Pina ea 103
“Ka Ntlo le Ntlo”
Printed Edition
1. Ka ntlo le ntlo, le menyakong,
Re bua ka lentsoe.
Metseng eohle, le mahaeng,
Nku li hlokometsoe.
Kamoo Jesu a boletseng,
Taba tse molemo
Li boleloa fatšeng lohle
Ke Bakreste bohle.
2. Ka ntlo le ntlo, rea bolela,
Ka poloko ea Jah.
E tlela bao ba rapelang
Bitso la Jehova.
Empa ba ka mo tšepa joang
Ha ba sa mo tsebe?
Ka ho ba ruta ka eena,
Ba tle ba mo tsebe.
3. Ka ntlo le ntlo le lit’rateng,
Re paka ka ’Muso.
Ba tla khetha ho mamela
Kapa ho se utloe.
Re tla bolela lebitso,
Lena la Jehova.
’Me ha re ea ka ntlo le ntlo,
Re fumana linku.
(Sheba le Lik. 2:21; Bar. 10:14.)