisiso ho tsona, ho bonahala moya o ile wa hlweka hanghang feela ka mora lockdown.
Ho Etswang Hore ho Dule ho Ena le Moya o Hlwekileng?
Ho sebedisa baesekele ho ya mosebetsing kapa sekolong ho ka thusa hore moya o se ke wa silafala
Mebuso e ntse e tswela pele ho laela borakgwebo hore ba batle ditsela tse ka ba thusang ho sebetsa ntle le hore difeme tsa bona di silafatse moya. Borasaense ba boetse ba ntse ba batla ditsela tse ntjha tsa ho hlwekisa moya. Ka mohlala, ba sebedisa dikokwana ho fetola dintho tse silafatsang moya hore di se ke tsa eba kotsi. Ditsebi di boetse di fana ka keletso ya hore batho ba tsamaye ka maoto kapa ba palame dibaesekele ho ena le ho kganna dikoloi hape ba batle ditsela tsa ho fokotsa tshebediso ya motlakase.
Dinaheng tse ding mmuso o fana ka ditofo tsa moraorao tsa ho pheha e le hore moya o silafetseng o ka fokotseha empa batho ba bangata ba ntse ba sa kgone ho ba le tsona
Le ha ho le jwalo, ho sa ntse ho ena le ho hongata ho lokelwang ho etswa jwalo ka ha tlaleho e ileng ya etswa ka 2022 ke mekgatlo e kang World Health Organization le World Bank e bontsha.
Tlaleho eo e ile ya bontsha hore ka 2020, hoo e ka bang halofo ya batho lefatsheng ba sebedisa mekgwa ya ho pheha e silafatsang moya. Ke batho ba mmalwa feela ba nang le bokgoni ba ho reka ditofo tse ntjha tse sa silafatseng moya le ho sebedisa mekgwa e meng ya ho pheha ya moraorao.
Bibele e Fana ka Tshepo
“Ana ke mantswe a Modimo wa nnete, Jehova, Mmopi wa mahodimo. . . . Ya adileng lefatshe le ya bopileng dintho tsohle tse ho lona, ya fang baahi ba lona moya o ba phedisang.”—Esaia 42:5.
Modimo o entse moya oo re o hemang le tsela eo o ka itlhwekisang ka yona ya tlhaho. O na le matla a sa feleng ebile o re rata haholo. Ka hoo, ke taba e utlwahalang ho dumela hore o tla hlwekisa moya oo re o hemang. Sheba sehlooho se reng: “Modimo o Tshepisa Hore Lefatshe le Tla Dula le le Teng.”