LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • kr kgao. 13 maq. 134-147
  • Baboledi ba Mmuso ba Isa Dinyewe Tsa Bona Kgotla

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Baboledi ba Mmuso ba Isa Dinyewe Tsa Bona Kgotla
  • Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Na re Dikgathatso Kapa re Baemedi ba Tshepahalang ba Mmuso wa Modimo?
  • Na re Hlohlelletsa Bofetohedi Kapa re Baboledi ba Nnete?
  • Na Rea Rekisa Kapa re Baphatlalatsi ba Tjhesehang ba Mmuso wa Modimo?
  • “Re Tla Mamela Modimo e le Mmusi ho e na le Batho”
  • “Jehova ke Mothusi wa Ka”
  • Ho Lwanela Bolokolohi ba Borapedi
    Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Re Tshehetsa Mmuso wa Modimo ka Botshepehi Eseng Mmuso Leha e le Ofe
    Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Ditaba Tsa Molao
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
Mmuso wa Modimo o a Busa!
kr kgao. 13 maq. 134-147

KGAOLO YA 13

Baboledi ba Mmuso ba Isa Dinyewe Tsa Bona Kgotla

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Jwalokaha Jesu a ile a bolela, balatedi ba hae ba ne ba tla hanyetswa ke mebuso le baetapele ba bodumedi ha ba etsa mosebetsi wa boboledi

1, 2. (a) Keng seo baetapele ba bodumedi ba ileng ba se etsa mabapi le mosebetsi wa boboledi, empa baapostola ba ile ba etsang? (b) Ke hobaneng ha baapostola ba ile ba hana ho mamela taelo ya hore ba kgaotse ho bolela?

E NE e le nakwana ka mora Pentekonta ya selemo sa 33. E ne e se e le dibeke tse mmalwa phutheho ya Bokreste e Jerusalema e thehilwe. Ho hlakile hore Satane o ile a bona e le nako e loketseng hore a hlasele Bakreste. O ne a batla ho fedisa phutheho pele e ka hola le ho ba matla. Ho e so ye kae, Satane o ile a etsa hore baetapele ba bodumedi ba thibele mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso. Leha ho le jwalo, ka sebete baapostola ba ile ba tswela pele ho bolela mme banna le basadi ba bangata e ile ya e ba “badumedi Moreneng.”—Lik. 4:18, 33; 5:14.

Baapostola ba ile ba thaba “hobane ba ne ba nkilwe e le ba tshwanelwang ke ho hlomphollwa ka lebaka la lebitso la hae”

2 Bahanyetsi bao ba ile ba halefa, yaba ba hlasela baapostola ka ho ba lahlela tjhankaneng. Leha ho le jwalo, lengeloi la Jehova le ile la tla bosiu yaba le bula menyako ya tjhankana mme ka meso baapostola ba ne ba se ba qadile ho etsa mosebetsi wa boboledi! Ba ile ba boela ba tshwarwa mme ba iswa ka pela babusi moo ba ileng ba qoswa ka hore ba robile molao o neng o ba thibela ho bolela. Ha baapostola ba araba, ka sebete ba ile ba re: “Re tla mamela Modimo e le mmusi ho e na le batho.” Babusi bao ba ile ba loloma ke bohale hoo ba neng ba batla ‘ho bolaya’ baapostola. Empa ka yona nako eo, Gamaliele, mosuwe wa Molao ya hlomphuwang ke batho bohle o ile a lemosa babusi bao a re: “Ikeleng hloko . . . Le se ke la kenakenana le banna bana, empa le ba tlohele.” Se makatsang ke hore babusi bao ba ile ba mamela keletso eo mme ba tlohela baapostola hore ba tsamaye. Baapostola ba ile ba etsang? Ka sebete ba ile ba tswela pele “ba sa kgaotse ho ruta le ho bolela ditaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.”—Lik. 5:17-21, 27-42; Liprov. 21:1, 30.

3, 4. (a) Satane o ile a nna a sebedisa mokgwa ofe ho hlasela batho ba Modimo? (b) Re tla hlahloba eng kgaolong ye, le tse pedi tse latelang?

3 Nyewe eo ya selemo sa 33 ya ho hanyetswa ha phutheho ya Bokreste ke baetapele ba bodumedi, e ne e le ya pele empa e ne e se ya ho qetela. (Lik. 4:5-8; 16:20; 17:6, 7) Mehleng ya rona, Satane o ntse a susumetsa bahanyetsi ba borapedi ba nnete hore ba hlohlelletse ba boholong hore ba thibele mosebetsi wa rona wa boboledi. Bahanyetsi bao ba ile ba nna ba qosa batho ba Modimo ka hore ke batlodi ba molao. Ba ile ba nna ba re qosa ka hore re batho ba dikgathatso. Hape ba re re kgothalletsa batho hore ba fetohele Mmuso, ba boela ba re qosa ka hore rea rekisa. Ka nako e loketseng, barababo rona ba ile ba ya makgotleng e le hore ba bontshe hore diqoso tseo ke leshano. Dinyewe tseo di ile tsa fella jwang? Diqeto tseo makgotla a dinyewe a ileng a di nka dilemong tseo tse mashome tse fetileng di o ama jwang kajeno? A re ke re hlahlobe dinyewe tse mmalwa mme re bone hore na di thusitse jwang “ho sireletseng le ho theheng ka molao ditaba tse molemo.”—Bafil. 1:7.

4 Kgaolong ena re tla hlahloba kamoo re ileng ra sireletsa tokelo ya rona ya ho ba le bolokolohi ba puo kateng. Dikgaolong tse pedi tse latelang re tla hlahloba kamoo dinyewe tse ileng tsa hlahlelwa kgahlanong le rona di re thusitseng kateng hore re se ke ra ba karolo ya lefatshe le ho phela ka melao ya Mmuso.

Na re Dikgathatso Kapa re Baemedi ba Tshepahalang ba Mmuso wa Modimo?

5. Ke hobaneng ha baboledi ba Mmuso ba ile ba tshwarwa qetellong ya dilemo tsa bo 1930, hona ba neng ba etella pele ba ile ba etsang?

5 Qetellong ya dilemo tsa bo 1930, metse le dinaha ho pholletsa United States of America di ile tsa qobella Dipaki Tsa Jehova hore di fumane tumello kapa laesense ya hore di etse mosebetsi wa boboledi. Empa barababo rona ha ba a ka ba batla laesense eo. Ba ne ba dumela hore laesense e ka hlakolwa, hape ba nka hore ha ho na mmuso o nang le matla a ho kenakenana le taelo eo Jesu a e fileng Bakreste ya ho bolela molaetsa wa Mmuso. (Mar. 13:10) Ka lebaka leo, baboledi ba makgolo ba Mmuso ba ile ba tshwarwa. Ba neng ba etella pele mokgatlong ba ile ba isa taba ena lekgotleng la dinyewe. Ba ne ba nahana hore ba tla bontsha Mmuso hore dithibelo tse kgahlanong le Dipaki tsa hore di se ke tsa etsa mesebetsi e amanang le borapedi, ha di molaong. Ka 1938 ho ile ha etsahala ntho e ileng ya etsa hore ho be le nyewe ya bohlokwa. Ho ile ha etsahalang?

6, 7. Ho ile ha etsahalang ka lelapa la Cantwell?

6 Hoseng ha Labobedi la 26 April, 1938, Newton Cantwell, ya dilemo di 60 le mosadi wa hae Esther le bara ba bona Henry, Russell le Jesse—kaofela e ne e le bo pulamadiboho ba kgethehileng—ba ile ba ya motseng wa New Haven, Connecticut e le hore ba ilo etsa mosebetsi wa boboledi. Ha e le hantle, ba ne ba ikemiseditse hore ha ba na ho kgutla tsatsing leo. Hobaneng? Ba ne ba se ba ile ba tshwarwa hangata, kahoo ba ne ba lebeletse hore ba ka nna ba tshwarwa hape. Leha ho le jwalo, seo ha sea ka sa nyahamisa lelapa la Cantwell, empa ba ile ba tswela pele ba bolela molaetsa wa Mmuso. Ba ile ba fihla New Haven ka dikoloi tse pedi. Morabo rona Newton o ne a kganna koloi ya lelapa e neng e kentse dibuka tsa Bibele le keramafono mme Henry ya dilemo di 22, o ne a kganna koloi e nang le sebuelahole. Ka sebele, jwalokaha ba ne ba lebeletse, ka mora dihora tse seng kae, ba ile ba emiswa ke mapolesa.

7 Pele, Russell ya dilemo di 18 o ile a tshwarwa, ha latela morabo rona Newton le mosadi wa hae Esther. Jesse ya dilemo di 16, o ne a le sebakanyana mme o ile a bona ha batswadi ba hae le abuti wa hae ba nkuwa ke mapolesa. Henry o ne a ntse a bolela karolong e nngwe ya motse mme Jesse o ile a sala a le mong. Ho ntse ho le jwalo, o ile a nka keramafono ya hae mme a tswela pele ho bolela. Banna ba babedi ba Makhatholike ba ile ba dumella Jesse hore a ba bapalle puo ya Morabo rona Rutherford e neng e e na le sehlooho se reng “Dira.” Empa ha ba ntse ba mametse puo eo, banna bao ba ile ba halefa hoo ba ileng ba batla ho otla Jesse. A kgobile matshwafo, Jesse o ile a tsamaya empa nakwana ka mora moo lepolesa le ile la mo emisa. Kahoo Jesse le yena o ile a tshwarwa. Lepolesa leo ha le a ka la qosa Moradiwabo rona Cantwell, empa le ile la qosa Morabo rona Cantwell le bara ba hae. Leha ho le jwalo, ba ile ba lokollwa ka beile hona letsatsing leo.

8. Ke hobaneng ha lekgotla le ile la fumana Jesse Cantwell a le molato wa hore ke motho ya dikgathatso?

8 Dikgwedi tse mmalwa hamorao, ka September 1938, lelapa la Cantwell le ile la hlaha kgotla, New Haven. Newton, Russell le Jesse ba ile ba qosetswa hore ba kopa tjhelete ba se na laesense. Ho sa tsotellehe boipiletso ba bona Lekgotleng le Phahameng la Connecticut, Jesse o ile a fumanwa a le molato wa hore ke motho ya dikgathatso le ya dukang kgotso. Hobaneng? Hobane banna bao ba Makhatholike ba ileng ba mamela puo eo ba ile ba beha bopaki kgotla mme ba re puo eo e ne e nyefola bodumedi ba bona mme e ile ya ba halefisa. E le ho hanyetsa diqoso tseo, barababo rona ba ile ba ipiletsa Lekgotleng le Phahameng la United States, e leng lekgotla le ka hodimodimo la naha.

9, 10. (a) Lekgotla le Phahameng la United States le ile la ahlola nyewe ya lelapa la Cantwell jwang? (b) Qeto eo e re tswela molemo jwang kajeno?

9 Ho tloha ka la 29 March, 1940, Moahlodi e Moholo, Charles E. Hughes le baahlodi ba bang ba robedi ba ile ba mamela ha Morabo rona Hayden Covington, e leng mmuelli wa Dipaki Tsa Jehova a teka nyewe ka pela bona.a Ha mmuelli wa naha ya Connecticut a teka nyewe ya hae e le ha a leka ho paka hore Dipaki ke batho ba dikgathatso, moahlodi e mong o ile a botsa a re: “Na hase nnete hore batho ba bangata ba ne ba sa rate molaetsa wa Kreste Jesu?” Mmuelli eo o ile a araba ka ho re: “Ho jwalo mme haeba ke hopola Bibele ya ka hantle, e boetse e re bolella hore na ke eng se ileng sa etsahalla Jesu ka lebaka la ho bolela molaetsa oo.” Ka ho bua jwalo, o ile a ipepesa hakaakang! A sa hlokomele, mmuelli eo o ile a amahanya Dipaki le Jesu mme a ikamahanya le ba ileng ba qosa Jesu. Ka la 20 May, 1940, Lekgotla le ile la diha kahlolo e emelang Dipaki.

Hayden Covington (ya ka pele bohareng), Glen How (ka ho le letshehadi) le ba bang ba tloha kgotla ka mora ho hlola nyewe

10 Qeto eo ya Lekgotla e ile ya e ba le phello efe? E ile ya sireletsa bolokolohi ba bodumedi e le hore ho se be le mmuso ofe kapa ofe o ka thibelang batho hore ba be le bolokolohi ba ho etsa seo ba se dumelang. Ho feta moo, Lekgotla ha le a ka la fumana Jesse a le molato wa “ho sitisa kgotso ya setjhaba.” Kahoo, qeto eo e ile ya bontsha ka ho hlaka hore Dipaki Tsa Jehova hase batho ba dikgathatso. Eo e ile ya e ba tlholo e kaakang ho batho ba Modimo! E re tswela molemo jwang kajeno? Morabo rona wa mmuelli o re: “Tokelo ya ho ba le bolokolohi ba ho etsa seo re se dumelang re sa tshohe hore re tla thibelwa, e re thusa hore kajeno re bolelle batho ba moo re dulang teng molaetsa wa tshepo.”

Na re Hlohlelletsa Bofetohedi Kapa re Baboledi ba Nnete?

Lehloyo le Lebe la Quebec la ho Hloya Modimo le Kreste le Bolokolohi ke Mahlabisa Dihlong Canada Yohle

11. Barababo rona ba Canada ba ile ba kena letsholong lefe, hona hobaneng?

11 Dilemong tsa bo 1940, Dipaki Tsa Jehova tsa Canada di ile tsa hanyetswa ka sehloho. Kahoo, e le hore batho ba tsebe hore Mmuso o ne o thibela batho ho ba le bolokolohi ba borapedi, ka 1946, barababo babo rona ba ile ba kena letsholong la matsatsi a 16 la ho aba pampitshana e neng e e na le sehlooho se reng, Lehloyo le Lebe la Quebec la ho Hloya Modimo le Kreste le Bolokolohi ke Mahlabisa Dihlong Canada Yohle. Pampitshana eo e maqephe a mane e ile ya pepesa merusu e neng e hlohlelletswa ke baruti, le mapolesa a neng a hlekefetsa barababo rona profinseng ya Quebec. Pampitshana eo e ile ya re: “Ho tshwarwa ho seng molaong ha dipaki tsa Jehova ho ntse ho tswela pele. Ho na le diqoso tse 800 tse kgahlanong le dipaki tsa Jehova motseng wa Montreal.”

12. (a) Bahanyetsi ba ile ba hanyetsa letsholo la pampitshana jwang? (b) Barababo rona ba ile ba qoswa ka tlolo efe ya molao? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.)

12 Letona la Quebec e leng Maurice Duplessis o ile a sebetsa hammoho le moruti wa Roma e Khatholike, e leng Villeneuve mme ha ba utlwa ditaba tsa pampitshana eo ba ile ba phatlalatsa “ntwa e mahlomafubedu” kgahlanong le Dipaki. Diqoso tse 800 di ile tsa eketseha ho ba tse 1 600. Moradiwabo rona wa pulamadiboho o ile a re: “Re ile ra tshwarwa ka makgetlo a mangata hoo re neng re se re sa tsebe hore re tshwerwe hakae.” Dipaki tse neng di fumanwa di ntse di aba pampitshana eo di ile tsa qoswa ka tlolo ya molao ya ho hatisa “sengolwa se hlohlelletsang lehloyo.”b

13. Ke bomang ba pele ba ho qoswa ka hore ba hlohlelletsa bofetohedi, hona lekgotla le ile la fihlela qeto efe?

13 Ka 1947, Morabo rona Aimé Boucher, le baradi ba hae e leng Gisèle ya dilemo di 18, le Lucille ya dilemo di 11, e ile ya e ba ba pele ba ho iswa lekgotleng ka diqoso tsa ho hlohlelletsa bofetohedi. Ba ile ba aba dipampitshana tsa Lehloyo le Lebe la Quebec haufi le polasi ya bona e dithabeng tse borwa ho Motse wa Quebec, empa e ne e se batho ba dikgathatso. Morabo rona Boucher e ne e le monna ya ikokobeditseng le ya bonolo ya neng a hlokomela polasi ya hae, eo ka dinako tse ding a neng a ikela toropong ka kariki. Ho ntse ho le jwalo, lelapa la hae le ile la etswa tse ding tsa dintho tse neng di boletswe pampitshaneng eo. Moahlodi ya neng a tshwere nyewe eo, a bile a hloile Dipaki o ile a hana ho amohela bopaki bo neng bo bontsha hore lelapa la Boucher ha le molato. Ho e na le hoo, o ile a amohela hore pampitshana eo e ne e hlohlelletsa lehloyo mme lelapa la Boucher le lokela ho fumanwa le le molato. Ha e le hantle, seo moahlodi a neng a se bua ke sena: Ho bua nnete ke tlolo ya molao! Aimé le Gisèle ba ile ba qosetswa ho aba dingolwa tse hlohlelletsang lehloyo, esita le Lucille e monyenyane o ile a kwallwa tjhankaneng ka matsatsi a mabedi. Barababo rona ba ile ba ipiletsa Lekgotleng le Phahameng la Canada, e leng lekgotla le phahameng ka ho fetisisa naheng eo mme le ile la dumela ho mamela nyewe eo.

14. Barababo rona ba Quebec ba ile ba etsang dilemong tsa ha ba ntse ba hloriswa?

14 Ho ntse ho le jwalo, bara le baradibabo rona ba Quebec ba ile ba tswela pele ba bolela molaetsa wa Mmuso le hoja ba hlekefetswa mme hangata ho ne ho e ba le diphello tse hlollang. Dilemo tse nne ka mora hore phutuho e qale ka 1946, palo ya Dipaki tsa Quebec e ile ya eketseha ho tloha ho 300 ho ya ho 1 000!c

15, 16. (a) Lekgotla le Phahameng la Canada le ile la etsa qeto efe mabapi le nyewe ya lelapa la Boucher? (b) Tlholo eo e ile ya ama barababo rona le batho ba bang jwang?

15 Ka June 1950, Lekgotla le Phahameng la Canada le neng le e na le baahlodi ba robong le ile la mamela nyewe ya Aimé Boucher. Dikgwedi tse tsheletseng hamorao ka la 18 December, 1950, ba ile ba hlola nyewe. Hobaneng? Morabo rona Glen How, mmuelli wa Dipaki, o ile a hlalosa hore Lekgotla le ile la dumela hore ha motho a bontsha “bofetohedi” o lokela hore a be a hlekefetsa ba bang kapa a fetohela mmuso. Empa pampitshana ena “e ne e sa hlohlelletse seo, kahoo ho e aba ho ne ho se kgahlanong le molao.” Morabo rona How o ile a phaella ka ho re: “Ke ile ka inwesa ka nkgo kamoo Jehova a ileng a re fa tlholo kateng.”d

16 Ka sebele, qeto ya Lekgotla le Phahameng e ne e bontsha hore Mmuso wa Modimo o a hlola. Qeto eo e ile ya hlakola le dinyewe tse neng di tla tse 122 tseo ho tsona Dipaki tsa Quebec di ileng tsa qoswa ka hore di aba dingolwa tse kgothalletsang lehloyo. Ho feta moo, qeto ya Lekgotla e ne e bolela hore jwale baahi ba Canada le ba dinaha tse selekaneng le yona ba na le bolokolohi ba ho tletleba haeba ba sa kgotsofalle tsela eo mmuso o ba busang ka yona. Ho feta moo, sena se ile sa bontsha hore mmuso le kereke ya Quebec di hlolehile ho etsa hore Dipaki Tsa Jehova di se ke tsa e ba le tokoloho.e

Na Rea Rekisa Kapa re Baphatlalatsi ba Tjhesehang ba Mmuso wa Modimo?

17. Mebuso e meng e leka ho laola mosebetsi wa rona wa ho bolela jwang?

17 Jwaloka Bakreste ba pele, bahlanka ba Jehova kajeno “ha [ba] rekise lentswe la Modimo.” (Bala 2 Bakorinthe 2:17.) Ho ntse ho le jwalo, mebuso e meng e leka ho laola mosebetsi wa rona wa boboledi ka ho re behela melao e laolang dikgwebo. A re ke re hlahlobe dinyewe tse pedi tse ileng tsa sekaseka hore na ebe Dipaki Tsa Jehova di rekisa lentswe la Modimo kapa ke basebeletsi ba Modimo.

18, 19. Mmuso wa Denmark o ile wa leka ho thibela mosebetsi wa boboledi jwang?

18 Denmark. Ka la 1 October, 1932, ho ile ha etswa molao o neng o bontsha hore ke tlolo ya molao ho rekisa dibuka ntle le laesense. Leha ho le jwalo, barababo rona ha ba a ka ba batla laesense eo. Letsatsi le hlahlamang, bahweletsi ba bahlano ba ile ba qeta letsatsi ba etsa mosebetsi wa boboledi motseng wa Roskilde, o dikhilomithara tse fetang tse 30 leboya ho motsemoholo, Copenhagen. Qetellong ya letsatsi leo, e mong wa bahweletsi, August Lehmann o ne a nyametse. O ne a tshwaretswe ho rekisa a se na laesense.

19 Ka la 19 December, 1932, August Lehmann o ile a hlaha ka pela lekgotla. O ile a dumela hore o ne a fa batho dibuka tsa Bibele empa a latola hore o ne a di rekisa. Lekgotla le ile la dumellana le yena. Le ile la re: “Moqosuwa . . . o kgona ho iphedisa ebile ha a etse mosebetsi ona e le hore a fumane tjhelete ho e na le hoo o etsa mosebetsi ona a sebedisa tjhelete ya hae.” Lekgotla le ile la ema le Dipaki mme la etsa qeto ya hore mosebetsi wa Lehmann “hase ho etsa kgwebo.” Leha ho le jwalo, dira tsa batho ba Modimo di ne di ikemiseditse ho thibela mosebetsi wa boboledi ho pholletsa le naha. (Pes. 94:20) Motjhotjhisi wa setjhaba o ile a ipiletsa Lekgotleng le Phahameng. Barababo rona ba ile ba etsang?

20. Lekgotla le Phahameng la Denmark le ile la etsa qeto efe, hona barababo rona ba ile ba etsang?

20 Beke pele ho nyewe ya Lekgotla le Phahameng, Dipaki tsa Denmark di ile tsa eketsa tshebeletso ya tsona. Ka Labobedi la la 3 October, 1933, Lekgotla le Phahameng le ile la phatlalatsa qeto ya lona. Le ile la dumellana le qeto ya lekgotla le tlasana ya hore August Lehmann ha aa tlola molao. Seo se ne se bolela hore Dipaki di ka tswela pele di etsa mosebetsi wa boboledi ka bolokolohi. Ka lebaka la hore Jehova o ba file tlholo, bara le baradibabo rona ba ile ba bontsha teboho ka ho eketsa mosebetsi wa bona wa boboledi le ho feta. Ho tloha ka nako eo, mmuso ha o a ka wa sitisa barababo rona ba Denmark ho tswela pele ba etsa tshebeletso ya bona.

Dipaki tse sebete tsa Denmark dilemong tsa bo 1930

21, 22. Lekgotla le Phahameng la United States le ile la etsa qeto efe nyeweng ya Morabo rona Murdock?

21 United States. Ka Sontaha sa la 25 February, 1940, Robert Murdock e Monyenyane, eo e neng e le pulamadiboho le Dipaki tse ding tse supileng, ba ile ba tshwarwa ha ba ntse ba etsa mosebetsi wa boboledi motseng wa Jeannette, o haufi le Pittsburgh, profinseng ya Pennsylvania. Ba ile ba qosetswa hore ha ba a reka laesense ya ho fana ka dibuka. Ba ile ba ipiletsa Lekgotleng le Phahameng la United States mme lekgotla le ile la dumela ho mamela nyewe ya bona.

22 Ka la 3 May, 1943, Lekgotla le Phahameng le ile la phatlalatsa qeto ya lona mme Dipaki di ile tsa hlola nyewe. Lekgotla le ile la hanyetsa taba ya hore Dipaki di be le laesense hobane seo se ne se sitisa “batho hore ba thabele tokelo e dumeletsweng Molaomotheong wa Naha.” Lekgotla le ile la hlakola molao oo wa motse mme la bontsha hore “o etsa hore ho se ke ha e ba le bolokolohi ba ho phatlalatsa ditaba hape o thibela batho ho etsa seo ba se dumelang.” Ha a phatlalatsa qeto ya Lekgotla, Justice William O. Douglas o ile a bolela hore mosebetsi wa Dipaki Tsa Jehova “hase feela ho bolela; hase feela ho aba dibuka tsa bodumedi. Ke dintho tsena ka bobedi.” O ile a phaella ka ho re: “Mofuta ona wa mosebetsi wa bodumedi o lokela ho sireletswa ka molao ka tsela e tshwanang le borapedi bo etswang ka dikerekeng le ha motho a rera a le sefalaneng.”

23. Ke hobaneng ha ho hlola dinyewe ka 1943 ho le bohlokwa ho rona kajeno?

23 Qeto ena ya Lekgotla le Phahameng e ile ya e ba tlholo e kgolo ho batho ba Modimo. E ile ya bontsha hore ka sebele re basebeletsi ba Bakreste eseng bo rakgwebo. Ka letsatsi leo le ke keng la lebaleha la selemo sa 1943, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa hlola dinyewe tse 12 ho tse 13 Lekgotleng le Phahameng, ho akarelletsa le nyewe ya Murdock. Diqeto tsena tsa lekgotla e ile ya e ba mohlala wa se etsahalang dinyeweng tsa morao tjena moo bahanyetsi ba ileng ba boela ba batla ho thibela mosebetsi wa rona wa ho bolela ka Mmuso phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.

“Re Tla Mamela Modimo e le Mmusi ho e na le Batho”

24. Re etsang ha mmuso o thibela mosebetsi wa rona wa boboledi?

24 Jwaloka bahlanka ba Jehova, re thaba haholo ha mebuso e re fa tokelo ya ho bolela molaetsa wa Mmuso ka bolokolohi. Leha ho le jwalo, ha mmuso o thibela mosebetsi wa rona, re fetola tsela eo re etsang dintho ka yona mme re tswela pele ho etsa mosebetsi wa rona ka hohle kamoo re ka kgonang. Jwaloka baapostola, “re tla mamela Modimo e le mmusi ho e na le batho.” (Lik. 5:29; Mat. 28:19, 20) Ka nako e tshwanang, re ipiletsa makgotleng a dinyewe hore dithibelo tseo di tloswe. Nahana ka mehlala e mmedi.

25, 26. Keng se ileng sa etsahala Nicaragua, se ileng sa fella ka hore ho be le nyewe Lekgotleng le Phahameng, hona sephetho sa nyewe eo e ile ya e ba sefe?

25 Nicaragua. Ka la 19 November, 1952, Donovan Munsterman eo e neng e le moromuwa le mohlanka wa lekala, o ile a kena ofising ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae la motsemoholo, Managua. O ne a laetswe hore a hlahe ka pela Arnoldo García, ya neng a okametse lefapha leo. O ile a bolella Donovan hore Dipaki Tsa Jehova tsohle tsa Nicaragua di “thibetswe ho tswela pele di ruta dithuto tsa tsona le ho etsa mesebetsi ya tsona ya bodumedi.” Ha Donovan a botsa lebaka, Mookamedi García o ile a mo hlalosetsa hore Dipaki ha di na tumello e tswang ho mohlanka wa mmuso ya hore di etse tshebeletso ya tsona ebile di qoswa ka hore ke makomonisi. Ke bomang ba neng ba re qosa? Baruti ba Roma e Khatholike.

Barababo rona ba Nicaragua, ha mosebetsi o ntse o thibetswe

26 Hanghang Morabo rona Munsterman o ile a ipiletsa Lefapheng la Letona la Mmuso le Bodumedi hammoho le ho Mopresidente Anastasio Somoza García, empa ho ne ho se na motho ya mo mamelang. Kahoo barababo rona ba ile ba fetola tsela eo ba etsang dintho ka yona. Ba ile ba kwala Holo ya Mmuso, ba bokana ka dihlopha tse nyenyane mme ba kgaotsa ho paka seterateng, ho ntse ho le jwalo ba ile ba bolela molaetsa wa Mmuso. Ka nako e tshwanang, ba ile ba ipiletsa Lekgotleng le Phahameng la Nicaragua, ba kopa hore le tlose thibelo eo. Dikoranta di ile tsa phatlalatsa thibelo eo hammoho le boipiletso mme Lekgotla le Phahameng le ile la dumela ho mamela nyewe eo. Ho ile ha etsahalang? Ka la 19 June, 1953, Lekgotla le Phahameng le ile la phatlalatsa qeto e emelang Dipaki. Lekgotla le ile la fumana hore thibelo eo e ne e kenakenana le molaomotheo wa bolokolohi ba puo, ba ho etsa diqeto ho latela letswalo la motho le ba hore motho a bonahatse seo a se dumelang. E ile ya boela ya laela hore dikamano tse neng di le teng pakeng tsa mmuso wa Nicaragua le Dipaki di lokiswe.

27. Ke hobaneng ha baahi ba Nicaragua ba ile ba makatswa ke qeto ya Lekgotla, hona barababo rona ba ile ba ikutlwa jwang ka tlholo eo?

27 Baahi ba Nicaragua ba ile ba makatswa ke hore Lekgotla le Phahameng le ile la ema le Dipaki. Pele ho moo, tshusumetso ya baruti e ne e le matla hoo Lekgotla le neng le qoba ho qabana le bona. Hape, ba boholong mmusong ba ne ba e na le matla hoo Lekgotla le neng le hanyetsana le bona ka sewelo. Barababo rona ba ne ba kgodisehile hore ba fumane tlholo hobane Morena wa bona o ne a ba sireleditse mme ba ne ba tswela pele ho bolela.—Lik. 1:8.

28, 29. Bohareng ba dilemo tsa 1980, ke phetoho efe e neng e sa lebellwa e ileng ya etsahala Zaire?

28 Zaire. Bohareng ba dilemo tsa bo 1980, ho ne ho e na le Dipaki tse ka bang 35 000 Zaire, eo hona jwale e bitswang Democratic Republic of Congo. Ka lebaka la hore mosebetsi wa Mmuso o ne o eketseha ka sekgahla, ho ile ha hahwa mehaho e metjha ya lekala. Ka December 1985, ho ile ha tshwarwa kopano ya matjhaba motsemoholo Kinshasa mme ho ile ha tla baeti ba 32 000 ba tswang dinaheng tse fapaneng, ba ileng ba tlatsa lebala la dipapadi. Empa maemo a ile a qala ho fetoha. Ho ile ha etsahalang?

29 Morabo rona Marcel Filteau ya tswang Quebec, Canada, ya ileng a feta mahlorisong a ileng a bakwa ke mmuso wa Duplessis, o ne a sebeletsa e le moromuwa Zaire ka nako eo. Ha a bua ka se ileng sa etsahala, o re: “Ka la 12 March, 1986, barababo rona ba ikarabellang ba ile ba fumana lengolo le neng le phatlalatsa hore mokgatlo wa Dipaki Tsa Jehova wa Zaire ha o molaong.” Lengolo leo le ne le saennwe ke mopresidente wa naha, Mobutu Sese Seko.

30. Ke qeto efe e boima eo Komiti ya Lekala e neng e lokela ho e etsa, hona e ile ya etsang?

30 Letsatsi le latelang, seyalemoya sa setjhaba se ile sa phatlalatsa sa re: “Re ke ke ra hlola re utlwa ka Dipaki Tsa Jehova mona [Zaire].” Hanghang mahloriso a ile a latela. Diholo Tsa Mmuso di ile tsa senngwa mme barababo rona ba ile ba nkelwa thepa ka mahahapa, ba tshwarwa, ba kwallwa tjhankaneng le ho otlwa. Esita le bana ba Dipaki ba ile ba kwallwa. Ka la 12 October, 1988, mmuso o ile wa nka thepa ya mokgatlo mme sehlopha sa masole a Lebotho la Tšireletso, se ile sa hapa ofisi ya lekala. Barababo rona ba ikarabellang ba ile ba ipiletsa ho Mopresidente Mobutu, empa ha ba a ka ba fumana karabo. Ka nako eo Komiti ya Lekala e ile ya tlameha ho nka qeto e boima, “Na re lokela ho ipiletsa Lekgotleng le Phahameng, kapa re lete?” Timothy Holmes, eo e neng e le moromuwa le mohokahanyi wa Komiti ya Lekala ya naha ka nako eo, o re, “Re ne re tshepile hore Jehova ke yena ya tla re fa bohlale le tataiso.” Ka mora ho rapela, komiti e ile ya hlokomela hore e ne e so be nako ya hore ba ise taba lekgotleng. Ho e na le hoo, ba ile ba ameha ka ho hlokomela barababo rona le ho fumana ditsela tsa ho tswela pele ba etsa mosebetsi wa boboledi.

“Nakong ya nyewe eo, re ile ra bona kamoo Jehova a ka fetolang dintho kateng”

31, 32. Lekgotla le Phahameng la Zaire le ile la etsa qeto efe, hona qeto eo e ile ya ama barababo rona jwang?

31 Ho ile ha feta dilemo tse mmalwa. Kgatello e ile ya fokotseha mme mmuso o ile wa qala ho hlompha ditokelo tsa botho. Ofisi ya Lekala e ile ya etsa qeto ya hore jwale e ne e le nako ya hore e ipiletse Lekgotleng le Phahameng la Toka la Zaire. Se hlollang ke hore Lekgotla le Phahameng le ile la dumela ho mamela nyewe eo. Yaba, ka la 8 January 1993, hoo e ka bang dilemo tse supileng ka mora hore mopresidente a ntshe taelo ya thibelo, Lekgotla le ile la fihlela qeto ya hore seo mmuso o se entseng Dipaki se ne se se molaong, yaba thibelo ya tloswa. A ko nahane hore na seo se ne se bolelang! Baahlodi bao ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ka hore ba hlakole qeto e entsweng ke mopresidente wa naha. Morabo rona Holmes o re, “Nakong ya nyewe eo, re ile ra bona kamoo Jehova a ka fetolang dintho kateng.” (Dan. 2:21) Tlholo ena e ile ya matlafatsa tumelo ya barababo rona. Ba ile ba hlokomela hore Morena, Jesu, o ile a tataisa batho ba hae hore ba tsebe nako e nepahetseng ya ho nka kgato le hore na ba lokela ho nka kgato jwang.

Dipaki tsa Democratic Republic of Congo di thabile kaha di fumane bolokolohi ba ho rapela Jehova

32 Kaha thibelo e ne e se e tlositswe, baromuwa ba ile ba dumellwa ho dula Zaire, ho ile ha hahwa mehaho e metjha ya lekala mme ofisi ya lekala e ile ya dumellwa ho amohela dingolwa tsa Bibele tse tswang dinaheng tse ding.f Bahlanka ba Modimo lefatsheng lohle ba thaba hakaakang ha ba hlokomela kamoo Jehova a sireletsang batho ba hae moyeng kateng!—Esa. 52:10.

“Jehova ke Mothusi wa Ka”

33. Re ithutang ha re hlahloba dinyewe tseo re fetileng ho tsona?

33 Ho hlahloba ha rona dinyewe tseo re fetileng ho tsona ho bontsha hore Jesu o ile a phethahatsa tshepiso ya hae e reng: “Ke tla le fa melomo le bohlale, tseo bahanyetsi bohle ba lona ba ke keng ba kgona ho di hanyetsa kapa ho di phehisa.” (Bala Luka 21:12-15.) Ka dinako tse ding, Jehova o ile a nna a hlahisa bo Gamaliele ba mehleng ya rona ho sireletsa batho ba hae kapa ho susumetsa baahlodi ba sebete le babuelli ho emela toka. Jehova o entse hore dibetsa tsa bahanyetsi ba rona di be botswa. (Bala Esaia 54:17.) Bahanyetsi ba ke ke ba thibela mosebetsi wa Modimo.

34. Ke hobaneng ha ho hlola ha rona dinyewe e le ntho e hlollang? (Sheba le lebokose le reng, “Ditlholo Tsa Bohlokwa Tsa Lekgotla le Phahameng Tse Ileng Tsa Ntshetsa Mosebetsi wa Boboledi Pele.”

34 Ke hobaneng ha ho hlola ha rona dinyewe e le ntho e hlollang? Nahana ka sena: Dipaki Tsa Jehova hase batho ba hlaheletseng kapa ba tummeng. Ha re voute, ha re tshehetse matsholo a dipolotiki ebile ha re leke ho susumetsa boradipolotiki. Ho feta moo, ba bang ba rona ba iswang makgotleng a phahameng ba nkwa e le batho “ba sa rutehang le ba tlwaelehileng.” (Lik. 4:13) Kahoo, ho ya ka pono ya batho, ha ho na letho le lekaalo le susumetsang makgotla ho re thusa le ho etsa qeto e kgahlanong le bahanyetsi ba rona ba baetapele ba bodumedi le boradipolotiki ba matla. Leha ho le jwalo, ka makgetlokgetlo makgotla a ile a nna a ema le rona! Ho hlola ha rona ho paka hore re tsamaya “ponong ya Modimo, hammoho le Kreste.” (2 Bakor. 2:17) Ke kahoo, re buang jwaloka moapostola Pauluse ha a ne a re: “Jehova ke mothusi wa ka; nke ke ka tshaba.”—Baheb. 13:6.

a Nyewe ya Cantwell e kgahlanong le Profinse ya Connecticut, e ile ya e ba ya pele ho tse 43 tse ileng tsa hlaha ka pela Lekgotla le Phahameng la United States tseo Morabo rona Hayden Covington a ileng a emela barababo rona ho tsona. O ile a hlokahala ka 1978. Mosadi wa hae Dorothy o ile a tshepahala ho fihlela a hlokahala ka selemo sa 2015 a le dilemo di 92.

b Qoso eo e ne e thehilwe molaong o ileng wa thehwa ka 1606. O ile wa laela lekgotla hore motho a phatlalatswe a le molato haeba lekgotla le hlokomela hore seo a se buileng se hlohlelletsa lehloyo—le hoja seo motho eo a se buileng e le nnete.

c Ka 1950, basebeletsi ba nako e tletseng ba 164 ba ne ba sebeletsa Quebec—ho akarelletsa baithuti ba 63 ba fumaneng mangolo a Gileade ba ileng ba ithaopela kabelo eo ho sa tsotellehe kganyetso e matla e neng e larile ka pele.

d Morabo rona W. Glen How e ne e le mmuelli ya sebete, ho tloha ka 1943 ho ya ho 2003, ya ileng a emela Dipaki Tsa Jehova dinyeweng tse makgolo Canada le dinaheng tse ding.

e E le hore o fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le nyewe ena, sheba sehlooho se reng, “Ntwa Hase ya Lona, Empa ke ya Modimo” Tsoheng! ya April 22, 2000 ya Senyesemane, leqepheng la 18-24.

f Lebotho la Tshireletso le ile la tswa mohahong wa lekala mme mehaho e metjha ya lekala e ile ya hahwa sebakeng se seng.

Mmuso ke wa Sebele Hakae ho Wena?

  • Makgotla a ile a fihlela jwang qeto ya hore re basebeletsi ba Bakreste, eseng batho ba dikgathatso, ba hlohlelletsang lehloyo, kapa ba rekisang?

  • Ho hlola ha rona dinyewe tse fetileng ho re thusa jwang kajeno?

  • Ha mosebetsi wa rona o thibelwa, re etsang?

  • Ho latela pono ya batho, ke hobaneng ha e le ho hlollang hore ebe batho ba Jehova ba ile ba nna ba hlola dinyewe tse ngata hakaale tsa bohlokwa?

  • Ho hlahloba dinyewe tsee ho matlafaditse tumelo ya hao jwang?

Stara Pazova, Serbia

DITLHOLO TSA BOHLOKWA TSA LEKGOTLA LE PHAHAMENG TSE ILENG TSA NTSHETSA MOSEBETSI WA BOBOLEDI PELE

QETO La 11 November, 1927

NAHA Switzerland

BOTHATA Tokoloho ya bodumedi.

DINTLHA Ha Morabo rona Adolf Huber a le mosebetsing wa boboledi, o ile a emiswa ke lepolesa le ileng la mo qosa ka hore o sitisa batho ba nang le bodumedi ba bona mme le ile la nka dipampitshana tsa hae.

KAHLOLO Morabo rona Huber o ile a tlaleha seo lepolesa leo le ileng la se etsa Lekgotleng le Phahameng. Lekgotla le ile la fihlela qeto ya hore ho nkela motho dipampitshana tsa bodumedi ke ho hatakela “tokelo ya hae ya ho ba le bodumedi.”

PHELLO Qeto eo e ile ya etsa hore mapolesa a kgaotse ho sitisa Baithuti ba Bibele ha ba le mosebetsing wa boboledi.

QETO La 9 July, 1935

NAHA Romania

BOTHATA Bolokolohi ba ho itlhalosa.

DINTLHA Ho ile ha tshwarwa Dipaki tse tsheletseng ka lebaka la ho aba dibuka tse “sitisang tsamaiso e laolehileng ya setjhaba le tshireletseho ya naha.” Barababo rona ba ile ba ahlolelwa ho hlola tjhankaneng matsatsi a 15.

KAHLOLO Lekgotla le Phahameng le ile la etsa qeto ya hore Dipaki di etsa mosebetsi wa tsona ka kgotso, dingolwa tsa tsona ha di kotsi setjhabeng mme di na le tokelo ya ho buisana le batho ba bang ka seo di se dumelang.

PHELLO Kahlolo ena hammoho le dikahlolo tse ding tse ileng tsa dihuwa dinyeweng tse ka bang 530 tse ileng tsa mamelwa ho tloha ka 1933 ho ya ho 1939, tse amang Dipaki e ile ya etsa hore barababo rona ba tswele pele ba etsa mosebetsi wa boboledi. Hona jwale mosebetsi wa boboledi o etswa ka bolokolohi.

QETO La 17 March, 1953

NAHA Netherlands

BOTHATA Bolokolohi ba ho itlhalosa le ba ho phatlalatsa ditaba.

DINTLHA Morabo rona Pieter Havenaar o ile a tshwarwa ka lebaka la ho tlola molao o bolelang hore dingolwa di lokela ho fuwa batho ka Labobedi le Laboraro feela, ho tloha ka hora ya 9 ho isa ho ya 11 hoseng.

KAHLOLO Lekgotla le Phahameng le ile la fumana hore thibelo eo e ne e tla ama le dingolwa tse ding tseo eseng tsa Dipaki.

PHELLO Kahlolo ena e hlakola molao leha e le ofe o sitisang tokelo ya batho ya ho aba dingolwa ka hohle kamoo ba ka kgonang.

QETO La 6 October, 1953

NAHA Canada

BOTHATA Bolokolohi ba borapedi le ba ho itlhalosa.

DINTLHA Molao wa Profinse ya Quebec o ile wa thibela batho ho fana ka dingolwa ntle le tumello ya sepolesa. Molebedi ya tsamayang Laurier Saumur, o ile a hlola dikgwedi tse tharo tjhankaneng ka lebaka la ho tlola molao oo.

KAHLOLO Lekgotla le Phahameng le ile la fumana molao oo o kgahlanong le Dipaki o sa dumellwe ke molao. Lekgotla le ile la hlokomela hore ho fana ka dingolwa tsa Bibele phatlalatsa ke karolo ya borapedi ba Dipaki Tsa Jehova ebile ke tokelo e sireleditsweng ke molaomotheo wa naha.

PHELLO Qeto eo e ile ya qhelela ka thoko diqoso tse ka hodimo ho 1 600 profinseng ya Quebec.

QETO La 13 July, 1983

NAHA Serbia

BOTHATA Bolokolohi ba ho itlhalosa le ba ho phatlalatsa ditaba.

DINTLHA Baradibabo rona ba babedi ba ile ba tshwarwa ka lebaka la ho fana ka dingolwa tsa Bibele. Ba ile ba qosetswa ho “sitisa tsamaiso e laolehileng ya setjhaba” mme ba ile ba hlola matsatsi a mahlano tjhankaneng.

KAHLOLO Lekgotla le Phahameng ha le a ka la fumana bopaki ba hore baradibabo rona ba tlotse molao le hore ba sitisa kgotso setjhabeng.

PHELLO Ka mora ho hlola nyewe ena, barababo rona ha ba a ka ba hlola ba tshwarwa le ho nkelwa dingolwa kgafetsa.

QETO La 26 May, 1986

NAHA Turkey

BOTHATA Bolokolohi ba bodumedi.

DINTLHA Ka mora hore malapa a mararo a kope ho ingodisa e le Dipaki Tsa Jehova, bara le baradibabo rona ba 23 ba ile ba kwallwa ka lebaka la ho sitisa tsamaiso e laolehileng ya setjhaba le ya dipolotiki.

KAHLOLO Lekgotla le Phahameng le ile la fedisa diqoso tseo, la phatlalatsa hore Dipaki ha di molato, mme la tshehetsa tokelo ya hore Dipaki Tsa Jehova di be le bolokolohi ba bodumedi.

PHELLO Qeto eo e ile ya etsa hore Dipaki di se ke tsa hlola di tshwarwa ha di etsa mosebetsi wa Bokreste mme ya etsa hore baahi bohle ba Turkey ba be le bolokolohi ba bodumedi.

QETO La 25 May, 1993

NAHA Greece

BOTHATA Bolokolohi ba ho buisana le ba bang ka bodumedi.

DINTLHA Ka 1986, Morabo rona Minos Kokkinakis o ile a tshwarwa ka lekgetlo la bo18 e le ha a qosetswa ho buisana le batho ba bang ka bodumedi ba hae. Ho tloha ka 1938 ho ya ho 1992, ho ile ha tshwarwa Dipaki Tsa Jehova tse 19 000 ka lebaka la molao wa naha ya Greece o neng o thibela batho ho buisana le ba bang ka bodumedi ba bona.

KAHLOLO Lekgotla la Europe la Ditokelo Tsa Botho le ile la fumana hore ho hataketswe tokelo ya bolokolohi ba puo, ba ho etsa diqeto ho latela letswalo la motho le ba hore motho a bonahatse seo a se dumelang; hore mmuso o ne o sa lokela ho kenakenana le tokelo ya hore batho ba buisane le ba bang ka tumelo ya bona mme le ile la tshehetsa boemo ba Dipaki Tsa Jehova ba ho ba “bodumedi bo molaong.”

PHELLO Mmuso wa Greece o ile wa laela makgotla a molao a naha hore Morabo rona Kokkinakis a se ke a hlola a qoswa ka lebaka la ho buisana le ba bang ka bodumedi ba hae.

QETO La 17 June, 2002

NAHA United States

BOTHATA Bolokolohi ba ho itlhalosa.

DINTLHA Motse wa Stratton o profinseng ya Ohio, o ile wa ntsha molao o neng o laela hore motho e mong le e mong ya neng a kopanela mosebetsing wa ntlo le ntlo, a be le tumello ya sepolesa. Makgotla a dinyewe le a maipiletso a ile a fumana hore molao oo o ne o le tumellanong le molaomotheo wa naha.

KAHLOLO Lekgotla le Phahameng le ile la nyahlatsa molao oo hobane o se tumellanong le molaomotheo wa naha mme le ile la hatisa hore batho ba na le bolokolohi ba bodumedi le ba ho itlhalosa. Lekgotla le ile la bolela hore Dipaki di ile tsa hlalosa hore “mosebetsi wa tsona wa boboledi o thehilwe ka Mangolong.”

PHELLO Metse e meng e makgolo e ile ya kgaotsa ho sebedisa melao e tshwanang le oo e thibelang Dipaki Tsa Jehova ho etsa mosebetsi wa tsona wa ho bolela.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share