LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • fg thuto 10 dipotso 1-4
  • O ka Kgetholla Bodumedi ba Nnete Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Kgetholla Bodumedi ba Nnete Jwang?
  • Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
  • Dintlha tse Ding
  • Tsela e Nepahetseng ya ho Rapela Modimo
    Bibele e re Rutang?
  • Ditaba Tse Molemo ke Dife ka Bodumedi?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
  • Madumedi a Bohata a Sentse Modimo Lebitso Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
fg thuto 10 dipotso 1-4

THUTO 10

O ka Kgetholla Bodumedi ba Nnete Jwang?

1. Na ho na le bodumedi bo le bong feela ba nnete?

[Setshwantsho se leqepheng la 20]

“Itebeleng ho baprofeta ba bohata.”—MATHEU 7:15.

Jesu o rutile balatedi ba hae hore ho na le bodumedi bo le bong feela ba nnete. Bo tshwana le tsela e yang bophelong bo sa feleng. Jesu o itse: ‘Ke ba seng bakae ba fumanang tsela eo. (Matheu 7:14) Modimo o amohela feela borapedi bo thehilweng Lentsweng la hae. Barapedi bohle ba nnete ba dumela ntho e tshwanang.—Bala Johanne 4:23, 24; 14:6; Baefese 4:4, 5.

Shebella video e reng Na Modimo o Amohela Madumedi Ohle?

2. Jesu o ile a reng ka Bakreste ba bohata?

[Ditshwantsho tse leqepheng la 20]

“Ba bolela phatlalatsa hore ba tseba Modimo, empa ba mo latola ka mesebetsi ya bona.”​—TITE 1:16.

Jesu o ile a lemosa hore baprofeta ba bohata ba ne ba tla silafatsa Bokreste. Ba bonahala eka ke barapedi ba nnete. Dikereke tsa bona di ipolela hore ke tsa Bokreste. Empa o ka kgona ho lemoha seo batho ba jwalo ba hlileng ba leng sona. Jwang? Borapedi ba nnete ke bona feela bo nang le Bakreste ba nnete ba bonahalang ka mesebetsi ya bona le tsela eo ba phelang ka yona.—Bala Matheu 7:13-23.

3. O ka kgetholla barapedi ba nnete jwang?

Hlokomela matshwao ana a mahlano a ba kgethollang:

  • Barapedi ba nnete ba hlompha Bibele mme ba e nka e le Lentswe la Modimo. Ba leka ka matla ho phela ka melao ya Bibele. Kahoo, bodumedi ba nnete bo fapane le bodumedi bo thehilweng maikutlong a batho. (Matheu 15:7-9) Batho bao e leng badumedi ba nnete, ha ba rute ntho e itseng, ebe ba etsa e fapaneng.—Bala Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16, 17.

  • Balatedi ba nnete ba Jesu ba hlompha lebitso la Modimo e leng Jehova. Jesu o ile a bontsha hore o hlompha lebitso la Modimo ka ho le tsebahatsa. O ile a thusa batho hore ba tsebe Modimo mme a ba ruta hore ba rapelle ho halaletswa ha lebitso la Modimo. (Matheu 6:9) Ke bodumedi bofe bo tsebahatsang lebitso la Modimo sebakeng seo o dulang ho sona?—Bala Johanne 17:26; Baroma 10:13, 14.

  • Bakreste ba nnete ba ruta ka Mmuso wa Modimo. Modimo o ile a roma Jesu hore a rute batho ditaba tse molemo tsa Mmuso. Mmuso wa Modimo ke ona feela o tla lokisa maemo a lefatshe. Jesu o ile a ruta ka Mmuso oo ho fihlela qetellong ya bophelo ba hae. (Luka 4:43; 8:1; 23:42, 43) O ile a re barutuwa ba hae ba tla ruta ka ona. Haeba motho e mong a tla ho wena mme a bua ka Mmuso wa Modimo, hangata ho tlwaelehile hore ke wa bodumedi bofe?—Bala Matheu 24:14.

  • Balatedi ba Jesu hase karolo ya lefatshe lena le kgopo. O ka ba tseba ka hore ha ba kenelle dipolotiking le merusung ya setjhaba. (Johanne 17:16; 18:36) Hape, ha ba latele mekgwa le dintho tse kotsi tse etswang ke batho kajeno.—Bala Jakobo 4:4.

  • Bakreste ba nnete ba ratana e le kannete. Bibele e ba rutile hore ba hlomphe batho ba merabe yohle. Le hoja madumedi a bohata a ile a tshehetsa dintwa tsa setjhaba ka makgetlo, barapedi ba nnete bona ha ba di tshehetse. (Mikea 4:1-3) Ho e na le hoo, Bakreste ba nnete ba sebedisa nako le matlotlo a bona hore ba thuse le ho kgothatsa batho ba bang.—Bala Johanne 13:34, 35; 1 Johanne 4:20.

4. Na o ka kgetholla bodumedi ba nnete?

Ke bodumedi bofe bo thehileng dithuto tsohle tsa bona Lentsweng la Modimo, bo hlomphang lebitso la Modimo le bo tsebahatsang hore Mmuso wa Modimo ke ona feela o tla lokisa maemo a lefatshe? Ke sehlopha sefe sa bodumedi seo batho ba sona ba ratanang e le kannete le se qobang ho kenella dintweng? O nahana hore ke sefe?—Bala 1 Johanne 3:10-12.

E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng, sheba kgaolo ya 15 bukeng ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share