LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • kr kgao. 20 maq. 209-219
  • Tshebeletso ya ho Thusa Nakong ya Dikoduwa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Tshebeletso ya ho Thusa Nakong ya Dikoduwa
  • Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Ke Hobaneng ha ho Thusa Nakong ya Dikoduwa e le “Tshebeletso e Halalelang”?
  • Ke Hobaneng ha re Thusa Nakong ya Dikoduwa?
  • Tshebeletso ya ho Thusa Nakong ya Dikoduwa e Tlisa Melemo
  • Na o ka Kenya Letsoho?
  • Ka Moo o ka Thusang ka Teng ha ho Hlaha Koduwa
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Ho Phallela ba Wetsweng ke Dikoduwa ka 2023—“Re a Bona Hore Jehova o a re Rata”
    Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
  • Ho Tshehetsa Mmuso​—⁠Ho Haha Dibaka Tsa Borapedi le ho Fana ka Thuso Nakong ya Dikoduwa
    Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Ho Phallela ba Wetsweng ke Dikoduwa
    Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
Tse Ding
Mmuso wa Modimo o a Busa!
kr kgao. 20 maq. 209-219

KGAOLO YA 20

Tshebeletso ya ho Thusa Nakong ya Dikoduwa

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Ho bontsha lerato la Bokreste nakong ya dikoduwa

1, 2. (a) Bakreste ba Judea ba ile ba tobana le bothata bofe? (b) Bakreste ba Judea ba ile ba bontshwa lerato jwang?

HOO e ka bang ka selemo sa 46, Judea e ile ya hlaselwa ke tlala ya bojadikata. Barutuwa ba Kreste ba Bajuda ba neng ba dula moo ba ne ba hloka dijo kaha theko ya tsona e ne e phahame haholo hobane di ne di fokola. Ba ne ba lapile, ba tjametswe ke tlala ya bojadikata. Leha ho le jwalo, ba ne ba le mothating wa ho bona ha Jehova a ba sireletsa ka tsela eo a e so ka a ba sireletsa ka yona pele. Ho ile ha etsahalang?

2 Ka lebaka la ho utlwela barababo bona ba Bajuda ba Jerusalema le Judea bohloko, Bakreste ba Bajuda le ba Baditjhaba ba neng ba dula Antioke le Syria, ba ile ba bokella tjhelete bakeng sa ho ya thusa badumedimmoho le bona. Ba ile ba kgetha barababo rona ba babedi ba ikarabellang e leng, Barnabase le Saule ho isa diphallelo tseo ho baholo ba phutheho ya Jerusalema. (Bala Liketso 11:27-30; 12:25.) A ko nahane kamoo barababo rona ba Judea ba ileng ba ikutlwa kateng ka lerato leo barababo bona ba Antioke ba ileng ba ba bontsha lona!

3. (a) Kajeno batho ba Modimo ba latela mohlala wa Bakreste ba Antioke jwang? Fana ka mohlala. (Sheba le lebokose le reng, “Letsholo la Pele le Leholo la Diphallelo la Mehleng Ena.”) (b)  Re tla hlahloba dipotso dife kgaolong ye?

3 Ketsahalo eo, e ileng ya etsahala mehleng ya baapostola, ke ketsahalo ya pele e tlalehilweng moo Bakreste ba dulang naheng e nngwe ba romelang diphallelo ho Bakreste ba bang ba dulang naheng e nngwe. Kajeno, re latela mohlala wa barababo rona ba Antioke. Ha re utlwa hore Bakrestemmoho le rona ba hlahetswe ke koduwa kapa bothata bo itseng, rea ba thusa.a E le hore re utlwisise hore na ho thusa ha rona nakong ya dikoduwa ho amana jwang le tshebeletso ya Bokreste, a re hlahlobeng dipotso tse tharo tse mabapi le tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa: Ke hobaneng ha re nka mosebetsi wa rona wa ho thusa nakong ya dikoduwa e le tshebeletso? Ke hobaneng ha re thusa nakong ya dikoduwa? Re rua molemo jwang tshebeletsong ya rona ya ho thusa nakong ya dikoduwa?

Ke Hobaneng ha ho Thusa Nakong ya Dikoduwa e le “Tshebeletso e Halalelang”?

4. Pauluse o ile a reng ho Bakorinthe ha a bua ka tshebeletso ya Bokreste?

4 Lengolong la hae la bobedi le yang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a hlalosa hore tshebeletso ya Bakreste e habedi. Le hoja lengolo la Pauluse le ne le lebisitswe ho Bakreste ba tlotsitsweng, kajeno mantswe a hae a sebetsa le ho “dinku tse ding” tsa Kreste. (Joh. 10:16) Karolo e nngwe ya tshebeletso ya rona ke “bosebeletsi ba [tshebeletso ya] poelano,” e leng mosebetsi wa rona wa ho bolela le wa ho ruta. (2 Bakor. 5:18-20; 1 Tim. 2:3-6) Karolo e nngwe e akarelletsa tshebeletso eo re e etsetsang badumedimmoho le rona. Ka ho toba, Pauluse o ne a bua ka “tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa.” (2 Bakor. 8:4) Dipolelo tse pedi tse reng, “bosebeletsi ba [tshebeletso ya] poelano” le “tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa,” di fetoletswe lentsweng la Segerike, e leng di·a·ko·niʹa. Ke hobaneng ha seo e le sa bohlokwa?

5. Ke hobaneng ha e le habohlokwa hore ebe Pauluse o ile a re, ho thusa nakong ya dikoduwa ke tshebeletso?

5 Ka ho sebedisa lentswe le tshwanang la Segerike ha a bua ka mesebetsi ena e mmedi, Pauluse o ne a bontsha hore tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa e tshwana le mefuta e meng ya tshebeletso e neng e etswa diphuthehong tsa Bokreste. Pejana o ile a re: “Ho na le bosebeletsi bo sa tshwaneng, leha ho le jwalo ho na le Morena ya tshwanang; ho na le liketso tse sa tshwaneng, . . . Empa liketso tsena tsohle di etswa ke moya o tshwanang.” (1 Bakor. 12:4-6, 11) Ha e le hantle, Pauluse o ne a amahanya mefuta e fapaneng ya tshebeletso le “tshebeletso e halalelang.”b (Bar. 12:1, 6-8) Ha ho makatse hore e be o ne a sebedisa nako e nngwe ya hae molemong wa ho “sebeletsa bahalaledi”!—Bar. 15:25, 26.

6. (a) Ke hobaneng ha Pauluse a re ho thusa nakong ya dikoduwa ke karolo ya borapedi ba rona? (b) Hlalosa kamoo mosebetsi wa ho thusa nakong ya dikoduwa o etswang kateng lefatsheng lohle kajeno. (Sheba lebokose le reng “Ha ho e ba le Koduwa!” leqepheng la 214.)

6 Pauluse o ile a thusa Bakorinthe hore ba utlwisise hore na ke hobaneng ha ho thusa nakong ya dikoduwa e le karolo ya tshebeletso ya bona le borapedi ba bona ho Jehova. Hlokomela lebaka la hae: Bakreste ba a thusana nakong ya dikoduwa hobane ba “ipeha tlasa ditaba tse molemo tse mabapi le Kreste.” (2 Bakor. 9:13) Kaha ba na le takatso e matla ya ho sebedisa seo ba ithutang sona dithutong tsa Kreste, Bakreste ba thusa badumedimmoho le bona. Pauluse o ile a re liketso tse mosa tseo ba di etsetsang barababo bona, ha e le hantle ke ho bontsha “mosa o sa tshwanelang o fetisisang wa Modimo.” (2 Bakor. 9:14; 1 Pet. 4:10) Kahoo, ha makasine ya The Watchtower ya December 1, 1975, e bua ka ho thusa barababo rona, ho akarelletsa ho ba thusa nakong ya dikoduwa, e ile ya re: “Ha rea lokela ho belaela hore Jehova Modimo le Mora wa hae Jesu Kreste ba nka tshebeletso ena e le ya bohlokwa haholo.” Ruri, ho thusa nakong ya dikoduwa ke mofuta wa bohlokwa wa tshebeletso e halalelang.—Bar. 12:1, 7; 2 Bakor. 8:7; Baheb. 13:16.

Ke Hobaneng ha re Thusa Nakong ya Dikoduwa?

7, 8. Ke hobaneng ha re thusa nakong ya dikoduwa? Hlalosa.

7 Ke hobaneng ha re thusa nakong ya dikoduwa? Pauluse o ile a araba potso eo lengolong la bobedi leo a ileng a le ngolla Bakorinthe. (Bala 2 Bakorinthe 9:11-15.) Ditemaneng tsena, Pauluse o hlalosa mabaka a mararo a ka sehloohong a ho kopanela ‘tshebeletsong ena ya phatlalatsa,’ e leng tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa. A re hlahlobeng mabaka ao.

8 La pele, tshebeletso ya ho thusa nakong ya dikoduwa e tlotlisa Jehova. Hlokomela kamoo Pauluse a buang ka Jehova Modimo hangata kateng ho barababo ditemaneng tse hlano tse bontshitsweng ka hodimo. O ba hopotsa ka “polelo ya teboho ho Modimo” le ka “dipolelo tse ngata tsa teboho ho Modimo.” (Temana ya 11, 12) O hlalosa kamoo ho thusa nakong ya dikoduwa ho etsang hore Bakreste ba ‘tlotlise Modimo’ kateng le ho rorisa “mosa o sa tshwanelang o fetisisang wa Modimo.” (Temana ya 13, 14) Pauluse o ile a phethela puisano ya hae ka ho re: “Ho lebohuwe Modimo.”—Temana ya 15; 1 Pet. 4:11.

9. Ho thusa nakong ya dikoduwa ho ile ha fetola batho ba bang jwang? Fana ka mohlala.

9 Jwaloka Pauluse, bahlanka ba Modimo kajeno ba dumela hore ho thusa nakong ya dikoduwa ho tlotlisa Jehova mme ho kgabisa dithuto tsa hae. (1 Bakor. 10:31; Tite 2:10) Ha e le hantle, tshebeletso ena e etsa hore batho ba neng ba e na le maikutlo a fosahetseng ka Jehova le Dipaki tsa hae, ba fetohe. Ka mohlala: Mosadi e mong ya dulang sebakeng se ileng sa otlwa ke lehodiotswana o ne a behile saene monyakong wa hae e reng: “Dipaki Tsa Jehova—Le se ke la Kena.” Ka letsatsi le leng o ile a bona basebetsi ba lokisa ntlo ya moahisani wa hae e neng e senyehile. O ile a qeta matsatsi a ntse a shebile basebetsi bao ha ba ntse ba sebetsa mme o ile a ya botsa hore na ke bomang. Ha a fumana hore baithaopi bao ke Dipaki Tsa Jehova, o ile a kgahlwa ke seo mme a re: “Ke ne ke e na le maikutlo a fosahetseng ka lona.” O ile a etsang? O ile a tlosa saene monyakong wa hae.

10, 11. (a) Ke mehlala efe e bontshang hore ha re thusa nakong ya dikoduwa re “fana haholo ka ditlhoko” tsa badumedimmoho le rona? (b) Ke bukana efe e thusang basebetsi ba thusang nakong ya dikoduwa? (Sheba lebokose le reng “Bukana ya Basebetsi ba Thusang Nakong ya Koduwa.”)

10 La bobedi, re “fana haholo ka ditlhoko” tsa badumedimmoho le rona. (2 Bakor. 9:12a) Re ikemiseditse ho fa bara le baradibabo rona ba anngweng ke dikoduwa seo ba se hlokang le ho ba thusa. Hobaneng? Hobane ditho tsa phutheho ya Bokreste ke “mmele o le mong” mme “haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona.” (1 Bakor. 12:20, 26) Ke ka hona lerato la Bokreste le kutlwelo bohloko di etsang hore bara le baradibabo rona ba bangata kajeno hore ka potlako ba hlophise maemo a bona a bophelo, ba bokelle disebediswa tsa bona mme ba ye dibakeng tse anngweng ke dikoduwa e le hore ba thuse badumedimmoho le bona. (Jak. 2:15, 16) Ka mohlala, ka mora hore tsunami e otle Japane ka 2011, ofisi ya lekala ya United States e ile ya romella Dikomiti Tsa Kaho Tsa Mabatowa tse United States lengolo le neng le kopa hore “barababo rona ba mmalwa ba nang le boiphihlelo” ba ilo thusa ho haha Diholo Tsa Mmuso tse senyehileng. Ba ile ba arabela jwang? Ho e so ye kae, hoo e ka bang baithaopi ba 600 ba ile ba kopa ho ya thusa mme ba dumela hore ba tla itefella ho ya Japane! Ofisi ya lekala ya United States e ile ya re: “Re ile ra hlollwa ke karabelo eo re e fumaneng.” Ha morabo rona wa Mojapane a botsa e mong wa baithaopi hore na ke hobaneng ha a tlilo thusa, moithaopi eo o ile a re: “Barababo rona ba Japane ke karolo ya ‘mmele wa rona.’ Re utlwa bohloko boo ba bo utlwang.” Ka dinako tse ding, baithaopi bao ba susumetswang ke lerato le hlokang boithati, ba ile ba nna ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba thuse badumedimmoho le bona.c—1 Joh. 3:16.

Switzerland, ka 1946

LETSHOLO LA PELE LE LEHOLO LA DIPHALLELO LA MEHLENG ENA

KA September 1945, dikgwedi tse seng kae feela ka mora hore Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e lale Europe, Morabo rona Knorr o ile a phatlalatsa ho thakgolwa ha letsholo le leholo la ho romela “diphallelo ho barababo rona ba hlokang, ba dulang Europe bohareng.”

Dibeke tse mmalwa ka mora tsebiso eo, Dipaki tsa Canada, tsa United States le tsa dinaheng tse ding di ile tsa qala ho bokella diaparo le dijo. Ho tloha ka January 1946 ho ya pele, ho ile ha romelwa dintho ho badumedimmoho le rona ba Austria, Belgium, Bulgaria, China, Czechoslovakia, Denmark, Engelane, Finland, Fora, Jeremane, Greece, Hungary, Italy, Netherlands, Norway, Philippines, Poland le Romania.

Letsholo lena le ile la tswela pele ka dilemo tse pedi le halofo! Ka nako eo, bara le baradibabo rona ba ka bang 85 000 ba ile ba romela dijo tsa dikhilograma tse ka bang 300 000, diphahlo tsa boima ba dikhilograma tse ka bang 450 000 le dieta tse fetang 124 000 ho bara le baradibabo rona ba dinaheng tse otlilweng ke ntwa. Ka August 1948, letsholo lena le leholo le ile la fela. Makasine ya The Watchtower ya 1949 e ile ya re: “Ka sebele barababo rona ba ile ba bontshana lerato. Rea tseba hore barababo rona bohle ba entse sena molemong wa ho tlotlisa Morena mme ba a tseba hore diphallelo tsena di tla thusa ba bang hore ba ntshetse pele borapedi ba bona; kahoo ba ile ba thabela ho sebeletsa barababo bona ka tsela ena.” Letsholo lena le ile la rorisa Jehova, la thusa badumedimmoho le rona la ba la tiisa maqhama a bonngwe hara barababo rona lefatsheng lohle.

11 Batho bao eseng Dipaki le bona ba ananela mosebetsi wa rona wa ho thusa nakong ya dikoduwa. Ka mohlala, ka mora hore koduwa e hlahe profinseng ya Arkansas, U.S.A., ka 2013, koranta e nngwe e ile ya tlaleha ka tsela eo baithaopi ba Dipaki ba arabelang ka potlako ka yona mme ya re: “Baithaopi ba Dipaki Tsa Jehova ba hlophisehile ebile ba etsa mosebetsi wa bona ka bokgabane.” Ka sebele, jwalokaha moapostola Pauluse a ile a bontsha, re “fana haholo” ho barababo rona ba hlokang.

12-14. (a) Ke hobaneng ha e le habohlokwa hore barababo rona ba kgutlele kemisong ya bona ya dintho tsa moya ka mora koduwa? (b) Keng seo ba bang ba ileng ba se bua se bontshang bohlokwa ba ho etsa dintho tsa moya?

12 La boraro, re thusa ba anngweng ke koduwa hore ba kgutlele kemisong ya bona ya dintho tsa moya. Ke hobaneng ha see e le sa bohlokwa? Pauluse o ile a hlalosa hore batho ba fumanang thuso nakong ya dikoduwa ba tla ikutlwa ba tlameha ho etsa “dipolelo tse ngata tsa teboho ho Modimo.” (2 Bakor. 9:12b) Ha ho na tsela e nngwe e molemo eo ba anngweng ke dikoduwa ba ka lebohang Jehova ka yona ha e se ho kgutlela kemisong ya bona ya dintho tsa moya kapele kamoo ho ka kgonehang kateng. (Bafil. 1:10) Ka 1945 makasine ya The Watchtower e ile ya re: “Pauluse o ile a dumela . . . hore ho bokellwe menehelo hobane e ne e thusa . . . Bakreste ba hlokang hore ba be le dintho tseo ba di hlokang e le hore ba kopanele ka mafolofolo mosebetsing wa Jehova wa ho paka.” Morero wa rona o ntse o tshwana le kajeno. Ha barababo rona ba kgutlela mosebetsing wa boboledi, ha ba matlafatse baahelani ba bona ba anngweng ke dikoduwa feela, empa le bona ba a imatlafatsa.—Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.

13 Nahana ka seo batho ba ileng ba fumana thuso nakong ya dikoduwa le ho matlafatswa ke ho kopanela mosebetsing wa boboledi ba ileng ba se bua. Morabo rona o ile a re, “Lelapa la rona le ile la thaba haholo ha le kopanela mosebetsing wa boboledi. Ha re ntse re leka ho tshedisa batho ba bang, re ile ra kgaotsa ho tshwenyeha ka mathata a rona.” Moradi wabo rona o ile a re: “Ho tsepamisa kelello ya ka dinthong tsa moya ho ile ha etsa hore ke se ke ka tshwenyeha haholo ka mahlomola ao ke neng ke le ho ona. Ke ile ka ikutlwa ke sireletsehile.” Moradi wabo rona e mong o ile a re: “Le hoja ho ne ho se letho leo re ka le etsang ka boemo boo re neng re le ho bona, boboledi bo ile ba etsa hore bophelo ba lelapa la rona bo be le morero. Ho bua le batho ba bang ka tshepo ya ho phela lefatsheng le letjha ho ile ha matlafatsa tumelo ya rona tshepisong ya Modimo ya hore o tla ntjhafatsa dintho tsohle.”

14 Ho ba teng dibokeng ke e nngwe ya dintho tsa moya tseo barababo rona ba anngweng ke dikoduwa ba lokelang ho di etsa kapele kamoo ho ka kgonehang kateng. Nahana ka se ileng sa etsahalla Kiyoko, e leng moradi wabo rona ya neng a le dilemo tse ka hodimo ho 50 ka nako eo. Ka mora hore tsunami e otle, o ile a sala ka diaparo tseo a neng a di apere le dieta tseo a neng a di rwetse feela mme o ne a tsielehile a sa tsebe hore na o tla phela jwang. Morabo rona e mong o ile a mo bolella hore ba tla tshwarela seboka sa letsatsi leo ka koloing ya hae. Kiyoko o re: “Nna le moradi wabo rona e mong re ile ra dula ka koloing re e na le moholo eo le mosadi wa hae. Seboka seo se ne se se na dintlha tse ngata, empa jwalokaha eka ke ka mohlolo, se ile sa etsa hore ke lebale ka tsunami eo. Ke ile ka ikutlwa ke e na le kgotso ya kelello. Seboka seo se ile sa mpontsha bohlokwa ba ho bokana hammoho re le Bakreste.” Ha a bua ka diboka tseo a ileng a ya ho tsona ka mora koduwa e ileng ya hlaha, moradi wabo rona e mong o ile a re: “Di ile tsa nthusa ho re ke mamelle!”—Bar. 1:11, 12; 12:12.

Tshebeletso ya ho Thusa Nakong ya Dikoduwa e Tlisa Melemo

15, 16. (a) Ke melemo efe eo Bakreste ba Korinthe le ba dibakeng tse ding ba neng ba tla e fumana ha ba fana ka thuso nakong ya dikoduwa? (b) Re rua molemo jwang ha re thusa ka tsela e tshwanang kajeno?

15 Ha a bua ka tshebeletso ena ya ho thusa nakong ya dikoduwa, Pauluse o ile a hlalosetsa Bakorinthe ka melemo eo bona hammoho le Bakreste ba bang ba neng ba tla e fumana ha ba kopanela tshebeletsong ena. O ile a re: “Ka thapedi bakeng sa lona [Bakreste ba Bajuda ba Jerusalema ba ileng ba fumana thuso] ba a le hlolohelwa [ba a le rata] ka lebaka la mosa o sa tshwanelang o fetisisang wa Modimo ho lona.” (2 Bakor. 9:14) Ka sebele, moya wa ho fana oo Bakorinthe ba neng ba e na le wona o ne o tla etsa hore Bakreste ba Bajuda ba rapelle barababo bona ba Korinthe hammoho le ba Baditjhaba mme seo se ne se tla etsa hore ba ba rate le ho feta.

16 Ha makasine ya The Watchtower ya December 1, ya 1945 e bua ka mantswe a Pauluse a mabapi le melemo ya ho etsa tshebeletso ena, e ile ya re: “A ko nahane ka bonngwe bo bang teng ha batho ba Modimo ba thusana!” Ke sona seo basebetsi ba thusang nakong ya dikoduwa ba se bonang kajeno. Moholo e mong ya ileng a thusa moo ho bileng le morwallo o ile a re: “Ho thusa nakong ya dikoduwa ho entse hore ke ikutlwe ke atamelane haholo le barababo rona ho feta leha e le neng pele.” Moradi wabo rona e mong ya ileng a fumana thuso o ile a re: “Mokgatlo wa rona wa bara ba motho o etsa hore re ikutlwe eka re se re le Paradeiseng.”—Bala Liproverbia 17:17.

17. (a) Mantswe a ho Esaia 41:13 a phethahala jwang mosebetsing wa ho thusa nakong ya dikoduwa? (b) Bolela mehlala e meng e bontshang kamoo ho thusa nakong ya dikoduwa ho tlotlisang Jehova le ho matlafatsa bonngwe ba rona kateng. (Sheba lebokose le reng “Baithaopi ba Lefatsheng Lohle ba Thusa Nakong ya Dikoduwa.”)

17 Ha basebetsi ba fihla moo ho nang le koduwa, barababo rona ba anngweng ke koduwa eo ba bona ho phethahala ha mantswe a Modimo ka tsela e ikgethang, a reng: “Nna, Jehova Modimo wa hao, ke o tshwara ka letsoho la hao le letona, ke nna Ya reng ho wena, ‘O se ke wa tshoha. Ke tla o thusa.’” (Esa 41:13) Ka mora ho phonyoha koduwa, moradi wabo rona e mong o ile a re: “Ke ile ka fellwa ke tshepo ha ke bona tshenyo e bakilweng ke koduwa eo, empa Jehova o ile a ntshwara ka letsoho. Ha ke kgone ho hlalosa tsela eo ke ileng ka ikutlwa ka yona ha barababo rona ba ne ba nthusa.” Ka mora hore koduwa e hlahe sebakeng sa habo bona, baholo ba bang ba babedi ba ile ba ngola ba re: “Tshisinyeho ya lefatshe e ile ya re utlwisa bohloko haholo, empa Jehova o ile a re thusa a sebedisa barababo rona. Re ne re ile ra utlwela ka mosebetsi wa ho thusa nakong ya dikoduwa, empa hona jwale re inwesa ka nkgo.”

O ILE WA ETSA HORE BOPHELO BA KA BO BE LE MORERO

HO KENYA letsoho letsholong la diphallelo ho ka ama batjha jwang? A re hlahlobeng se ileng sa etsahalla Peter Johnson, ya ileng a qala ho etsa mosebetsi ona ha a le dilemo di 18. O re: “Ke ile ka angwa haholo ke tsela eo barababo rona ba neng ba ananela ka yona le thabo eo ke neng ke e fumana ha ke fana. Seo se ile sa etsa hore ke be le takatso e matla ya ho sebeletsa Jehova kahohle kamoo nka kgonang kateng.” Ka mora moo, Peter o ile a qala ho ba pulamadiboho. O ile a boela a sebeletsa Bethele mme hamorao o ile a qala ho sebeletsa e le setho sa Komiti ya Kaho ya Lebatowa. Hona jwale Peter o re: “Ke ile ka qala ho etsa mosebetsi wa diphallelo ka lekgetlo la pele morao kwana ka 1974 mme o ile wa etsa hore bophelo ba ka bo be le morero.” Na o motjha? Na o ka latela mohlala wa Peter? Mosebetsi wa ho thusa nakong ya dikoduwa o ka etsa hore le wena bophelo ba hao bo be le morero ha o ntse o sebeletsa Jehova!

Na o ka Kenya Letsoho?

18. O ka etsang haeba o batla ho kenya letsoho mosebetsing wa ho thusa nakong ya dikoduwa? (Sheba le lebokose le reng, “O Ile wa Etsa Hore Bophelo ba ka bo be le Morero.”)

18 Na o ka rata ho ba le thabo e tliswang ke ho thusa nakong ya dikoduwa? Haeba ho jwalo, hopola hore hangata basebetsi ba thusang nakong ya dikoduwa ba kgethwa hara batho ba sebetsang kahong ya Diholo Tsa Mmuso. Kahoo, bolella baholo ba phutheho ya heno hore o batla ho tlatsa foromo. Moholo e mong ya nang le boiphihlelo mosebetsing wa ho thusa nakong ya dikoduwa o fana ka kgopotso ena: “Pele o ka ya sebakeng seo ho nang le koduwa ho sona, emela hore o mengwe ke Komiti ya Diphallelo.” Haeba re etsa seo, mosebetsi wa rona o tla tswela pele ho etswa ka tsela e hlophisehileng.

19. Basebetsi ba thusang nakong ya dikoduwa ba bontsha jwang hore re balatedi ba nnete ba Kreste?

19 Ka sebele, ho thusa nakong ya dikoduwa ke tsela e babatsehang ya ho bontsha hore re mamela taelo ya Kreste ya hore re “ratane.” Ha re ratana, re bontsha hore re balatedi ba nnete ba Kreste. (Joh 13:34, 35) Ke tlhohonolofatso e kaakang kajeno hore ebe re na le baithaopi ba bangata ba tlotlisang Jehova ha ba ntse ba fana ka thuso ho batho ba tshehetsang Mmuso wa Modimo ka botshepehi!

a Kgaolo ena e hlahloba ditsela tseo badumedimmoho le rona ba thuswang ka tsona nakong ya dikoduwa. Leha ho le jwalo, dibakeng tse ding, re thusa le batho bao eseng Dipaki.—Bagal. 6:10

b Pauluse o ile a sebedisa lentswe di·aʹko·nos (ho sebeletsa) ha a bua ka “bahlanka ba sebeletsang.”—1 Tim. 3:12.

c Sheba sehlooho se reng “Ho Thusa Lelapa Labo Rona la Badumedi Bosnia,” kgatisong ya Molula-Qhooa wa November 1, 1994, leqepheng la 23-27.

Mmuso ke wa Sebele Hakae ho Wena?

  • Re tseba jwang hore ho thusa nakong ya dikoduwa ke ho etsetsa Jehova tshebeletso e halalelang?

  • Mabaka a mararo a ka sehloohong a ho thusa nakong ya dikoduwa ke afe?

  • Ho thusa nakong ya dikoduwa ho na le melemo efe?

  • Ho thusa nakong ya dikoduwa ho amana jwang le taelo ya Jesu e ho Johanne 13:34?

BAITHAOPI BA LEFATSHENG LOHLE BA THUSA NAKONG YA DIKODUWA

AFRIKA BOHARENG LE BOPHIRIMELA

KA 1994, batho ba ka bang 800 000 ba Rwanda, ba ile ba bolawa ntweng ya batho ba morabe o le mong. Ka mora dipolao tseo tse sehloho, ho ile ha e ba le dintwa dinaheng tse ding tsa Afrika Bohareng mme seo se ile sa etsa hore ho be le tshubuhlellano dikampong tsa baphaphathehi. Dipaki Tsa Jehova tsa Belgium, Fora le Switzerland di ile tsa thusa badumedimmoho le tsona ba anngweng ke dintwa tseo ka ho romela ka sefofane dithane tse ka bang 300 tsa diaparo, meriana, ditente, dijo le dintho tse ding. Ka mora dibeke tse seng kae, diphallelo tseo di ile tsa fihla ho barababo rona ba neng ba di hloka.

Hape hona mona Afrika, ho na le sehlopha sa dingaka tse leshome tsa Dipaki le baoki ba tswang Fora se ileng sa nna sa thusa barababo rona ba anngweng ke dintwa tsa lehae, bofuma le malwetse. Dilemong tse pedi tse fetileng feela, sehlopha seo se se se thusitse bakudi ba fetang 10 000. Mosebetsi oo se o etsang o tlotlisa Jehova le mokgatlo wa hae. Mooki e mong o re: “Ha re fihla sebakeng se itseng re ilo thusa bara le baradi babo rona, batho ba bua ka tlhompho ba re, ‘Bana ke Dipaki Tsa Jehova. Ba tlilo thusa barababo bona.’” Moradiwabo rona e mong ya neng a qeta ho thuswa ke mooki, o ile a re: “Ke a leboha moradiweso. Ke a leboha, Jehova!”

Ka dinako tse ding, ho ka nna ha hlokahala thuso ha ho bile le dikotsi tse kgolo. Ka 2012, ho ile ha e ba le kotsi ya koloi Nigeria e ileng ya bolaya Dipaki tse 13, tseo kaofela ha tsona e neng e le ditho tsa phutheho e nyenyane mme tse 54 tse ding, di ile tsa tswa dikotsi tse mpe. Komiti ya diphallelo e ile ya hlophisa hore batho ba tswileng kotsi ba hlokomelwe ka dinako tsohle. Ha mokudi e mong a hlokomela kamoo bara le baradi babo rona ba neng ba hlokometswe hantle kateng, o ile a letsetsa moruti wa hae, a re: “Ha ho le ya mong kerekeng ya rona ya kileng a nketela. Tloo sepetlele o tlo bona kamoo Dipaki Tsa Jehova di bontshanang lerato kateng!”

Le hoja barababo rona ba ratehang ba phutheho eo e nyenyane ba ne ba utlwile bohloko ka lebaka la tahlehelo eo, ba ile ba tshediswa ke lerato leo badumedimmoho le bona ba ileng ba ba bontsha lona. Ho phaella moo, ka mora hore ditho tse ding tsa phutheho eo di bone tlhokomelo e lerato eo komiti ya diphallelo e e bontshitseng barababo bona ba ileng ba angwa ke kotsi eo, di ile tsa ikutlwa di tlameha ho eketsa tshebeletso ya tsona. Pele ho kotsi eo, phutheho e ne e e na le bahweletsi ba 35. Pele selemo se fela, ba ne ba se ba le 60.

AUSTRALIA

Ka 2013, metse e lebopong la Queensland e ile ya puputlwa ke morwallo o ileng wa siya Dipaki tse 70 di se na moo di dulang teng. Mark le Rhonda le moradi wa bona ba ile ba tloha ntlong ya bona e neng e tletse metsi mme ba balehela moo batho ba neng ba iswa teng e le hore ba sireletsehe. Sebaka seo se ne se tletse haholo. Rhonda o re: “Batho ba ne ba le bangata hoo ho neng ho se moo re ka dulang teng.” Lerata le thibang ditsebe la dihelikopthara tse neng di ntse di tla di tsamaya, le ne le etsa hore batho ba neng ba le moo, ba ferekane le ho feta. Kaha o ne a tshwenyehile, o ile a botsa monna wa hae a re: “Ekaba re tlo etsa jwang?” Mark o ile a rapela ka tiyo ho Jehova, a mo kopa hore a ba thuse. Rhonda o re: “Metsotso e ka bang 30 ka mora moo, ho ile ha fihla barababo rona ba bararo ba neng ba tsamaya ka koloi. Ha re kopana le bona, ba ile ba re: ‘Re tlo le lata. Le tla dula ha morabo rona e mong.’” Rhonda ha a tswela pele o re: “Ke sitwa ho hlalosa hore na re ne re thabile hakae ka nako eo ha re bona tlhokomelo e lerato e tswang mokgatlong wa Jehova.”

Baithaopi ba fetang 250 ba ile ba potlakela sebakeng seo sa koduwa e le hore ba ilo thusa barababo bona. Morabo rona e mong ya seng a hodile, o re: “Ho ile ha fihla sehlopha sa Dipaki mme se ile sa sebetsa ka thata ho lokisa ntlo ya ka. Nna le mosadi wa ka re ke ke ra lebala kamoo ba ileng ba re thusa kateng.”

BRAZIL

Ka 2008, batho ba ka bang 80 000 ba ile ba baleha matlo a bona ka lebaka la ho ritsa ha seretse le dikgohola tse ileng tsa e ba teng naheng ya Santa Catarina. Moahi e mong o ile a e tshwantsha le “tsunami ya letsopa, seretse le difate.” Barababo rona ba bang ba ile ba balehela Holong ya Kopano. Márcio eo e neng e le mohlokomedi wa holo eo, o re: “Ba ne ba setse ka diaparo tse mmeleng feela mme di ne di tletse diretse.” Moradi e mong wabo rona o re: “Ntlo ya rona e ile ya wela. Ke ile ka utlwa bohloko ha ke e bona e putlama ka nako le motsotso, empa nke ke ka lebala kamoo bara le baradi babo rona ba ileng ba re tshedisa kateng. Re ile ra bontshwa lerato haholo! Koduwa eo e ile ya nthuta bohlokwa ba ho ba le matlotlo a dintho tsa moya.”

Ka 2009, Holo ya Kopano ya Santa Catarina, Brazil, e ile ya e ba sebaka seo batho ba ileng ba balehela ho sona mme ho ne ho e na le diphallelo

Ho ritsa ha seretse ho ile ha nna ha senya dibaka tse mosikong wa thaba tse pela motse wa Rio de Janeiro. E le hore ba kgone ho thusa ha dikoduwa tsena di hlaha, barababo rona ba ile ba theha Komiti ya Diphallelo ya dinako tsohle. Ha ho bonahala eka ho tla ba le ho foqoha ha seretse, ho na le barababo rona ba hlabelang komiti ya diphallelo mokgosi. Ka ho panya ha leihlo, ho fihla baithaopi ka diteraka tse ngotsweng ka maphakong, mantswe ana: “Dipaki Tsa Jehova—Thuso ya Diphallelo.” Ditho tsohle tsa dihlopha tseo di tla le thepa yohle e hlokahalang mme di se di ntse di tseba hore di lokela ho etsang. Basebetsi ba apara dikipa tse ba kgethollang ka ho hlaka hore ke Dipaki Tsa Jehova. Ba sebetsa hammoho le barababo rona ba Dikomiti Tsa Bohokahanyi le Dipetlele ho thusa bara le baradi babo rona ba lemetseng. Baithaopi ba tlisa dijo, metsi, meriana, diaparo le dintho tse hlwekisang. Ho ntsha seretse se keneng ka tlung ke mosebetsi o moholo. Ka mora hore seretse se ritse morao tjena, ho ile ha hlokahala baithaopi ba 60 hore ba ntshe seretse se neng se ka tlala diteraka tse nne!

HO ITOKISETSA DIKODUWA

Sehlopha se Busang se ile sa kopa hore makala a lefatsheng lohle a fe baholo ba diphutheho le balebedi ba tsamayang tataiso e mabapi le ho itokisetsa le ho sebetsana le dikoduwa ha di hlaha. Ka mohlala, le pele ho e ba le koduwa baholo ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba na le boitsebiso bo nakong ba setho ka seng sa phutheho.

HA HO E BA LE KODUWA

  1. Baholo ba ikopanya le bahweletsi bohle

  2. Baholo ba tlalehela mohokahanyi wa sehlopha sa baholo

  3. Bahokahanyi ba tlalehela balebedi ba tsamayang le barababo rona ba ikarabellang ba ka ikopanyang le ofisi ya lekala

  4. Ntle ho tshenyo ya nako, ho fanwa ka dijo, metsi, bodulo, meriana mme barababo rona ba thuswa moyeng le maikutlong

  5. Ofisi ya lekala e romella Komiti ya Bahokahanyi ya Sehlopha se Busang tlaleho ya hore na boemo bo jwang le hore na ho hlokahala eng

  6. Komiti ya Diphallelo e hlophisa hore bara le baradibabo rona ba fumane dintho tseo ba di hlokang ho fihlela boemo bo loka

  7. Komiti ya Bahokahanyi e hlahloba boemo mme haeba ho hlokahala e fana ka tumello ya hore ho romellwe baithaopi ba tswang dinaheng tse ding ho ya thusa

BUKANA YA BASEBETSI BA THUSANG NAKONG YA DIKODUWA

KA June 2013 ho ile ha lokollwa bukana ya Senyesemane e bitswang Diphallelo Tsa Dipaki Tsa Jehova Nakong ya Dikoduwa. E ne e etseditswe haholoholo balaodi ba mmuso wa United States ba sebetsanang le maemo a tshohanyetso. Bukana eo e bua ka mosebetsi wa ho thusa nakong ya dikoduwa oo re ileng ra nna ra o etsa ho tloha bohareng ba dilemo tsa bo 1940. E boetse e na le mmapa o bontshang hore mosebetsi wa rona ke wa lefatshe lohle. Moholo e mong ya etsang mosebetsi wa ho hlophisa dintho tse hlokahalang nakong ya dikoduwa, o re: “Barababo rona ba sebetsang Dikomiting Tsa Diphallelo ba sebedisa bukana ena ho ikopanya le ba boholong ba dibakeng tseo ho tsona dikoduwa di hlahang habonolo. Ha ba boholong ba tlwaelana le mosebetsi wa rona wa ho thusa nakong ya dikoduwa, seo se etsa hore ho be bonolo hore re fumane tumello ya ho kena dibakeng tseo dikoduwa di hlahileng ho tsona.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share