LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 63 leq. 150-leq. 151 ser. 1
  • Mongolo Leboteng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mongolo Leboteng
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 63 leq. 150-leq. 151 ser. 1
Letsoho le ngola leboteng

THUTO YA 63

Mongolo Leboteng

Ha nako e ntse e ya, Belshatsare e ile ya e ba morena e motjha wa Babilona. Ka bosiu bo bong, o ile a mema matona a hae a sekete hore a tle moketeng. A re bahlanka ba hae ba tlise dijana tsa kgauta tseo Nebukadnezare a di nkileng tempeleng ya Jehova. Belshatsare le baeti ba hae ba nwella dijaneng tseo mme ba rorisa medimo ya bona. Yaba ka tshohanyetso, ho hlaha letsoho le leholo mme le qala ho ngola mantswe a makatsang leboteng la ntlo ya ho jela.

Belshatsare o ile a tshoha haholo. Yaba o bitsa maselamose mme o re ho ona: ‘Motho ya ka ntlhalosetsang hore na mantswe ana a bolelang, ke tla mo phahamisa boreneng ba Babilona.’ Maselamose a ile a leka ho hlalosa mantswe ao, empa a hloleha. Yaba mofumahadi o re: ‘Ho na le monna e mong ya bitswang Daniele ya neng a atisa ho hlalosetsa Nebukadnezare dintho. A ka o hlalosetsa hore na mantswe ao a bolelang.’

Ka hoo, Daniele a tla ho morena. Belshatsare a re ho yena: ‘Ha o ka ntlhalosetsa hore na mantswe ana a bolelang, ke tla o fa sefaha sa kgauta ke be ke o phahamise boreneng ba Babilona.’ Daniele a re: ‘Ha ke batle dimpho tsa hao empa ke tla o bolella hore na mantswe ana a bolelang. Ntate wa hao, Nebukadnezare, o ne a ikgohomosa mme Jehova o ile a mo kokobetsa. O tseba se mo etsahaletseng, empa o ntse o sa hlomphe Jehova kaha o nwella veine dijaneng tsa kgauta tse nkilweng ka tempeleng ya Hae. Ka hoo, Modimo o ngotse mantswe ana: Mene, Mene, Tekel le Parsin. Mantswe ana a bolela hore Bamede le Bapersia ba tlo hapa Babilona mme ha o sa tla hlola o ba morena.’

Masole a Morena Saeruse a tshela noka a leba dikeiting tsa Babilona

Ho ne ho sa bonahale eka ho na le motho ya ka hapang Babilona. Motse oo o ne o sireleditswe ka marako a maholo ebile o potapotilwe ke noka e kgolo. Empa hona bosiung boo, Bamede le Bapersia ba o hlasela. Morena Saeruse wa Persia o ile a kgelosa metsi a noka e le hore masole a hae a fihle dikeiting tsa motse. Ha a fihla dikeiting, a fumana di butswe! Ka hoo, masole a kena, yaba a hapa motse mme a bolaya morena. Ka mora moo, Saeruse ya e ba yena ya busang Babilona.

Le pele selemo se fela, Saeruse a re: ‘Jehova o ntaetse hore ke tsosolose tempele ya hae e Jerusalema. Motho le ha e le ofe ya mo rapelang ya batlang ho ya e tsosolosa, a ka tsamaya.’ Ka hoo, feela jwalo ka ha Jehova a ne a tshepisitse, Bajuda ba bangata ba ile ba kgutlela Jerusalema dilemo tse 70 ka mora hore e fediswe. Yaba Saeruse o kgutlisa dijana tsa kgauta le tsa silevera tseo Nebukadnezare a neng a di nkile tempeleng. Na o a bona hore na Jehova o ile a sebedisa Saeruse jwang ho thusa batho ba Hae?

“O wele! O wele Babilona e Moholo! O fetohile sebaka seo bademona ba dulang ho sona.”​—Tshenolo 18:2

Dipotso: Mantswe a neng a ngotswe leboteng a ne a bolelang? Jehova o ile a re Saeruse a etseng?

Esdrase 1:​1-11; Daniele 5:​1-30; Esaia 44:​27–45:2; Jeremia 25:​11, 12

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share